Ntšetsang Mosi o Bolaeang ka Ntle
LIPALO-PALO ke tse tšosang: Letsatsi le leng le le leng ka motsotso ho shoa batho ba bararo ba shoela malapeng a bona. Sesosa—mosi oa libeso.
Libeso ke eng? E ka ’na ea e-ba likhapane, patsi, lithupa, joang, kapa masalla a litlhaka a ka khokolotsoang. Karolo ea boraro ea baahi ba lefatše, batho ba fetang limilione tse likete tse peli, ba sebelisa libeso ho pheha ka tsona, ba futhumatsa matlo ka tsona, kamoo The Kathmandu Post ea Nepal e tlalehang kateng. Hangata ke tsona feela libeso tse sebelisoang ke batho ba futsanehileng haholo.
Ka bomalimabe, libeso li ntša likhase tse bolaeang. Joale ho ka etsoa’ng? Intermediate Technology Development Group (ITDG) e leng mokhatlo o thusang batho linaheng tse ngata hore ba ntlafatse bophelo ba bona, e re: “Tharollo tšilafalong ea moea ka tlung e batla e le bonolo: ekaba ho thibela hore mosi o se ke oa kena ka tlung kapa ho o ntšetsa ka ntle.”
Tlhahiso ea pele ke ho phehela ka ntle. Joale ho thoe’ng haeba ho se bonolo ho etsa see kapa motho a sa ho rate? ITDG e etsa tlhahiso ea hore ho ntlafatsoe tsela eo moea o potolohang ka eona ka tlung. Ho na le litsela tse peli tsa ho etsa sena—e leng ho bula masoba a kenyang moea leboteng haufi le marulelo (sefe e tla thibela liphoofotsoana ho kena) le ka ho kenya lifensetere (mamatjana a mapolanka a tla etsa hore motho a se be pooaneng). Tsena li thusa hore moea o potolohe ’me o ntšetse mosi ka ntle. Leha ho le joalo, masoba a maboteng ha a sebetse hantle ha libeso tsena e le bakeng sa ho futhumatsa, kahoo ho ka sebelisoa mokhoa o mong o bonolo.
ITDG e re lichomela ke o mong oa mekhoa e amohelehang haholo le e sebetsang oa ho ntšetsa mosi ka ntle. Lichomela li ka etsoa ka theko e tlaase ka masenke kapa esita le ka litene le seretse. Lichomela tsena li behoa holim’a mollo ’me ebe li ntšetsa mosi ka ntle le marulelong. Litsebi li bolela hore ha ho entsoe hore moea o potolohe hantle o tsoa masobeng a haufi le marulelo hape ho sebelisoa le lichomela, lintho tse kotsi tse bakang tšilafatso li fokotseha ka hoo e ka bang liphesente tse 80. Batho ba sebelisang lichomela ba bolela hore ba phetse hantle haholoanyane, ba hloekile, ba ka sebetsa haholoanyane le ho thabela mahae a bona haholoanyane—e leng bopaki ba hore ntho e bonolo feela e ka etsa hore bophelo bo be molemo.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ka kichineng Kenya moo ho nang le chomela, masoba a maholo haufi le marulelo le lifensetere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Dr. Nigel Bruce/www.itdg.org