Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 10/8 maq. 19-20
  • E Mong le e Mong o Hloka Lehae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Mong le e Mong o Hloka Lehae
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qaka ea Lefatše Lohle
  • Tokelo ea Bohle
  • Qaka ea Bolulo e Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2005
  • Qetellong—Bolulo bo Botle Bakeng sa Bohle!
    Tsoha!—2005
  • Ba se Nang Matlo
    Tsoha!—1988
  • Ba se Nang Matlo Lisosa ke Life?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 10/8 maq. 19-20

E Mong le e Mong o Hloka Lehae

“Motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho ba le mokhoa o loketseng oa bophelo bakeng sa ho phela hantle ’meleng le bakeng sa boiketlo ba hae le ba lelapa la hae, ho kopanyelletsa le . . . bolulo.”—Universal Declaration of Human Rights, Article 25.

BATHO ba bangata ba sebetsang mapolasing butle-butle ba ile ba tloaela ho ba sebakeng seo hona joale ba seng ba re ke lehae la bona. Malapa a makholo a lula sebakeng sena se bitsoang parqueaderos, se thōkoana le toropo seo ba ka se hirang ka chelete e tlaasana bakeng sa ho emisa lik’haravene. Mona litšebeletso tsa motheo tse kang ho qhaloa ha likhoerekhoere, phepelo e tsitsitseng ea metsi le ho qhaloa ha litšila ke tsa mehleng ea khale-khale kapa ho tšoana le ha li le sieo. Moqolotsi e mong oa litaba o ile a hlalosa sebaka sena e le “sebaka se futsanehileng hoo [basebetsi ba mapolasing] ba khonang ho lefella ho lula ho sona.”

Lilemong tse tharo tse fetileng, ha ba boholong ’musong ba qala ho koala tse ’maloa tsa libaka tsena, malapa a mang a ile a rekisa lik’haravene tsa ’ona ’me a fallela matlong, lifoleteng hammoho le likaracheng tse seng li ntse li pepeteha batho tse ka har’a toropo. Ba bang ba ile ba thotha ’me ba fetela pele, ba batla bolulo boo ba tla khona ho khutlela ho bona ka mor’a ho kotula—moo ba ka sunyang hlooho ’me ba re ke lapeng.

Na u nahana ka libaka tse Amerika Bohareng kapa Amerika Boroa? Nahana ka tsela e ’ngoe. U ka fumana sebaka sena sa lik’haravene haufi le motse oa Mecca o California ka boroa, U.S.A., sebaka seo motho a sa nkeng hora ha a tsamaea ka koloi ho ea motseng o ruileng o ka bochabela oa Palm Springs. Le hoja ho ’nile ha boleloa hore hona joale batho ba bangata ba United States ba na le mahae ho feta leha e le neng pele, le hore ka 2002 malapa a boemong bo itekanetseng a ne a fumana chelete e kaalo ka $42,000 (R257 000) eo a neng a ka iphelisa ka eona, ho hakantsoe hore malapa a fetang limilione tse hlano a Maamerika a ntse a phela matlong a sa lokelang.

Boemo bo bobe le ho feta linaheng tse ntseng li hōla moruong. Ho sa tsotellehe mananeo a mangata a ’nileng a etsoa ke bo-ralipolotiki, sechaba hammoho le malumeli, qaka ea bolulo lefatšeng ka bophara e ntse e mpefala le ho feta.

Qaka ea Lefatše Lohle

Palo ea batho ba lulang litakaneng lefatšeng ka bophara e hakanyetsoa ho e fetang limilione tse sekete. Litsebi tsa Brazil tsa baahi ba litoropong li tšaba hore li-favela tse ntseng li hōla, kapa litakana naheng eo, haufinyane li tla “nama ’me li be le baahi ba bangata ho feta ba litoropong tse khōlō moo litakana li qalileng teng.” Ho na le metse ea Nigeria eo ho eona baahi ba fetang 80 lekholong ba phelang litakaneng kapa mek’huk’hung ea baipehi. Mongoli e Moholo oa Machaba a Kopaneng, Kofi Annan o ile a re ka 2003: “Haeba ho sa nkoe bohato bo matla, ho hakanngoa hore palo ea baahi ba litakaneng lefatšeng ka bophara e tla eketseha ho ea ho likete tse peli tsa limilione nakong ea lilemo tse 30 tse tlang.”

Leha ho le joalo, lipalo-palo tse tšosang joaloka tsena ha li hlalose le hakaalo liphello tse bohloko tseo ho phela maemong a tlaase ho nang le tsona bathong ba futsanehileng lefatšeng. Ho latela Machaba a Kopaneng, batho ba fetang halofo ea baahi linaheng tse ntseng li hōla moruong ha ba na tsamaiso ea motheo ea ho qhala likhoerekhoere, ba etsang karolo ea boraro ha ba na metsi a hloekileng, ha ba etsang karolo ea bone bona ba hloka bolulo bo loketseng, athe ba etsang karolo ea bohlano bona ha ba na litšebeletso tsa morao-rao tsa bongaka. Batho ba bangata ba linaheng tse tsoetseng pele ba ne ba ke ke ba lumela le hore liphoofolo tsa bona tsa lapeng li lule maemong a joalo.

Tokelo ea Bohle

Ka tloaelo ho ba le bolulo bo loketseng ho nkoa e le tlhoko ea motheo ea motho. Phatlalatso e Akaretsang ea Litokelo Tsa Botho, e ileng ea etsoa ke Machaba a Kopaneng ka 1948, e ile ea bolela hore motho e mong le e mong o na le tokelo ea ho phela ka tsela e itekanetseng, ho akarelletsa le ho ba le bolulo bo khotsofatsang. Ruri motho e mong le e mong o hloka lehae le tšoanelehang.

Haufinyane tjena ka 1996, linaha tse ’maloa li ile tsa amohela seo hamorao se ileng sa tsejoa e le Habitat Agenda ea Machaba a Kopaneng. Tokomane ena e thathamisitse boitlamo bo tobileng bo entsoeng ho fana ka bolulo bo loketseng bakeng sa bohle. Ka mor’a moo, ka la 1 January 2002, Machaba a Kopaneng a ile a matlafatsa boitlamo bona ka ho eketsehileng ka ho bo etsa lenaneo le feletseng la ’ona.

Hoa makatsa hore ebe linaha tse ling tse ruileng haholo li qalile ho etsa boipiletso hape ba ho ea haha khoeling hammoho le ho ea hlahloba polanete ea Mars, ha ka nako e tšoanang, baahi ba tsona ba ntseng ba eketseha ba futsanehileng ka ho fetisisa ba sitoa le ke ho fumana feela bolulo bo loketseng hona mona lefatšeng. Qaka ea bolulo lefatšeng ka bophara e u ama joang? Na ho na le se ka tšeptjoang e le kannete hore ka letsatsi le leng bohle ba tla ba le mahae a bona a khotsofatsang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 20]

Ha linaha tse ling li etsa lipatlisiso tsa ho ea haha khoeling, baahi ba tsona ba bangata ba hloka feela le bolulo bo loketseng hona mona lefatšeng

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

LELAPA LA ASIA LA BAPHAPHATHEHI.

Motseng o mong, ho na le malapa a 3 500 a lulang litenteng tsa nakoana, a hlokang metsi le tsamaiso ea likhoerekhoere

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Tim Dirven/Panos Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

AMERIKA LEBOEA

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela