Tlaleho ea Hae e Bile e Hlollang
Ha Ginny, eo e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova United States, a le selemong sa hae sa ho qetela sekolong, o ile a ba le monyetla o motle oa ho bua ka bolumeli ba hae. O re: “Tichere ea ka e ile ea re bolella ka tlelaseng hore re tlameha ho ngola tlhahlobo hore re pase. Ke ile ka mo bolella hore ke batla ho ngola ka Lipaki Tsa Jehova ha li ne li le likampong tsa mahloriso tsa Manazi.”
Tichere e ile ea lumella Ginny hore a tsoele pele ho ngola ka taba eo. Ginny oa lumela: “Ha nako ea hore ke fane ka seo ke se ngotseng le ho se hlalosa ka mantsoe tlelaseng e fihla, ke ne ke tšohile. Ke ne ke sa tsebe hore na liithuti-’moho le ’na li tla re’ng kapa hore na li ne li tla ntja litšeho na.”
Ginny o ile a qala taba ea hae ka ho botsa potso ena: “Na ho na le ea tsebang hore na ke bo-mang ba neng ba e-na le letšoao la Naleli ea David likampong tsa mahloriso tsa Manazi?” Bohle ba ile ba re, “Ke Bajuda.” Joale o ile a botsa hore na ho ne ho e-na le ea tsebang hore na ke bo-mang ba neng ba e-na le letšoao le pherese le khutlo li tharo. Ha ho ea ileng a araba. Ginny o re: “Ke ile ka ba bolella hore e ne e le Lipaki Tsa Jehova.”
Tichere le liithuti-’moho le Ginny ba ne ba hloletsoe ke boitsebiso boo ba hae. Ginny o re: “Ba ne ba hloletsoe ke taba ea hore Lipaki Tsa Jehova li ka be li ile tsa lokoloha hoja feela tsa latola tumelo ea tsona ka ho tekena feela sekhechana sa pampiri. Hamorao tse ling tsa liithuti-’moho le ’na li ile tsa mpolella hore nakong e fetileng li ne li ile tsa bapala ka Lipaki Tsa Jehova, empa nakong e tlang li ne li tla mamela ha li etile.”
Ginny o ile a fumana li-A tse ’ne ka tlaleho eo ea hae le ka tsela eo a nehelaneng ka eona. O re: “Hase feela hore ke fumane limaraka tse holimo, empa ke boetse ke bile le monyetla o moholo oa ho bua ka tumelo ea ka!”
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Lipaki Tsa Jehova tse ngata li ile tsa bolelloa hore li ne li ka lokoloha haeba li tekena tokomane ena e latolang tumelo ea tsona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of United States Holocaust Memorial Museum