Saense le Bibele li Nthusitse ho Fumana Morero oa Bophelo
JOALOKAHA HO BOLETSE BERND OELSCHLÄGEL
Ke qetile lilemo tse 20 ke batlana le morero oa bophelo. Ke thusitsoe ke lintho tse peli hore ke o fumane: saense le Bibele. Ho ithuta ha ka saense ho ile ha ntiisetsa hore bophelo bo tlameha bo e-na le morero. Joale Bibele e ile ea ntšenolela morero oo le ho nthusa hore ke o utloisise.
MOHLOMONG u ’nile ua utloa batho ba bang ba re saense e hanyetsa Bibele. Ke ithutile tsona ka bobeli, ’me ha ke lumellane le bona. Mohlomong u ka rata ho tseba lebaka.
Ke hlahile ka 1962 Stuttgart, motse o ka boroa oa Jeremane. Ntate o ne a sebetsa e le moqapi oa mechine, ’me eena le ’Mè ba ne ba cheseha mesebetsing ea kereke. Ausi oa ka Karin, o ne a hlahile lilemo tse ’nè pele ho ’na. Ketsahalo ea bohlokoahali bongoaneng ba ka ke ha Ntate a ne a mpha lisebelisoa tsa ho etsa liteko tsa saense. Ke ile ka natefeloa haholo ha ke etsa liteko tsa motheo tsa k’hemistri le fisiks. Ka sebele ke ne ke thabela ho ithuta.
Hamorao ke ile ka tlohela lisebelisoa tseo tsa ho etsa liteko ’me ka sebelisa k’homphieutha. Esita leha ke ntse ke le mocha, ke ne ke bona hore boko bo feta k’homphieutha hōle. Empa ke ile ka ipotsa: ‘Boko bo tsoa kae? Ke mang ea re fileng bona? Hona morero oa bophelo ke ofe?’
Ho Hahamalla Thuto e Phahameng
Ke ile ka tlohela sekolo ha ke le lilemo li 16 ’me ka qala ho sebetsa ke ntse ke koetlisoa ke le mothusi laboratoring ea ho hlatsoa linepe. Kaha ke ne ke thabela ho ithuta haholo, pakane ea ka e ne e le ho ithutela fisiks univesithing. Empa ke ne ke sa le hōle le ho ea ithuta univesithing. Ho ile ha nkuka lilemo tse hlano hore feela ke tšoanelehe. Ke ile ka qala thuto ea ka univesithing ea Stuttgart ka 1983, ’me ke ile ka tsoela pele ka lithuto tsa ka Munich. Qetellong, ke ile ka fuoa lengolo la doctorate thutong ea fisiks Univesithing ea Augsburn ka 1993.
Matsatsi a ka a pele univesithing a ne a se bonolo. Holo eo re neng re ruteloa ho eona ka tloaelo e ne e tlala liithuti tse ka bang 250, tseo bongata ba tsona bo ileng ba tlohela ho ithuta nakong ea likhoeli tse ’maloa. Ke ne ke ikemiselitse hore ke se ke ka tlohela empa ke tsoele pele ho qeta seo ke se qalileng. Kaha ke ne ke lula lehaeng la liithuti, ke ile ka ba ka har’a ba bangata bao ho bonahalang ba ne ba thahasella menate ho feta lintho tse ling. Ho tloaelana le batho ba joalo ho ne ho se molemo kamehla. Ka lebaka leo, ke ile ka rata ho ea liphathing ’me ka sebelisa lithethefatsi.
Ho Batlisisa ha ka ho Nkisa India
Ho ithuta ha ka fisiks ho ile ha mpha kutloisiso e khōloanyane ea melao ea tlhaho ea bokahohle. Ke ne ke tšepile hore qetellong saense e tla ntšenolela morero oa bophelo. Leha ho le joalo, ho batla ha ka ho tseba morero oa bophelo ho ile ha etsa hore ke shebe le ka nģ’ane ho fisiks. Ka 1991, ke ile ka tsamaea le sehlopha se seng ho ea India ho ea ithuta mokhoa oa ho thuisa oa batho ba Bochabela. E bile phihlelo e thabisang hakaakang ho bona naha eo le batho ba eona ka mahlo! Empa ke ile ka tšosoa ke phapang e teng pakeng tsa barui le mafutsana.
Ka mohlala, haufi le motse oa Pune, re ile ra etela tichere ea Bohindu e neng e bolela hore ho tseba mokhoa o motle oa ho thuisa ka tsela e nepahetseng ho ka thusa motho hore e be morui. Hoseng ho hong le ho hong re ne re thuisa re le sehlopha. Tichere eo e ne e boetse e rekisa meriana ka theko e holimo. Ho ne ho hlakile hore o fumana chelete e ngata; tsela eo phelang ka eona e ne e bontša joalo. Re ile ra boela ra bona baitlami ba banna ba neng ba bonahala ba phela bofumeng, ho fapana le tichere ena ea Bohindu. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ho thuisa ho sa ba thusa hore le bona e be barui?’ Ho bonahala leeto la ka la India le ile la etsa hore ke be le lipotso tse ngata ho feta likarabo tseo ke li fumaneng.
Ntho e ’ngoe eo ke ileng ka khutla le eona India hore ke tle ke hopole sebaka seo e bile tloloko ea ho thuisa. Ke ile ka bolelloa hore ha e letsitsoe hantle, tloloko eo e ne e tla ntša ’mino o tla nthusa hore ke thuise ka mokhoa o nepahetseng. Ha ke se ke le Jeremane, ke ile ka reka setšoantšo sa linaleli se sebelisetsoang ho noha liketsahalo bophelong ba motho, se neng se entsoe ke motho ea neng a ipolela hore o khona ho bona bokamoso ba ka esale pele. Empa ho thuisa ha hoa ka ha ntšenolela letho ka bophelo. Ke ile ka soetseha ha ke lemoha hore setšoantšo seo sa linaleli ha se na thuso joaloka pampiri feela. Ka hona, lipotso tsa ka ka morero oa bophelo li ile tsa sala li le teng.
Ke Fumane Likarabo ka Bibeleng
Ka 1993 bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka tsela eo ke neng ke sa e lebella. Ke ne ke qetile lithuto tsa ka le lipatlisiso ’me ke le mothating oa ho ngola tlaleho ea seo ke se fumaneng lipatlisisong tsa thuto ea fisiks e hlalosang kaheho ea liathomo bakeng sa lengolo la ka. E le hore ke se ke ka siuoa ke nako, ke ne ke sebetsa bosiu le motšehare, ke hlokomolohile lintho tse ling kaofela. Motšehare o mong oa mantsiboea, ke sa lebella ho ile ha e-ba le motho ea kokotang monyako. Ha ke bula, ke ile ka fumana e le basali ba babeli.
Ba ile ba mpotsa: “Na u ne u tseba hore selemo sa 1914 e ne e le selemo sa bohlokoa ho ea ka Bibele?” Potso eo e ile ea ’makatsa. Ke ne ke qala ho utloa ntho e joalo; etsoe ke ne ke e-s’o ka ke e-ba le nako ea ho etsa lipatlisiso. Leha ho le joalo, ke ile ka thahasella potso eo. Ke hobane’ng ha ba re ke khale Bibele e ile ea bua ka 1914 e le selemo se khethehileng?
Ba ile ba tsoela pele: “Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng?” Ka pelong ke ile ka re ‘ehlile, etsoe ha ke mamela seo ba se buang, ke tla khona ho fumana moo ba ikhanyetsang teng.’ Ho e-na le ho re ba ikhanyetse, ke ile ka fumana bopaki bo khotsofatsang ba ho tšepahala ha Bibele. Ke ile ka ithuta hore boprofeta ba Bibele bo bontša ka ho hlaka hore ’Muso oa Molimo oa Bomesia—’muso oa leholimo oo ka mor’a nako o tla busa lefatšeng lohle—o ne o hlonngoe ka 1914.a
Basali bao e ne e le Lipaki Tsa Jehova, ’me ba ile ba mpha buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.b Ke ile ka e bala ka matsatsi a se makae ’me ka fumana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le kelello ’me ea utloahala. Lipaki li ile tsa mpontša ka Bibeleng hore takatso ea Molimo ke hore moloko oa batho o phele ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Ho latela boprofeta ba Bibele, tšepiso ena e haufi le ho phethahala. Ke tšepo e babatsehang hakaakang bakeng sa bokamoso! Tšepo ena e ile ea nkama pelo ’me ka tlala likhapha ka mahlong. Na ebe see ke sona seo e leng khale ke se batla lilemong tsee tse 20 tse fetileng?
Ka potlako ke ile ka elelloa morero oa ka bophelong: ho tseba Jehova Molimo le ho mo sebeletsa ka pelo eohle. Ke ile ka tsoela pele ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke utloa hore seo ke ithutang sona ke ’nete. Lenyora la ka la lintho tsa moea le ne le sa fele. Ha ke ntse ke qetela tlaleho ea lipatlisiso tsa ka bakeng sa lengolo la ka le phahameng ka ho fetisisa univesithing, ke ile ka bala halofo ea Bibele nakong ea likhoeli tse tharo.
Ha Kea Fumana Likarabo Feela
Ka May 1993, ke ile ka ea libokeng ka lekhetlo la pele phuthehong ea Lipaki Tsa Jehova Holong ea ’Muso e Augsburg. Se neng se rutoa moo se ne se utloahala e le ’nete. Ho feta moo, ke ile ka ikutloa ke phutholohile ha ke e-na le Lipaki. Li ile tsa ntumelisa ka mofuthu, tsa etsa hore ke ikutloe ke amohelehile, le hoja li ne li sa ntsebe. ’Mè e mong ea seng a hōlile o ile a lula pel’a ka ’me a etsa matsapa a hore ke fumane buka ea lipina. Libekeng tse latelang, monna e mong oa Paki le mora oa hae ba ne ba mpha lefti koloing ea bona ho ea Holong ea ’Muso. Metsoalle ena ea ka e mecha e ile ea qala ho ’memela malapeng a eona. Ka mor’a nako ke ile ka ba le takatso ea ho bolella ba bang seo ke neng ke ithuta sona ka morero oa bophelo.
Ho nka ka botebo seo ke neng ke ithuta sona Bibeleng ho ne ho se ho ntse ho ntšusumetsa hore ke etse liphetoho tse itseng bophelong. Ka mohlala, ke ne ke se ke sa batle ho ba le lintho tse amanang le matla a mohlolo. Ka hona, ke ile ka lahla setšoantšo sa ka sa linaleli se sebelisetsoang ho noha hammoho le tloloko ea ho thuisa le lintho tse ling tsa bolumeli tseo ke neng ke tlile le tsona India. Ke ile ka hatela pele ho ithuteng Bibele ’me ka inehela ho Jehova Molimo, ka kolobetsoa joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova Munich ka June, 1994. Ka ho etsa joalo, ke ile ka amohela ka pelo eohle ea ka morero oa ’nete oa bophelo.
Ka September 1995, ke ile ka ba pula-maliboho oa kamehla, mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki Tsa Jehova. Sena se ne se bolela ho qeta nako e ngata ke bua le batho ka merero ea Molimo. Ke ile ka itšetleha ka matla ao Jehova a mphang ’ona hore ke etse sena. Hangata ke ne ke fihla hae mantsiboea ka mor’a ho qeta lihora tse ngata tšebeletsong, ke ikutloa ke thabile ’me ke khotsofetse ka tsela eo ke neng ke e-s’o ka ke ikutloa ka eona pele ke tseba Jehova. Ka January 1997, ke ile ka memeloa hore ke tsoele pele ka tšebeletso ea ka ea nako e tletseng Jeremane ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Selters, e bitsoang Bethele, moo ke lulang teng hona joale. Batsoali ba ka ba nketetse ka makhetlo, ’me le hoja ba e-na le tumelo e fapaneng le ea ka ea bolumeli, ba hlompha Bethele ’me ba thabile hore ebe ke sebakeng sena.
