Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 10/8 leq. 28
  • Vitiligo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Vitiligo ke Eng?
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sireletsa Letlalo la Hao!
    Tsoha!—2005
  • Thabela Lebala la Hao la Letlalo
    Tsoha!—2010
  • Morati oa Letsatsi—Sireletsa Letlalo la Hao!
    Tsoha!—1999
  • Na U Lokela ho Tšoenyeha ka ho Qeta Nako e Ngata U le Letsatsing?
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 10/8 leq. 28

Vitiligo ke Eng?

Ka mongoli oa Tsoha! Afrika Boroa

◼ Ka linako tse ling Sibongile o soasoa ka boemo ba letlalo la hae. A bososela, o re, “Ke hlahile ke le motšo, ka ’na ka ba mosoeu, empa hona joale ha ke sa tseba hore na hantle-ntle lebala la ka ke lefe.” O na le lefu la vitiligo.

Lefu la vitiligo, leo hape le bitsoang leukoderma, le bakoa ke ho fela ha lisele tse etsang hore letlalo le be le ’mala. Sena se etsa hore letlalo le be le matheba le libato tse tšoeu. Bakuli ba bang ba ba feela le sebato se le seng ebe ke phetho. Leha ho le joalo, ba bang bona ka potlako ’mele oa bona o tlala ka libato tseo. Ho na le ba bang bao bona lefu lena le namang butle ka lilemo tse ngata. Lefu lena la libato tse tšoeu ha le ope kapa hona ho tšoaetsanoa.

Hase maemong ’ohle moo lefu lena le bonahalang joaloka ho Sibongile hobane le bonahala haholo bathong ba letlalo le lefifi. Empa ho na le batho ba bangata ba nang le lefu lena ka tekanyo ena kapa eane. Lipalo-palo li bontša hore karolo ea 1 ho ea ho ea 2 lekholong ea baahi e na le lefu lena. Lefu lena la libato tse tšoeu ha le khethe morabe ’me le tšoara banna le basali ka ho lekana. Ha ho e-s’o ka ho tsejoa sesosa sa lona.

Le hoja ho se na pheko e tobileng ea lefu lena, ho na le litsela tse ngata tseo ho ka sebetsanoang le lona ka tsona. Ka mohlala, bathong ba lebala le khanyang, boemo bona bo bonahala haholo ha letlalo le sa amehang le chesoa ke letsatsi. Ka hona, ho qoba ho ba letsatsing ho ka etsa hore boemo bona bo se ke ba bonahala haholo. Bathong ba lebala le lefifi, litlolo tse khethehileng li ka thusa ho pata phapang e teng letlalong. Bakuli ba bang ba thusitsoe ke phekolo e tsejoang e le ho tsosolosa ’mala oa letlalo. Phekolo ena e akarelletsa likhoeli tse ngata mokuli a noa meriana le ho sebelisa thepa e khethehileng e sebetsang ka mahlaseli. Maemong a mang phekolo ena e ’nile ea etsa hore letlalo le neng le se le amehile le khutlele ’maleng o tloaelehileng oa letlalo. Bakuli ba bang ba khetha ho bolaea letlalo le sa amehang kaofela. Sepheo sa phekolo ena ke hore letlalo le tšoane kaofela ka ho sebelisa meriana ho felisa lisele tse setseng tse etsang hore letlalo le be le ’mala.

Lefu la libato tse tšoeu le ka bakela ba nang le lona mesarelo, haholo-holo ha le namela sefahlehong. Sibongile oa hlalosa, “Haufinyane tjena bana ba babeli ba ile ba ncheba eaba baa baleha ba lla. Ba bang ba leqe ho bua le ’na, ba nahana hore ke tšoeroe ke lefu le tšoaetsanoang kapa ke kotlo. Haeba monyetla o ne o ka hlaha oa ho thusa batho, ke ne ke tla o sebelisa ho ba bolella hore ba se ke ba tšaba batho ba boemo bona. Ba ke ke ba tšoaroa ke lefu lena ka ho ba tšoara kapa ba le fumana moeeng.”

Sibongile ha a lumelle boemo ba hae hore bo mo thibele ho etsa mosebetsi oa ho ruta ka Bibele, mosebetsi oo a o ratang haholo joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Sena se akarelletsa ho etela batho mahaeng a bona le ho bua le bona ka ho toba. O re: “Ke amohetse chebahalo ea ka. Ha ke sa na bothata ka tsela eo ke shebahalang ka eona ’me ke lebeletse pele nakong eo lebala la ka la tlhaho le tla khutla ka ho feletseng Paradeiseng ea lefatše eo Jehova Molimo a e tšepisitseng.”—Tšenolo 21:3-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ka 1967, pele a tšoaroa ke lefu lena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela