Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 7/8 maq. 10-11
  • Tharollo ea Sebele—Na e ka Fumaneha?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tharollo ea Sebele—Na e ka Fumaneha?
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hlokahala ho Fetola Kelello le Pelo
  • U ka Rua Molemo Hona Joale
  • Lefatše le se Nang Tlōlo ea Molao le Atametse!
    Tsoha!—1998
  • Nako eo ka Eona Ho Neng ho se Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1998
  • ‘Lentsoe la Molimo Lea Phela ’me le Fana ka Matla’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • ‘Lentsoe la Molimo Lea Phela’
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 7/8 maq. 10-11

Tharollo ea Sebele—Na e ka Fumaneha?

HO BONAHALA tlōlo ea molao e le tšobotsi ea kamehla ea batho ba mehleng ena. Ho sa tsotellehe boiteko bo botle ba basebeletsi ba sechaba, mapolesa le litsebi tsa ho busetsa motho hore a boele a amohelehe sechabeng, lefatše le ntse le fetoha sebaka se kotsi haholo. Na ho na le tharollo?

Bibele e bontša hore phetoho e khōlō ea tla. E ke ke ea tlisoa ke boiteko ba mebuso ea batho. Babusi bohle ba batho baa haelloa, ho sa tsotellehe hore na lipakane tsa bona li ntle hakae. Ha ba na matla le mokhoa oa ho qotsula sesosa sa tlōlo ea molao ka metso kapa ho theha tsamaiso e sireletsehileng e sa feleng.

Phetoho eo Bibele e buang ka eona e tla phethahatsoa ke ’Mōpi oa rōna. Joaloka Moetsi oa bokahohleng, o na le matla le tokelo ea ho etsa seo batho ba ke keng ba se etsa. Bibele e mo hlalosa e le “Ea etsang hore balaoli ba phahameng e se ke ea e-ba letho, ea entseng hore baahloli ba lefatše e be ntho eo e seng ea sebele . . . , kaha o boetse o na le matla a maholo.” (Esaia 40:23-26) Molimo o tšepisa liphetoho life, hona li re fa tšepo ea sebele ea lefatše le molemonyana joang?

Pesaleme ea 37:10 e re tsebisa tšepiso ea Molimo: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng; ka sebele u tla lebisa tlhokomelo sebakeng sa hae, ’me [ea khopo] o tla be a le sieo.” Molimo o rerile ho felisa ba khopo hoo ba ke keng ba lokisoa ’me ba sa ikemisetsa ho fetoha. Leha ho le joalo, a ke ke a timetsa batho bohle. Ho ba ikemiselitseng ho ba bonolo, ho ikokobetsa le ho ba le khotso, mopesaleme oa tšepisa: “Tšepa Jehova ’me u boloke tsela ea hae, o tla u phahamisa hore u rue lefatše. Ha ba khopo ba felisoa, u tla ho bona.” Ka mor’a hore ba khopo ba felisoe, ba setseng ba tla thabela ‘khotso e ngata’—lefatše le se nang tlōlo ea molao ea mofuta ofe kapa ofe.—Pesaleme ea 37:11, 34.

Ho Hlokahala ho Fetola Kelello le Pelo

E le ho rarollela tlōlo ea molao ruri, ho felisa batho ba khopo le ho pholosa ba lokileng feela ha hoa lekana. Hangata tlōlo ea molao ke phello ea hore batho ha baa koetlisoa hantle lipelong le likelellong. Leha ho le joalo, ke hona moo puso ea Molimo e tla ipabola teng. Ho tla fanoa ka taeo e sebetsang le thuto e le hore batho ba ka koetlisoa hore ba rate ho loka. Esaia 54:13 e re: “Bara bohle ba hao e tla ba batho ba rutoang ke Jehova, ’me khotso ea bara ba hao e tla ba ngata.”

Liphello e tla ba tse khotsofatsang e le kannete! Bibele e bua ka tšoantšetso ha e re batho ba neng ba e-na le litšobotsi tse kang tsa liphoofolo ba tla fetoha. E re: “Phiri e tla lula ka nakoana le konyana e tona, lengau le bothe le potsanyane, ’me namane le taoana e moetse le phoofolo e fepehileng hantle li be hammoho.” Hobane’ng? “Hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:6, 9) Leha ho le joalo, uena le lelapa la hao ha ho hlokahale hore le emele nako e tlang bakeng sa liphetoho tse joalo. Hobane’ng?

U ka Rua Molemo Hona Joale

Ho na le batho ba etsang liphetoho tse hlokahalang hona joale ho lokisetsa lefatše leo le se nang tlōlo ea molao. Ba se ba ntse ba apara botho bo bocha, mofuta oa botho boo Molimo a bo batlang bathong ba tlang ho phela lefatšeng la hae le lecha. (2 Petrose 3:13) Ba etsa sena ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona. Hlokomela tlhaloso e thahasellisang eo Bibele e fanang ka eona: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna, . . . le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”—Baefese 4:23, 24.

Bakolose 3:12-14 e tsoela pele ho hlalosa litšoaneleho tse ntle tseo batho ba bangata ba tšepahalang ba li hlaolelang hona joale. E re: “Joaloka bakhethoa ba Molimo, ba halalelang le ba ratoang, le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso. Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna. Empa, ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”

Na u ka rata ho thusoa hore u apare botho bo bocha ba Bokreste? Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba se ba ntse ba etsa joalo ka thuso ea Lipaki Tsa Jehova. Libokeng tse tšoareloang Liholong Tsa ’Muso kamehla, le likopanong tse khōlō, esita le batho bao e neng e le linokoane tse mabifi ba ithutile ho apara botho ba khotso.a Haeba u rata ho rua molemo lenaneong le joalo la thuto ea Bibele, u se ke ua qeaqea ho iteanya le bahatisi ba makasine ena. Ba tla thabela ho u thusa hore u be har’a batho ba lokisetsang hona joale ho phela lefatšeng le lecha la Molimo le se nang tlōlo ea molao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka mohlala, bona tokollo ea Tsoha! ea May 8, 2001, leqepheng la 8-10.

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ba limilione ba amohela thuto bakeng sa bophelo lefatšeng le se nang tlōlo ea molao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela