Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 5/8 maq. 4-7
  • Ho Etsa Filimi ka se Ngotsoeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsa Filimi ka se Ngotsoeng
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsa Moralo Bakeng sa Tlhahiso
  • Tlhahiso—ha filimi e etsoa
  • Ka Mor’a Tlhahiso—Filimi e ea Kopanngoa
  • Nka Khetha Baesekopo e Loketseng Joang?
    Tsoha!—1990
  • U Tla Shebella Lifilimi Life?
    Tsoha!—2005
  • “Ho Tšepahala Har’a Liteko”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Moea o Halalelang o re Thusa ho Etsa Mosebetsi o Boima
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 5/8 maq. 4-7

Ho Etsa Filimi ka se Ngotsoeng

LILEMONG tse mashome a seng makae tse fetileng, Hollywood e ’nile ea e-ba mohloli o ka sehloohong ho hlahiseng lifilimi tse ratoang haholo. Sena se amme lefatše kaofela kaha lifilimi tse ngata tsa Amerika li lokolloa le linaheng tse ling tse hōle nakong ea libeke feela—kapa ka linako tse ling matsatsi feela ka mor’a hore e lokolloe United States. Lifilimi tse ling li ’nile tsa lokolleloa hong lefatšeng ka bophara. Dan Fellman, mopresidente oa Warner Brothers Pictures e bapalang lifilimi ka har’a naha, o itse: “’Maraka o rekisetsang linaha tse ling lifilimi oa hōla ’me o thahasellisa haholo, kahoo, ha re etsa lifilimi, re li etsetsa lefatše kaofela.” Hona joale ho feta leha e le neng pele, se etsahalang Hollywood se ama indasteri ea boithabiso lefatšeng ka bophara.a

Empa ho etsa phaello ka filimi ha ho bonolo joalokaha ho bonahala eka ho joalo. Lifilimi tse ngata li hloka liranta tse fetang limilione tse 600 hore feela li koahele litšenyehelo tsa tlhahiso ea lifilimi le ho li bapatsa. ’Me taba ea hore na li tla rekoa haholo e itšetlehile ka ho feletseng sechabeng seo ho ke keng ha tsejoa e sa le pele hore na se tla e thabela kapa che. David Cook, moprofesa oa lithuto tsa lifilimi Univesithing ea Emory, o re: “Le ka mohla u ke ke ua tseba hore na ke neng batho ba tlang ho fumana filimi e thahasellisa kapa e ipiletsa ka tsela e ikhethang ho bona.” Joale baetsi ba lifilimi ba etsa joang ho eketsa menyetla ea hore lifilimi tsa bona li rekoe haholo? Ho araba potso ena, pele re tlameha ho utloisisa lintho tse ’maloa tsa motheo tsa hore na filimi e etsoa joang.b

Ho Etsa Moralo Bakeng sa Tlhahiso

Ho etsa moralo ke oona mohato o nkang nako e telele ka ho fetisisa ’me ke oa bohlokoahali ha ho etsoa lifilimi. Joaloka mererong e meng e meholo, ho lokisetsa hantle ke senotlolo sa katleho. Tšepo e ba hore chelete eohle e sebelisoang mothating ona oa motheo e tla fokotseha ka makhetlo a mangata ha ho se ho nkoa filimi ea sebele.

Ho etsa filimi ho qala ka pale eo e ka ’nang eaba e iqapetsoe kapa ke ea sebele e etsahetseng bophelong. Mongoli o ngola pale ena fatše. Pale e ngotsoeng e ka ntlafatsoa ka makhetlo-khetlo pele ho qetella ho tsoile eo e leng eona e tla sebelisoa ha ho se ho etsoa filimi. Pale e tla sebelisoa ha ho etsoa filimi e na le puisano hammoho le litlhaloso tse khutšoanyane tsa hore na mehato e lateloe joang. E boetse e fana ka tataiso ea ha ho se ho nkoa filimi, joaloka hore na k’hamera e nke joang le hore na ho etsoe joang ha ho feteloa ponong e latelang.

Leha ho le joalo, pale e sebelisoang e rekisetsoa mohlahisi le pele e ka ntlafatsoa ka makhetlo-khetlo.c Ke pale ea mofuta ofe eo mohlahisi a ka e thahasellang? Ka tloaelo lifilimi tsa lehlabula li etsetsoa haholo bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le ba sa tsoa kena lilemong tsa ho ba batho ba baholo—“barati ba liqhoome” ho ea kamoo mohlahlobi e mong oa lifilimi a ba bitsang kateng. Ka hona, mohlahisi a ka ’na a khahloa ke pale e tla ipiletsa ho bacha.

Pale e ratoang le ho feta ke e ipiletsang ho batho ba lilemo tsohle. Ka mohlala, ho hlakile hore filimi e thehiloeng bukeng ea lipopae ea mohale oa bahale e ka hapa bana ba tloaelaneng le ho bala ka eona. Empa ho hlakile hore batsoali ba tla ea le bona ho ea shebella filimi eo. Empa baetsi ba lifilimi ba hohela bacha le ba sa tsoa kena lilemong tsa batho ba baholo joang? Ho The Washington Post Magazine, Liza Mundy o ngola hore lekunutu la ho ba hohela ke hore ho be le likarolo tse itseng “tse tsosang tabatabelo ea ho batla ho tseba qetello ea taba.” Ho kenyelletsa mahlapa, liketso tse mabifi le liketsahalo tse ngata tsa ho kopanela liphate filiming ke tsela ea ho “hohela batho ba lilemo tsohle e le hore filimi e ka kenya phaello e ngata.”

Haeba mohlahisi a nka hore pale e ka ’na ea atleha, a ka ’na a e reka ’me a saena konteraka le motsamaisi ea nang le botumo bo botle hammoho le batšoantšisi ba tummeng. Ho ba le motsamaisi ea tummeng le khalala e tsebahalang haholo ho tla etsa hore filimi e ipiletse ho batho ba bangata haholo ha e lokolloa. Hape hona mothating ona oa pele, ho sebelisa batho ba tummeng ho ka hohela bo-ramatsete ba hlokahalang bakeng sa ho tšehetsa filimi ena ka lichelete.

Karolo e ’ngoe ea ho rala motheo ke ho toroea litšoantšo. Litšoantšo tse torouoang li bontša liketsahalo tse fapaneng kamoo li tla latellana kateng filiming, haholo-holo tseo ho nang le liketso tse itseng ho tsona. E le polane e tla sebelisoa ke ea ikarabellang litabeng tsa k’hamera le ho nkoa ha filimi ka ho feletseng, litšoantšo tseo li etsa hore ho se ke ha senngoa nako e ngata ha ho se ho nkuoa filimi. Joalokaha Frank Darabont, motsamaisi le mongoli oa lifilimi a bolela, “ha ho ntho e tenang joaloka ho senya letsatsi lohle moo ho nkeloang lifilimi teng u ntse u leka ho bona hore na u ka beha k’hamera hokae.”

Ho na le lintho tse ling tse ngata tse lokelang ho lokisoa nakong ea ha ho raloa motheo. Ka mohlala, filimi e tla nkeloa libakeng life? Na ho tla hlokahala hore ho nkoe maeto? Ponahalo ea ka har’a mehaho e lokela ho ba joang? Na ho tla hlokahala liaparo tse khethehileng? Ke mang ea tla hlokomela mabone, ea tla tlotsa batšoantšisi ka litlolo le ea tla ba lokisa moriri? Ho thoe’ng ka molumo le litšoantšo tse hlophisitsoeng hantle, hammoho le motho ea tla bapala likarolo tse kotsi bo fehisang matšoafo? Ena ke mehlala feela e ’maloa ea lintho tse ngata tse lokelang ho nahanoa le pele filimi e qala ho nkoa. Shebisisa lethathamo la mabitso a hlahang qetellong ea filimi ’me u tla bona hore ho amehile batho ba makholo ho etseng filimi, le hoja ba bang ba sa hlahella ho eona! Theknishiene e ’ngoe e ’nileng ea sebetsa le lihlopha tse ’maloa tse nkang filimi e re: “Ho hlokahala batho ba bangata haholo ho etsa filimi e telele.”

Tlhahiso—ha filimi e etsoa

Ho nka filimi e ka ba mosebetsi o jang nako e ngata haholo, o khathatsang le o jang chelete e ngata. Ka sebele, motsotso o le mong o senngoang o ka ja liranta tse likete. Ka linako tse ling, batšoantšisi, basebetsi le thepa ba tlameha ho isoa libakeng tse hōle haholo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na filimi e nkeloa hokae, letsatsi le leng le le leng leo ho nkoang filimi ka lona le habola chelete e ngata.

Sehlopha sa ba bonesang, ba lokisang moriri le litsebi tsa litlolo ba har’a ba pele ba fihlang moo ho nkeloang filimi teng. Letsatsi le leng le le leng, likhalala li ka qeta lihora tse ’maloa li lokisoa pele li hlaha k’hamereng. Joale ho qala letsatsi le lelelele la ho nka filimi.

Motsamaisi o beha karolo e ’ngoe le e ’ngoe e nkoang leihlo. Esita le ketsahalo e bonolo-nolo e ka nka letsatsi lohle e nkuoa. Boholo ba liketsahalo tsa filimi bo nkoa ka k’hamera e le ’ngoe, ka lebaka leo, liketsahalo li tla nkoa hangata-ngata ka mahlakoreng a sa tšoaneng. Ho phaella moo, ketsahalo e le ’ngoe e ka ’na ea hloka ho nkoa hangata-ngata hore ho fumanoe e entsoeng hantle ka ho fetisisa kapa ho lokisa phosonyana e itseng ea thekniki. Boiteko bo bong le bo bong bo etsoang mona e se e le hona ha ho nkoa filimi. Bakeng sa liketsahalo tse khōlō, ho ka ’na ha hlokahala hore ketsahalo eo e nkoe ka makhetlo a 50 kapa ho feta! Hamorao—ka tloaelo qetellong ea letsatsi ka leng la ho nka filimi—motsamaisi o sheba liketsahalo tsohle tse nkiloeng ebe o etsa qeto ea hore na ke life tse tla sebelisoa. Ka kakaretso, filimi eohle e ka nka libeke kapa likhoeli e ntse e nkuoa.

Ka Mor’a Tlhahiso—Filimi e ea Kopanngoa

Ka mor’a tlhahiso, likarolo tsohle tse nkiloeng lia kopanngoa ho etsa filimi. Pele, mantsoe a rekotiloeng a kopanngoa le litšoantšo tse nkiloeng. Joale mohlophisi o kopanya ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho etsa filimi e feletseng, e sa ntseng e hloka ho tla lokisoa.

Molumo le litšoantšo tse hlophisitsoeng hantle li kenngoa mothating ona. Boqhetseke ba ho ntlafatsa filimi ka molumo le litšoantšo—e leng e ’ngoe ea likarolo tse rarahaneng ka ho fetisisa ho nkeng filimi—ka linako tse ling ho phethoa ka thuso ea k’homphieutha. Phello e ka ba e hlollang le e bonahalang eka ke ntho ea sebele.

’Mino o lokiselitsoeng filimi o kenngoa mothating ona oa ka mor’a tlhahiso, ’me lifiliming tsa kajeno ena e se e le ntho ea bohlokoa haholo. Ho Film Score Monthly, Edwin Black oa ngola: “Indasteri ea lifilimi kajeno e batla ho sebelisa ’mino o rekotiloeng ke beng ba ’ona ka ho toba ho feta leha e le neng pele—eseng feela ho o bapala ka metsotso e mashome a mabeli kapa hakhutšoanyane pakeng tsa likarolo tse itseng tse ikhethang tsa filimi, empa hangata o bapaloa ka nako e fetang hora.”

Ka linako tse ling filimi e sa tsoa kopanngoa e bontšoa bashebelli ba itseng ba khethiloeng, mohlomong metsoalle ea motsamaisi kapa basebetsi-’moho le eena ba neng ba le sieo ha ho etsoa filimi ena. A itšetlehile ka maikutlo a bona ka mor’a ho e shebella, motsamaisi a ka ’na a nka likarolo tse ling bocha kapa a li ntša ka ho feletseng. Maemong a mang tsela eo filimi e fellang ka eona e ’nile ea tlameha ho fetoloa hobane e sa thabeloa ke bashebelli bao ba khethiloeng.

Qetellong, filimi e qetiloeng e lokolleloa liholo tsa boithabiso. Ke mothating ona feela moo ho tla hlaka hore na ke filimi e ratoang haholo kapa e hlōlehile—kapa mohlomong e mahareng feela. Empa ho na le ho hong ha bohlokoa ho feta liranta le lisente. Ho hlōleha ka makhetlo ho ka senya menyetla ea motšoantšisi ea ho sebetsa le botumo ba motsamaisi. Motsamaisi John Boorman ha a hopola lilemo tsa hae tsa qalong indastering ea lifilimi, o re: “Ke ’nile ka bona bo-mphato oa ka ba oa putla! ka mor’a ho hlōleha makhetlo a ’maloa. ’Nete e bohloko khoebong ea ho etsa lifilimi ke ea hore ha u sa kenyetse ba u hirileng chelete, u ja mosebetsi.”

’Nete ke hore batho ha ba le menyako ea liholo tsa boithabiso, ka kakaretso ha ba nahane ka litaba tse amanang le ho hiroa ha ba etsang lifilimi. Ho ka etsahala hore bona ba inahanetse feela ka tse latelang: ‘Na ke tla thabela filimi ee? Na chelete eo ke e lefang e ea e tšoanela? Na filimi ee ke tla fumana e nyarosa kapa e khopisa? Na e loketse bana ba ka?’ U ka araba lipotso tseo joang ha u etsa qeto ea hore na u tla shebella lifilimi life?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho latela Anita Elberse, moprofesa Sekolong sa Harvard sa Khoebo, “le hoja hona joale linaha tse ka ntle li kenya chelete e ngata ho feta ka har’a naha, tsela eo filimi e rekoang ka eona United States e ama kamoo e tla rekoa kateng linaheng tse ling.”

b Le hoja mehato e ka fapana ho ea ka lifilimi, se tla hlalosoa mona ke mokhoa o mong o ka lateloang ha ho etsoa filimi.

c Ka linako tse ling mohlahisi o fuoa feela makolopetso a pale ho e-na le ho fuoa pale e seng e ngotsoe fatše. Haeba a a thahasella, a ka reka litokelo tsa pale eo ’me a lokisetsa hore e ngoloe fatše.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Le ka mohla u ke ke ua tseba hore na ke neng batho ba tlang ho fumana filimi e thahasellisa kapa e ipiletsa ka tsela e ikhethang ho bona.”—David Cook, moprofesa oa lithuto tsa ho nka lifilimi

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]

MEKHOA EA HO BAPATSA FILIMI HORE E BE E RATOANG HAHOLO

Filimi e qetiloe. E se e loketse ho bonoa ke ba limilione. Na ebe e tla atleha? Nahana ka litsela tse ’maloa tseo ba etsang lifilimi ba li sebelisang ho leka ho buella filimi ea bona hore e be e ratoang haholo.

◼ HO TSOSA THAHASELLO: E ’ngoe ea litsela tse atlehang ka ho fetisisa ea ho etsa hore batho ba labalabele ho bona filimi ke ka ho bua haholo ka eona—e leng seo indasteri ea lifilimi e reng ke ho tsosa thahasello. Ka linako tse ling ho tsosa thahasello hona ho qala likhoeli pele filimi e ka lokolloa. Mohlomong ho phatlalatsoa hore ho tla ba le filimi e ntšetsang pele e fetileng e ileng ea ratoa haholo. Na ho ntse ho tla sebelisoa likhalala tsa pele? Na e tla ba monate (kapa e tla ba mpe) joaloka ea pele?

Maemong a mang, ho tsosa thahasello hona ho etsoa ka ho bontša ketso e itseng e hlahang filiming e tla tsosa khang—mohlomong ho bontšoe ha ho kopaneloa liphate ka tsela e pepenene ho tlōla bakeng sa filimi e shebelloang ke bohle. Na ketso eo e hlile e mpe hakaalo? Na ebe filimi ee “e se e tlōtse meeli”? Baetsi ba lifilimi ba fumana melemo ka ho bapatsa mahala ebe ho tsoha maikutlo a sa tšoaneng sechabeng. Ka linako tse ling khang e tsohang e etsa hore ha filimi e tsoa, batho ba bangata ba batle ho e shebella hang ha e tsoa.

◼ MECHA EA PHATLALATSO: Mekhoa e tloaelehileng haholoanyane ea ho bapatsa e akarelletsa mamatjana a phatlalatso, likoranta, thelevishene, ho bontša filimi eo e leng hona e tla lokolloa pele ho bapala filimi e lokolotsoeng hammoho le ho buisana le likhalala tse buellang filimi ea tsona ea morao-rao. Hona joale Inthanete e se e le eona e ka sehloohong ho bapatsa lifilimi.

◼ THEKISO: Lintho tse itseng li ka tsosa thahasello ea batho filiming eo e leng hona e tla lokolloa. Ka mohlala, filimi e thehiloeng bukeng e buang ka mohale ea itseng oa lipopae e ka tsamaisoa le lik’hafothini, mabekere, mabenyane, liaparo, liketane tsa linotlolo, lioache, mabone hammoho le merabaraba le tse ling. Joe Sisto o ngola tjena koranteng ea boithabiso ea American Bar Association: “Ka tloaelo, liphesente tse 40 tsa lintho tse buellang filimi li rekisoa le pele filimi e lokolloa.”

◼ LIVIDEO TSE SHEBELLOANG HAE: Filimi e sa kenyeng chelete e ngata liholong tsa boithabiso e ka fumana chelete ka ho rekisoa livideong tse ka shebelloang hae. Bruce Nash ea hlahlobang hore na ho kena chelete e kae bakeng sa filimi ka ’ngoe, o re “livideo tse shebelloang hae li kenya chelete e ka etsang liphesente tse 40 ho ea ho tse 50.”

◼ LITLHALOSO: Ba etsang lifilimi ba ithutile ho sebelisa litlhaloso tsa hore na filimi ke ea mofuta ofe molemong oa bona. Ka mohlala, ho ka ’na ha kenyelletsoa liketsahalo tse itseng ka boomo e le hore filimi e tle e hlalosoe ka tsela e itseng, e etse hore filimi eke ke ea batho ba baholo. Ka lehlakoreng le leng, ho ka ’na ha ntšoa liketsahalo tse itseng feela filiming e le hore e tle e se ke ea hlalosoa e le ea batho ba baholo, bacha le bona ba tle ba e shebelle ka bongata. Liza Mundy ha a ngola ho The Washington Post Magazine, o hlalosa hore filimi e loketseng bacha “e kene ho tsa papatso: Litsi tsa lifilimi li sebelisa tlhaloso eo ho romela melaetsa ho bacha—le bana ba banyenyane ba tatetseng ho ba bacha—ho ba bolella hore filimi e tla ba e monate haholo.” Mundy o re mokhoa ona oa ho hlalosa mofuta oa filimi o baka “khohlano pakeng tsa batsoali le bana, o lemosa batsoali ha ka nako e tšoanang o khelosa bana.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela