Bothata ba ho Fepa Baahi ba Litoropong
“Mosebetsi oa ho fepa baahi ba litoropong lefatšeng lohle ka tsela e khotsofatsang ke bothata bo ntseng bo eketseha, bo hlokang tšebelisano ea bahlahisi ba lijo, ba li tsamaisang, baokameli ba limmaraka le barekisi ba bangata.”—JACQUES DIOUF, MOOKAMELI E MOHOLO OA MOKHATLO OA LIJO LE TEMO OA MACHABA A KOPANENG (FAO).
LITSEBI tsa kabo ea lijo li ea bohōleng ba ho bolela hore ho fumaneha ha lijo kamehla libakeng tsa litoropo e ka ’na ea e-ba “bothata bo boholo ba batho” lekholong la bo21 la lilemo.
Ho fumaneha ha lijo kamehla ho hlalosoa e le “mokhoa oa ho etsa hore batho bohle ba fumane lijo tse lekaneng ka linako tsohle e le hore ba phele hantle.” Hona joale lijo tse teng lefatšeng ka bophara li ka lekana baahi bohle ba lefatše—haeba li abjoa ka tsela e nepahetseng. Empa ’nete ke hore batho ba limilione tse ka bang 840 ba robala ba sa ja ka ho tšoanetseng bosiu bo bong le bo bong. Bongata ba bona ba lula metseng ea litoropo. Hlahloba mahlakore a ’maloa a bothata bona.
Litoropo Tse Khōlōhali Tse Hlokang Lijo Tse Ngata Haholo
Ha litoropo li ntse li hōla, masimo a haufi ao pele a neng a sebelisetsoa temo aa nyamela ka lebaka la kaho ea matlo a macha, liindasteri le litsela. Ka lebaka leo, masimo a qetella a le hōle le litoropo tseo a li fepelang. Hangata ho lengoa lijo tse nyenyane kapa ho hang ha li lengoe litoropong, ’me nama e hlaha libakeng tse hōle tsa mahaeng. Linaheng tse ngata tse ntseng li hōla moruong, litsela tse sebelisoang ha ho tsamaisoa lijo tse tsoang mapolasing ho li isa litoropong ha li ntle. Sena se bolela hore lijo li qeta nako e telele li le tseleng, ho ba le tse ngata tse senyehang ’me qetellong, litheko e ba tse holimo ho bareki, bao boholo ba bona ba futsanehileng haholo.
Litoropo tse linaheng tse ntseng li hōla moruong li se li ntse li le khōlō ’me li ntse li tla atoloha le ho feta. Ka 2015, Mumbai (eo pele e neng e bitsoa Bombay), ho lebeletsoe hore e be e e-na le baahi ba limilione tse 22,6, Delhi eona limilione tse 20,9, ha Mexico City e le limilione tse 20,6 ’me São Paulo e le tse 20. Ho hakanngoa hore toropo e nang le baahi ba limilione tse leshome—e kang Manila kapa Rio de Janeiro—e tlameha ho fumana lijo tse tsoang ka ntle tse etsang lithane tse 6 000 letsatsi le leng le le leng.
Ona ke mosebetsi o thata, ’me o ntse o thatafala le ho feta linaheng tseo baahi ba tsona ba eketsehang ka potlako. Ka mohlala, bothata ba Lahore, Pakistan, hase feela ba palo e phahameng ea bana ba hlahang (liphesente tse 2,8) empa hape ke ba se ’nileng sa hlalosoa e le palo e “tšosang” ea batho ba bangata ba fallelang teng ba tsoa mahaeng. Linaha tse ngata tse ntseng li hōla moruong li ba le baahi ba bacha ba limilione ba fallelang metseng ea litoropo e seng e ntse e pepeteha ke baahi moo ba batlang maemo a ntlafetseng a bophelo, mesebetsi, thepa hammoho le litšebeletso tse ling. Ka lebaka la ho falla ho joalo ha batho ka bongata, ho lebeletsoe hore motse oa Dhaka, Bangladesh, o tla eketseha ka baahi ba milione selemo le selemo. Ho latela likhakanyo tsa ka moso, ka 2025 baahi ba Chaena, bao hona joale karolo ea bobeli ho tse tharo ea bona e leng mahaeng, ba tla be ba lula ka bongata litoropong. Ka nako eo, ho lebeletsoe hore litoropong tsa India, ho tla be ho lula batho ba limilione tse 600.
Ho fallela ha batho litoropong ho fetotse tsela eo lintho li leng ka eona libakeng tse ngata lefatšeng. Ka mohlala, Afrika Bophirimela, ka 1960 batho ba neng ba lula litoropong ba ne ba etsa liphesente tse 14 feela tsa baahi ba moo. Ka 1997, batho ba lulang litoropong ba ne ba se ba etsa liphesente tse 40, ’me ho lumeloa hore ka 2020, palo eo e tla be e phahametse ho liphesente tse 63. Linaheng tse lenakeng la Afrika, ho lebeletsoe hore palo ea baahi ba litoropong e imene habeli nakong ea lilemo tse leshome. Hape ho hakanngoa hore liphesente tse 90 tsa baahi bohle ba eketsehang linaheng tse ntseng li hōla moruong haufinyane li tla lula litoropong le metseng e meholo.
Ho eketsa phepelo ea lijo libakeng tsena tsa litoropo ho tla fepa batho bana kaofela ba lapileng ke mosebetsi oa motonanahali. O hloka tšebelisano eohle ea lihoai tse likete, ba laelang lijo, ba khannang literaka, barekisi le baokameli, hammoho le ho sebelisa likoloi tse likete. Leha ho le joalo, libakeng tse ling tlhoko e khōlō ea lijo litoropong e etsa hore libaka tse li potolohileng tse li fepelang li imeloe. Ho feta moo, litoropong tse ngata linaheng tse ntseng li hōla moruong, litšebeletso tse kang tsa lipalangoang le mehaho e kang ea ho boloka thepa, limmaraka le lilakhapane li se li ntse li imetsoe.
Bofutsana bo Jeleng Setsi
Bothata ba ho fepa baahi ba ntseng ba eketseha bo thatafala le ho feta libakeng tseo bofutsana bo jeleng setsi ho tsona. Litoropo tse ngata linaheng tse ntseng li hōla moruong, tse kang Dhaka, Freetown, Guatemala City, Lagos le La Paz, kaofela ha tsona li se li ntse li e-na le batho ba futsanehileng ba etsang liphesente tse 50 kapa ho feta.
Ha bahlahlobisisi ba tšohla taba ea kabo ea lijo bakeng sa baahi ba joalo, ba etsa phapang pakeng tsa hore na lijo li teng le hore na batho ba ka khona ho li fumana. Lijo li ka ’na tsa rekisoa ’marakeng oa toropo—ho bolelang hore li teng—empa sena ke matšeliso a se nang phofo ho mafutsana a toropong haeba a sitoa ho li reka ka lebaka le theko e phahameng. Ho hlokometsoe hore ha moputso oa batho ba bang ba lulang litoropong o nyoloha, ba batla ho ja lijo tse ngata le ho feta le tsa mefuta e fapa-fapaneng. Ka lehlakoreng le leng, mafutsana a litoropong ’ona a sitoa ho ikhotsofatsa tabeng ea ho reka lijo tseo a li hlokang le ho khetha tseo a li ratang. Malapa a joalo a ka ’na a tlameha ho sebelisa chelete e etsang karolo ea 60 ho ea ho 80 lekholong ea moputso oa bona bakeng sa ho reka lijo feela.
Mohlomong theko ea lijo e ne e ka theoha ha li rekoa li le ngata; empa seo se ke ke sa etsahala ha batho ba se na chelete e lekaneng. Malapa a mangata a sitoa feela le ke ho fumana lijo tse itekanetseng tseo a li hlokang, ’me phello e ke keng ea qojoa ea seo e ba ho haelloa ke phepo e nepahetseng. Metseng ea Afrika e ka boroa ho Sahara, ha re fana ka mohlala oa sebaka se le seng feela, ho boleloa hore khaello ea phepo e nepahetseng “ke bothata bo tebileng, bo nammeng.”
Batho ba kotsing le ho feta ke ba fihlang ba e-tsoa mahaeng ’me ba fumana ho le thata ho tloaela bophelo ba toropo—e leng bo-’mè ba se nang balekane, basebeletsi ba ’muso ba boemong bo tlaasana ba lefuoang ka mor’a nako hobane ’muso o se na chelete e lekaneng ho ba lefa ka nako, ba holofetseng, ba hōlileng le ba kulang. Sehlopha seo sa batho ba kotsing hangata se phela libakeng tse ka mathōko tse hlokang litšebeletso tsa bohlokoa—motlakase, lipompo tsa metsi, tsamaiso ea likhoerekhoere, litsela le mokhoa oa ho qhala lithōle—moo bongata ba batho bo lulang libakeng tsa nakoana kapa tse behang bophelo ba bona kotsing. Batho ba limilione ba ikhoantlellang tlas’a maemo a tjena ba ka angoa habonolo ke mathata leha e le afe a ka bang teng tsamaisong ea kabo ea lijo. Hangata batho ba joalo ba lula hōle le limmaraka tse haufi ’me ha ba na boikhethelo haese ho lefa litheko tse holimo bakeng sa lijo tse boemong bo seng botle. Ka sebele boemo ba bona bo utloisa bohloko.
Maemo a sa Tsitsang le a Kotsi
Ho tloaelehile hore libaka tse ngata tsa litoropong li eketsehe ka potlako ho sa reroa le hona e se ka molao. Liphello tsa seo e ba libaka tse kotsi le tse sa sireletsehang tse nang le bokebekoa bo bongata. Sengoliloeng se reng Feeding the Cities, sa FAO, se re: “Hangata batsamaisi ba motse linaheng tse ntseng li hōla moruong ba iphumana ba hula ka thata ho sebetsana le baahi ba eketsehang ka potlako sebakeng seo ha e le hantle se loketseng feela baahi ba ’maloa.”
Libakeng tse ngata tsa Afrika, hangata limmaraka li hlaha feela li sa reroa. Barekisi ba qala ho rekisa thepa ea bona kae le kae moo e hlokoang. Ka hona, limmaraka tse hlahang ha li na leha e se e le feela litšebeletso tsa bohlokoa.
Colombo, Sri Lanka, liholeseile tse teng le limmaraka tsa ho rekisa li libakeng tse sa nepahalang ’me li na le sepenya sa bareki. Bakhanni ba literaka ba lla ka hore ho ba nka lihora hore ba fihle ’marakeng o ka har’a toropo le ho tsoa ho ’ona. Sebaka sa ho paka, sa ho laela le sa ho laolla ha sea lekana.
Libakeng tse ling, limmaraka ha lia hlokomeloa hantle ebile ha li na tsamaiso e ntle. Maemo a ka bakang mafu ka lebaka la litšila tse ngata tse tsoang linthong tse phelang le tse sa pheleng li beha bophelo kotsing. Ramotse oa motse o mong Asia Boroa o re: “Mathata ana a tlatsetsa bophelong bo ntseng bo mpefala.”
Mohlala oa botebo ba mathata ana a amanang le bophelo bo botle le tikoloho ke oa se ileng sa fumanoa ha ho hlahlojoa nama e rekisoang toropong e ’ngoe ea Asia Boroa-bochabela. Moo, ho tloaelehile hore nama e “behoe fatše moo ho nang le lerole le metsi a litšila.” Nameng e ileng ea hlahlojoa, ho ile ha fumanoa baktheria ea salmonella nameng ea kolobe e etsang liphesente tse 40, ’me ho ea khomo, e etsang liphesente tse 60, ha nameng ea khomo kaofela ha eona e ne e e-na le baktheria ea ka maleng e bitsoang E. coli. Hape ho ile ha fumanoa chefo e kang ea loto le ea mercury.
Ka lebaka la kabo ea lijo e sa lekanang, e ke keng ea tšeptjoa le e sa tsitsang, baahi ba metse e meng, joaloka ba bangata ba motseng oa Kano, Nigeria, ba leka ho lema sebakeng leha e le sefe seo ba ka se fumanang. Leha ho le joalo, batho bana ha ba na litokelo tsa ho sebelisa libaka tse joalo. Ka hona, ba ka ’na ba lelekoa neng kapa neng ’me ha senngoa lijalo tseo ba sebelitseng ka thata ho li lema.
Olivio Argenti, setsebi sa FAO sa lijo le tšireletseho metseng ea litoropo, o hlalosa seo a ileng a se fumana ha a ne a etetse sebaka sa temo sebakeng sa toropo se Mexico, se haufi le nōka eo tsamaiso ea likhoerekhoere tsa motseng e qhallang litšila ho eona. Lihoai tsa moo li sebelisa metsi a nōka ena ho nosetsa lijalo le mobu oa eona ho lokisetsa ho melisa sethopo. Argenti oa ngola: “Ke ile ka botsa ba boholong hore na ba hlokomela kotsi eo na, ’me ba re ha ba boemong ba ho etsa letho kaha ha ba na chelete kapa thepa ea ho thusa ho fetola boemo.” Mathata a joalo a teng le linaheng tse ntseng li hōla moruong.
Litoropo Tse Hulang ka Thata
Mathata a tobaneng le litoropo tse hōlang ka potlako a bonahala a sa fele. Mekhatlo ea machaba, ba ntlafatso ea metse le batsamaisi ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho a rarolla. Mekhoa ea bona e akarelletsa ho khothalletsa ho hlahisa lijo libakeng tsa mahae le ho fana ka mokhoa oa hore li fumanehe, hammoho le ho haha litsela tse ncha, limmaraka le lilakhapane. Ba bona bohlokoa ba ho khothalletsa batho hore ba etse matsete ka ho haha litoro tse khōlō tsa ho boloka thepa e rekisoang, ho ntlafatsa mokhoa oa ho alima lihoai chelete, barekisi le ba tsamaiso ea lipalangoang, hammoho le ho etsa bonnete ba hore molao oa khoebo le bohloeki o lateloa ka nepo. Leha ho le joalo, bahlahlobisisi ba hlokometse hore ho sa tsotellehe boiteko bohle bo entsoeng, ba boholong libakeng tse ngata ba sitoa ho lemoha le ho nka khato e loketseng ka litaba tsena tse amehang. Le haeba ba etsa joalo, chelete e teng ea fokola bakeng sa ho sebetsana le mathata ana.
Mathata a mangata a tobaneng le litoropo, haholo-holo linaheng tse ntseng li hōla moruong, a entse hore ho fanoe ka litemoso tse potlakileng. Ho ea ka mokhatlo oa International Food Policy Research Institute, Washington, D.C., “baahi ba litoropong ba tla lula ba eketseha, ’me mathata ana [tlala, khaello ea phepo e nepahetseng le bofutsana] a tla eketseha le bona—ntle le haeba re ka nka khato hona joale.” Mabapi le bokamoso ba metse ea litoropo e linaheng tse futsanehileng, Janice Perlman, mopresidente oa Mega-Cities Project, mekhatlo e ikopantseng ea machaba ho batleng tharollo ea mathata a litoropong, o re: “Nakong e fetileng ha ho e-s’o ka ho etsahala hore ho feptjoe batho ba bangata ba penyaneng hakana sebakeng se le seng, ba fumaneloe bolulo, mesebetsi kapa lipalangoang, tlas’a maemo a thata hakana a lichelete le a sebaka ka bosona. Litoropo li se li ke ke tsa khona ho hlokomela batho ba bangata ba lulang ho tsona.”
Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore mathata a lijo le kabo ea tsona a haufi le ho fela.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 21]
METSE E HŌLANG EA LITOROPONG
◼ Ho lebeletsoe hore hoo e ka bang keketseho eohle ea baahi lefatšeng ka bophara lilemong tse 30 tse tlang e tla ba metseng ea litoropo.
◼ Ho lebeletsoe hore ka 2007, palo e fetang halofo ea baahi ba lefatše e tla be e phela litoropong.
◼ Ho hakanngoa hore palo ea batho ba lulang metseng ea litoropo lefatšeng ka bophara e tla hōla ka karolelano ea liphesente tse 1,8 selemo le selemo; ’me ka lebelo lena, palo ea baahi ba litoropong e tla be e imenne habeli nakong ea lilemo tse 38.
◼ Ho lebeletsoe hore palo ea litoropo tse nang le baahi ba limilione tse hlano kapa ho feta, tseo ka 2003 li neng li le 46, e tla be e nyolohetse ho tse 61 ka 2015.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Mohloli: World Urbanization Prospects—The 2003 Revision, United Nations Department of Economic and Social Affairs, Population Division
[Lebokose le leqepheng la 22]
LISOSA LE LIPHELLO TSE LING TSA PHEPELO E SA TSITSANG EA LIJO
◼ “Ke ntho e seng e tsebahala lefatšeng ka bophara hore hang ha theko ea lijo e nyoloha ka sekhahla, ho qhoma merusu ea lipolotiki le moferefere sechabeng metseng ea litoropo.”—Jacques Diouf, Mookameli e moholo oa Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng.
◼ Ka 1999, leholiotsoana la Georges le la Mitch, a ile a puputla sebaka sa Caribbean le Amerika Bohareng, a baka tšenyo e khōlō, a sitisa mesebetsi e tloaelehileng le ho baka khaello ea lijo.
◼ Boipelaetso bo ileng ba etsoa Ecuador ka 1999 le Brithani ka 2000 malebana le theko e phahameng ea peterole bo ile ba baka tšitiso e khōlō phepelong ea lijo.
◼ Khaello ea lijo ke a mang a mahlomola a bakoang ke ntoa.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]
MOHLALA O LE MONG HAR’A E LIMILIONE
CONSUELO le bana ba hae ba 13 ba lula sebakeng sa baipehi (se bontšitsoeng ka holimo) mathōkong a Lima, Peru. Bana ba hae ba bararo ba na le lefuba. O re: “Re ne re lula lithabeng, empa ka bosiu bo bong batho ba makholo motseng oa rōna ba ile ba fallela toropong. Re ile ra nahana hore ‘ha re le Lima, bana ba rōna ba tla fumana thuto ba be ba roale lieta. Bophelo bo ne bo tla ba betere bakeng sa bona.’” Kahoo, baahi ba motse ba ile ba loha meseme, ’me ka bosiu bo bong kaofela ba fallela toropong ’me ba hloma matlo a moseme. Hoseng, ho ne ho e-na le baipehi ba bangata hoo ba boholong ba neng ba ke ke ba ba leleka.
Motlotloane oa Consuelo o na le lesoba le leholo marulelong ’me fatše ke mobu. Ha a bua ka likhoho tse ntseng li matha-matha lapeng, o re: “Ke ruile likhoho tsena e le hore ke li rekisetse batho ba ruileng. Ke ne ke batla ho rekela morali oa ka lieta. Empa joale ke tlameha ho sebelisa chelete ena ho lefella meriana le sepetlele.”
Eiee e seng kae ke sona feela sejo seo Consuelo a nang le sona. Ho thata ho fumana mosebetsi, ’me ha a na chelete e lekaneng esita le ho reka metsi kamehla. Ha ho na metsi le ntloana lehaeng la hae le ka ’nang la putlama leha e le neng. Oa hlalosa: “Re sebelisa selopo-emere sena. Joale bosiu ke roma bana hore ba eo se qhalla kae-kae. Ha ho seo re ka se etsang.”
Monna oa Consuelo, eo a mo bonang seoelo, ha a mo thuse ka letho. O lilemong tsa bo-30 empa o shebahala eka o moholo ho feta moo. Sengoli se neng se bua le eena se re: “Ka sefahleho sa hae se rono, o lula a tonne mahlo a hae a maphatšoana, a bontšang hore ha a na tšepo.”
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Mohloli: In Context
AP Photo/Silvia Izquierdo
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]
“NA KE LOKELA HO FALELLA TOROPONG?”
HO MOLEMO hore motho leha e le ofe ea nahanelang ho fallela toropong a nahane ka lintho tse itseng. Sengoliloeng se reng Feeding the Cities, sa Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng se re: “Ntho e ’ngoe ea tse ka sehloohong tse hohelang batho ke tšepo ea hore bophelo ba bona bo tla ntlafala ha bo bapisoa le menyetla eo ba nang le eona ha ba le mahaeng.” Leha ho le joalo, “maemo a ka ’na a se ke a ntlafala kapele, mohlomong ho be ho fete meloko e ’maloa.”
’Nete ke hore batho ba bangata ba falletseng litoropong ba tsoa mahaeng ba iphumana ba hloka bolulo, ba hloka mosebetsi ’me ba futsanehile ho feta pele, ’me tsena tsohle li ba hlahela sebakeng seo ba sa se tloaelang. Ka hona, haeba u nahana ho falla, na u kholisehile hore boemo bo tla u lumella ho phelisa lelapa la hao? Mesebetsi ea litoropong, haeba e le teng, hangata e lefa moputso o tlaase. Na khatello ea ho sebetsa lihora tse ngata hore feela u phele e ka etsa hore uena kapa ba lelapa la hao le hlokomolohe lintho tseo le li nkang e le tsa bohlokoa?—Matheu 28:19, 20; Baheberu 10:24, 25.
Batsoali ba bang ba khethile ho falla empa ba siile malapa hae. Na ke bohlale ho etsa see? Batsoali ba Bakreste ba tlameha ho hlokomela malapa a bona nameng, empa maikutlong le moeeng teng karohano e joalo e tla ama lelapa joang? (1 Timothea 5:8) Na bo-ntate ba tla khona ho hōlisa bana ba bona ka katleho “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova?” (Baefese 6:4) Na ho arohana ha monna le mosali ho ka ba pepesetsa tekong ea hore ba oele boitšoarong bo bobe?—1 Bakorinthe 7:5.
Ke ’nete hore ke qeto ea motho hore na oa falla kapa che. Pele Mokreste a etsa qeto e joalo, o lokela ho hlahloba lintho tsohle tse amehang ’me ka thapelo a kōpe tataiso ea Jehova.—Luka 14:28.
[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Metse e meholo e mathateng a maemo a mabe a tsamaiso ea likhoerekhoere le tšubuhlellano ea sephethephethe
India
Niger
Mexico
Bangladesh
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Malapeng a mangata a futsanehileng a litoropong, esita le bana ba lokela ho sebetsa
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 24]
India: © Mark Henley/Panos Pictures; Niger: © Olivio Argenti; Mexico: © Aubrey Wade/Panos Pictures; Bangladesh: © Heldur Netocny/ Panos Pictures; bottom photo: © Jean-Leo Dugast/Panos Pictures