Saense le Bibele
Ba bang ba ka ’na ba ipotsa hore na ho tla joang hore motho ea qetileng lilemo tse ngata a ithuta saense a lumele seo Bibele e se buang. Taba ke hore ha ke fumane moo saense le Bibele li hohlanang teng. Joaloka setsebi sa fisiks, ke ithutile melao e tsamaisang bophelo, ’me melao ena e fana ka bopaki ba hore e entsoe ke motho ea bohlale bo phahameng ho feta ba batho.
Ka mohlala, ho na le lithuto tse ngata thutong ea fisiks, k’hemistri le baeloji. ’Me le hoja lithuto tseo e ka ba tse bonolo, lipalo tse tsamaeang le tsona e ka ba tse rarahaneng haholo. Bo-rasaense ba bohlale ba qapa lithuto tsena ’me ba fuoa Khau ea Nobel bakeng sa mosebetsi oa bona. Joale e tlameha ebe Motho ea bohlale ea qapileng le ho etsa bokahohle o hlalefile hakaakang, bokahohle boo bo-rasaense ba sebetsang ka thata hakaale hore ba bo utloisise!
Ho bolela hore bophelo bo bile teng ka tšohanyetso, joalokaha ba bangata ba lumelang thutong ea ho iphetola ha lintho ba bolela, ke ho feteletsa lintho. Ho etsa mohlala: Kolokisa libolo tsa maoto tse leshome lebaleng la bolo, kaofela ha tsona li siane ka mithara lipakeng. Raha bolo ea pele, ka morero oa hore li thulane ka ho latellana kaofela ha tsona. Ho feta moo, leka ho noha hore na bolo e ’ngoe le e ’ngoe e tla qetella e eme hokae. Monyetla oa hore u atlehe o fokola hoo batho ba bangata ba tla nka e le ntho e ke keng ea etsahala.
Haeba ho joalo, ho tla joang hore motho a bolele hore ho hōla ha sele ea motho—e leng ntho e rarahaneng ho feta ho raha libolo—ke ntho e ka iketsahallang ka tšohanyetso? Tlhaloso e utloahalang ka ho fetisisa ke ea hore ho na le Motho ea bohlale ka ho fetisisa ea bōpileng batho le lintho tse ling tse phelang lefatšeng. Na Motho eo, eo e leng ’Mōpi, o ne a ka etsa ntho e tjee ntle ho morero? Le hanyenyane. E tlameha ebe o ne a e-na le morero, ’me morero oo o senotsoe le ho hlakisoa ka Bibeleng.
Joalokaha u bona, saense le Bibele li nthusitse hore ke fumane likarabo tsa lipotso tseo e leng khale ke ipotsa tsona ka bophelo. Na u ka nahana ka ho imoloha ho hoholo le thabo eo u ka bang le eona ha u fumana ntho eo u ’nileng ua e batla ka lilemo tse fetang 20? Ke takatso ea ka hore ke thuse ba bangata kamoo nka khonang hore ba fumane seo ke qetelletseng ke se fumane—eseng feela likarabo tsa lipotso tsa ka, empa habohlokoa le ho feta, mokhoa o nepahetseng oa ho rapela Molimo a le mong oa ’nete, Jehova!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo qaqileng, bona khaolo ea 10 e reng “’Muso oa Molimo O-oa Busa,” bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, leqepheng la 90-7, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Hona joale ha e sa hatisoa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]
Joaloka setsebi sa fisiks, ke ithutile melao e tsamaisang bophelo, ’me melao ena e fana ka bopaki ba hore e entsoe ke motho ea bohlale bo phahameng ho feta ba batho
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ha ke le lilemo li 12
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ha ke ntse ke batla morero oa bophelo, ke ile ka sebelisa ho thuisa ha batho ba Bochabela
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Ho bolella ba bang ho mpha thabo ea sebele le khotsofalo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Cover of book: J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA