Bongaka bo na le Bokamoso Bofe?
HO BOTSA ka bokamoso ba lingaka hangata ho etsa hore batho ba nahane ka tsoelo-pele e entsoeng theknolojing le taba ea hore na ebe sena se tla lokolla lingaka mesebetsing eo li e tloaetseng e le hore li ka qeta nako e eketsehileng le bakuli ba tsona ka bomong kapa che. Ke ’nete hore bokamoso ba lingaka bo amana haufi-ufi le taba e pharaletseng ea bokamoso ba moloko oa batho. Libuka tse peli tsa Bibele tse fanang ka leseli ka bokamoso boo li pheta histori ea Jesu le ea baapostola ba hae. Ka bobeli li ngotsoe ke ngaka.
Ke hobane’ng ha e le ntho e thahasellisang ka ho khetheha ho utloa maikutlo a ngaka ka histori eo? E amana kae le bokamoso ba lingaka le bakuli? Ke hobane’ng ha lingaka tse ling li letetse nako eo mosebetsi oa tsona o tla beng o sa hlokahale?
Lingaka tse ngata li hlokolosi haholo. Luka, ea bitsoang ka hore ke “ngaka e ratoang,” ke eena ea ngotseng libuka tseo tse peli tsa Bibele ’me a fana ka tlhaloso e batsi ka batho ba bang ba neng ba kula bao Jesu le baapostola ba ileng ba ba phekola. (Bakolose 4:14) Kahoo Luka o re thusa ho nahana ka lipotso tsena: Na lintho tsee li hlile tsa etsahala? ’Me haeba ho joalo, see se bolela eng ho lingaka le ho bakuli kajeno?
Bopaki ba Bongaka bo Hlahlobiloe
Luka o bile le monyetla oa ho netefatsa hore na liphekolo tseo e ne e le tsa mohlolo ka ho buisana le lipaki tse boneng ka mahlo. Ho phaella moo, o ile a tsamaea haholo le moapostola Pauluse. Ho bonahala Luka a ne a le teng ha Pauluse a ne a phekola batho ka bongata. Ha re hlahloba litlaleho tsa ngaka tsa liphekolo tse joalo tse peli, hlokomela hore na ke makolopetso a makae ao a ileng a a kopanyelletsa.
Nahana ka mohlala o latelang. Luka o fana ka nako, letsatsi le sebaka sa ketsahalo e latelang: E ne e le har’a mp’a bosiu letsatsing la pele la beke, ’me sehlopha sa Bakreste se ne se le kamoreng e mokatong oa boraro Troase seterekeng sa Roma sa Asia. (Liketso 20:4-8) Re bala makolopetso a latelang: “Mohlankana ea itseng ea bitsoang Eutikase a tšoaroa ke boroko bo tebileng ha Pauluse a ntse a bua, ’me, ha a hlōloa ke boroko, a oa mokatong oa boraro ’me a nkoa a se a shoele.” Joale, ka matla a Molimo, Pauluse o ile a phekola maqeba a mohlankana eo ’me a mo tsosetsa bophelong. Ka mor’a lijo, “ba nka moshanyana eo a phela ’me ba tšeliseha ho feta tekanyo.”—Liketso 20:9-12.
Luka o tlaleha hore o ne a boetse a e-na le Pauluse Malta. Ba ne ba amohetsoe ka mofuthu ke Pabliase, “monna ea ka sehloohong” oa sehlekehleke seo, ha Pauluse a etsa mohlolo o mong hape. Ho ne ho ameha motho eo boemo ba hae, mehleng eo ea pele ho mehla ea kajeno ea lithibela-mafu, e ka ’nang eaba bophelo ba hae bo ne bo le kotsing. Luka o oa pheta: “Ntate oa Pabliase o ne a robetse a tšoeroe ke feberu le letšollo, eaba Pauluse oa kena o ea ho eena ’me oa rapela, o beha matsoho holim’a hae ’me oa mo folisa. Ka mor’a hore sena se etsahale, batho ba bang kaofela ba sehlekehlekeng seo ba neng ba e-na le maloetse le bona ba qala ho tla ho eena le ho phekoloa.”—Liketso 28:7-9.
Ke Eng se Ileng sa Kholisa Ngaka?
Luka o ngotse litlaleho tseo bukeng ea Liketso ha babali ba hae ba ne ba ntse ba ka netefatsa litaba tseo ka ho bua le ba amehang. Mabapi le seo a se tlalehileng bukeng ea Bibele e rehelletsoeng ka eena, Luka o ngotse: “Ke setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala . . . e le hore u ka tseba ka botlalo bonnete ba lintho tseo.” (Luka 1:3, 4) Seo ngaka ena e ileng ea se bona le ho se batlisisa se ile sa mo kholisa hore lithuto tsa Jesu e ne e le ’nete. Ho phekola ka mohlolo e ne e le karolo ea lithuto tseo, ho fana ka motheo oa ho lumela boprofeta ba Bibele ba hore boloetse bo tla qetella bo felisitsoe ke Molimo. (Esaia 35:5, 6) Joaloka ngaka e tloaetseng ho sebetsana le batho ba utloang bohloko, e tlameha ebe Luka o ile a fumana e le ntho e khathollang ka ho khetheha ho nahana ka nako ea ha mosebetsi oa hae o ne o ke ke oa hlola o hlokahala. Na u fumana tebello e joalo e ipiletsa?
Ho thahasellisang ke hore sena ke sona seo bokamoso bo se tšoaretseng ba ratang Molimo, ho sa tsotellehe hore na ba phela hokae lefatšeng. Bibele e tšepisa hore tlas’a ’Muso oa Molimo, “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Lingaka tse ngata tsa kajeno li fihletse qeto ea hore ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela litšepiso tsa Bibele.
‘E ne e Ipiletsa Haholo ho ’Na’
Dr. Jon Schiller, ngaka e ’ngoe Amerika Leboea, o re: “Joaloka batho ba bangata, ke ile ka ithutela bongaka hore ke thuse batho ba kulang. Tšepo ea hore ho tla ba le lefatše le se nang boloetse e ne e ipiletsa haholo ho ’na. Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova ka mor’a hore ke qete thupelo ea koleche e buang ka histori ea tsoelo-pele ea Bophirimela. Thupelo eo e ile ea bontša hore malumeli ke sesosa sa mathata a mangata ’me ho ’na ho ne ho boetse ho bonahala a sebelisa Bibele ka boikaketsi. Kahoo ke ile ka ipotsa, ‘Hantle-ntle Bibele e re’ng?’
“Holong ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova, ka lekhetlo la pele ke ile ka khahloa ke batho ba nang le botsoalle, ba neng ba fapane ka tsela e thabisang le ba bangata ba metsoalle ea ka. Paki e ’ngoe e ile ea nkatamela ’me ea kōpa ho nketela ho ea buisana ka Bibele. Se ileng sa nkhahla ke hore ho sa tsotellehe hore na ke botsa eng, e ne e mpontša karabo ka Bibeleng.
“Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka ananela haholoanyane hore ebe ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ha u qala u sa le ngaka e ncha, u na le tšepo ea ho finyella ho hong ho molemo. Empa hangata ke bona batho ba hlokang tšepo ba nang le maikutlo a hore ho hang ha baa finyella letho bophelong. Ke nahana hore ntho ea bohlokoahali ea ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ke hore re na le tšepo ka bokamoso hape re na le morero bophelong. Ebang re lingaka, bo-mak’henike, kapa re batho ba hloekisang, rea tseba hore seo re se etsang tšebeletsong ea rōna ho Molimo ke ntho ea bohlokoa; re etsetsa Jehova ho hong. ’Me ke sona se re khotsofatsang.”
“Ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele ho Ntlafalitse Lelapa la Rōna”
Dr. Krister Renvall ke ngaka Finland, ’me kamehla o thabela ho bua le bana. O re: “Ka letsatsi le leng ke ile ka bua le ngoanana e mong ea lilemo li 12 ea nang le kankere, ’me a kulela lefu. O ile a mpha buka e reng Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—Li Tsoa Mohloling Ofe?a Lipolelo tsa hae tsa tumelo nakong eo a ntseng a kulela lefu li ile tsa nkhahla, empa ha kea ka ka fumana nako ea ho bala buka eo. Ha e le hantle, ka nako eo ke ne ke tšoarehile haholo tleliniking ea Helsinki hoo lelapa la ka le neng le ameha hampe.
“Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo, mosali oa ka o ile a nka buka eo shelefong ’me a qala ho e bala. Kapele-pele o ne a kholisehile hore seo a se balang e ne e le ’nete. E mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a mo etela ’me a qala ho ithuta Bibele le eena. Qalong mosali oa ka o ne a batla a tšaba ho mpolella. Empa ha a mpolella, ke ile ka re, ‘Ntho leha e le efe e ka thusang lelapa la rōna e molemo.’ Ke ile ka qala ho kopanela thutong. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ile ha ntlafatsa lelapa la rōna ’me ha re fa pono e ncha ka bophelo. Ke ile ka thabela ho ithuta ka tšepo ea lefatše le se nang boloetse; ho ne ho bonahala e le ntho ea tlhaho hore Molimo o ne a ka ba le morero o joalo ka moloko oa batho. Kapele ’na le mosali oa ka, ’me qetellong le lelapa lohle, re ile ra kolobetsoa. Ngoananyana eloa ea ileng a bua le ’na qalong o ile a shoa, empa ha e le hantle, tumelo ea hae e ntse e phela.”
Bophelo bo ntse bo e-ba boima ho lingaka lefatšeng la rōna le fetohang ka potlako, e leng ho etsang hore ho itela ha tsona ho thuseng ba kulang e be ntho e tsotoang e le kannete. Empa liphetoho tse khōlō tseo ho seng mohla li kileng tsa ama moloko oa batho li atamela ka potlako. Lingaka tse ngata kajeno li lebeletse bokamoso boo Lentsoe la Molimo le bo tšepisang—lefatše le se nang boloetse! (Tšenolo 21:1-4) Ena ke taba eo motho a ka lokelang ho e batlisisa ka boeena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
“KE ILE KA HLOKOMELA HORE BOPHELO BO NA LE MORERO”
“Ha ke ntse ke sebetsana le bana ba sekolo sa likooa, ke ile ka hlokomela kamoo batsoali bao e neng e le Lipaki Tsa Jehova ba neng ba ikhetha kateng. Ho ne ho bonahala ba sebetsana ka katleho le ho ba le bana ba likooa ho feta batsoali ba bang ba boemong bo tšoanang. Hape ke ile ka hlokomela hore ba ne ba batla ba rutehile ho feta kamoo motho a neng a ka lebella ka lebaka la mosebetsi oa bona. Ke ile ka khahloa ke tumelo ea bona. Tumelo ea ka e ne e batlile e senngoa ke ba rutang khopolo ea ho iphetola ha lintho. Leha ho le joalo, lithuto tsa ka tsa bongaka li ne li ntšiile ke hloletsoe ke limakatso tsa bophelo.
“Ka eona nako eo, ke ile ka qala ho hlokomela hore ke ne ke sa tsebe mokhoa oa ho hōlisa bana ba ka. Ke lokela ho thibela eng? Ke lokela ho khothalletsa eng? Nka ba fa eng e le morero bophelong? Bophelo ba ka bo ne bo fetohile bo se nang moelelo. Ke bile ka rapella thuso.
“Ke ha Lipaki Tsa Jehova li ntlisetsa makasine e buang ka ho khalemela le ho laea bana ka lerato. Ke ile ka fumana melao-motheo ea Bibele e e hlalosang e hlile e le molemo, kahoo ke ile ka amohela kōpo ea bona ea hore na ba ka ithuta Bibele le ’na. Ha ke ntse ke ithuta hore na ke hobane’ng ha Jehova a entse bophelo le hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a shoa, ke ile ka hlokomela hore bophelo bo na le morero. (Johanne 3:16; Baroma 5:12, 18, 19) Khopolo ea ho iphetola ha lintho e ne e sothile kelello ea ka. Ke ile ka imoloha hakaakang ha ke ithuta hore boloetse le lefu e ne e se karolo ea morero oa Molimo oa qalong! Kajeno ke tsoela pele ho fumana khotsofalo ea sebele ha ke ntse ke ruta batho ba tšepahalang kamoo Molimo a tlang ho phekola mafu ’ohle haufinyane.”
[Litšoantšo]
Helena Bouwhuis ke ngaka ea bana ba sekolo Netherlands
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ngaka le mongoli oa Bibele Luka e ne e le motsoalle oa Pauluse eo a neng a tsamaile le eena ha moapostola a phekola ntate oa Pabliase hape a tsosa Eutikase
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Dr. Jon Schiller, United States
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Dr. Krister Renvall, Finland