Ho Ikemisetsa Le Hoja ke Holofetse
Joalokaha ho boletse Kouamé NʹGuessan
’Na le oa mphato re ile ra sokola ho sututsa baesekele ea rōna ha re boela re nyoloha leralla le leng. E ne e le ka November 2002, ’me ho ne ho kupa ntoa ea lehae Ivory Coast, Afrika. Ka hona tseleng eo ho eona ho tsamaeang methoaela feela re ne re talimane le likotsi tse ngata. Ka pejana re ne re tla feta sebaka seo masole a hlahlobang ba fetang ka tsela. Ke hobane’ng ha ke ne ke nka leeto le kotsi joalo nakong ee ea ntoa?
KE HLAHILE ka 1978 ke e-na le boloetse bo ntseng bo mpefala. Bo qalile ka hore ke se ke ka utloa hantle litsebeng le ho opeloa ke meomo. Ha ke ntse ke hōla, ba lelapa leso ba ne ba ’nyelisa, ba re ‘meomo ea ka ha e na thuso le litsebe tsa ka li kibiloe ke likonokono.’ Batho ba baholo ba ne ba nkhesa, ha bana bona ba ne ba ntlhaba ka mantsoe ba re ke sehole se maoto a pelekaneng.
Ke qalile ho ea sekolong ke le lilemo li robeli ’me hang-hang ka tloka-tlokoa ke liithuti-’moho le ’na le matichere. Hangata ke ne ke lakatsa eka nka re lefatše ngamoha ke kene. Ha batho ba bona hore ke tšohile, ba ne ba ntlopa litšeho. Ke ne ke tloha lapeng feela ha ke e-ea sekolong.
Ke ne ke ee ke ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke hlasetsoe ke lefu lee?’ ’Mè o ile a re ke hobane ho na le motho ea ntoileng. Ka linako tse ling, ke ne ke ee ke bone ba bang ba holofetseng joaloka ’na ebe kea ipotsa, ‘Na ebe le bona ba louoe?’
Ka 1992, litsoe tsa ka li ile tsa qala ho opa habohloko bo otlang pelo. Ha bohloko bona bo kokobela, ke ile ka sitoa ho otlolla matsoho a ka. Ka mor’a lilemo tse peli, ke ile ka foufala leihlo la leqele. Batsoali ba ka ba ile ba nkisa ho bo-kea-tseba ba bangata empa ha ho le ea mong ea ileng a mphekola. Ha bokuli ba ka bo ntse bo tota ke ile ka tlameha ho tlohela sekolo.
Ho Batla Likarabo
Seithuti-’moho le ’na se ile sa ’memela ho ea kerekeng le sona. Ke ne ke hōlisitsoe ka tumelo ea hore lintho tsohle li na le moea; leha ho le joalo, ke ile ka ea kerekeng ka nako e etsang selemo.a Moo ha kea ka ka ithuta ho hokaalo ka Bibele, ka hona ke ile ka qala ho ipotsa hore na ebe ho na le molemo ofe bolumeling.
Lithuto tse ling tsa kereke li ile tsa ntšosa, haholo-holo ea mollo oa lihele. Ke ne ke sa nahane hore ke mobe hakaalo hoo ke lokelang ho hlokofatsoa ka ho sa feleng. Empa, ka nako e tšoanang, ke ne ke sa lumele hore ke lokile ka ho lekaneng hore ke fumane thabo ea ka ho sa feleng leholimong. Kaha ha kea ka ka fumana likarabo tse khotsofatsang lipotsong tsa ka, ke ile ka felloa ke thahasello bolumeling.
Selemong se latelang ke ile ka memeloa lenaneong la pholiso le neng le le Abidjan, motse-moholo oa Ivory Coast, e bohōle ba lik’hilomithara tse 150 ho tloha motsaneng oa Vavoua. Pele re tloha, ke ile ka bolella ba boholong kerekeng hore ke haelloa ke chelete ea ho kena le ea lijo. Ba ile ba mpha maikutlo a hore ke tla hlokomeloa Abidjan, empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Le hoja ke ne ke potiloe ke letšoele le leholo la batho ba pakeng tsa 40 000 le 50 000, ke ne ke ikutloa ke le mong ebile ke nyahame. Ha ho na motho ea neng a ntsotella.
Ka khutlela Vavoua ke ntse ke kula joaloka pele, empa joale ke ne ke bile ke feletsoe ke tšepo. Baeta-pele ba kereke ea heso ba ile ba mpolella hore Molimo ha aa ka a mphekola hobane tumelo ea ka e ne e fokola. Ka mor’a moo, ke ile ka khaola maqhama ’ohle le bolumeli.
Qetellong, Matšeliso a Moea
Ka 1996 e mong oa Lipaki Tsa Jehova o ile a etela heso. Ho ne ho se mohla nkileng ka bua le Paki, empa ke ile ka mamela moqoqo o phelang pakeng tsa moeti enoa le Abuti. Abuti o ne a sa thahaselle, empa ’na ke ne ke thahasella. Lentsoe le leng le le leng leo Paki ena e neng e le bua le ile la nkama ka ho teba.
Paki ena e ile ea hlalosa hore sebe se ile sa kena lelapeng la motho ka lebaka la ho se mamele ha motho oa pele. Bofetoheli boo bo ile ba fella ka hore moloko ’ohle oa batho o lahleheloe ke phetheho ’me o shoe. Leha ho le joalo, Jesu o fane ka bophelo ba hae e le thekollo hore libe tsa rōna li tšoareloe e le hore re phele ka ho sa feleng. (Baroma 3:23; 5:12, 17-19) Ho feta moo, Paki ena e ile ea bontša ka Bibele hore haufinyane Jehova Molimo, ka ’Muso oa hae, o tla fetola lefatše paradeise ’me a felise sebe le liphello tsohle tsa sona tse sithabetsang.—Esaia 33:24; Daniele 2:44; Tšenolo 21:3, 4.
Lithuto tsa Bibele tse utloahalang li ile tsa nkama. Paki ena, eo hamorao ke ileng ka tseba hore ke Robert, e ile ea etsa litokisetso tsa ho ithuta Bibele le ’na habeli ka beke. Ka likhoeli tse seng kae feela, ke e-na le tsebo ea ka e ncha ea Bibele, ke ile ka tšoanelehela ho tsamaea le Lipaki tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ho etsa sena e ne e le phephetso, kaha ke ne ke lokela ho hlōla bothata ba ka ba ho tšaba ho ba har’a batho.
Ho Hlaha Litšitiso
Ba lelapa leso ba ne ba sa thabela hore ebe ke ithuta Bibele. E le hore a nkutloise bohloko, Abuti o ne a ee a tsubele lisakerete ka kamoreng ea ka bosiu. Ebe hoseng ke tsoha ke tšoeroe ke hlooho ’me ke ikutloe ke kula. Bothata bo bong e ne e le ba lijo tseo re neng re li ja. Ntate o ne a rata ho tsoma haholo, ’me nama ea liphoofolo tseo a neng a li tsoma e ne e le tsona lijo tsa rōna. Ke ile ka mo hlalosetsa hore Bibele e khahlanong le ho jeoa ha nama ea phoofolo e fenethiloeng. (Liketso 15:28, 29) Ho ntse ho le joalo, o ile a hana ho ntša liphoofolo tseo mali. Ka linako tse ling ’Mè o ne a ee a mpehele raese feela, empa hangata ke ne ke fumanela lijo thateng.
Le hoja Holo ea ’Muso ea Vavoua e ne e le ka lehlakoreng le leng la motse, ha ho mohla ke ileng ka lumella hore bohōle ba eona le boemo bo bobe ba leholimo li ntšitise ho ea libokeng. Ke ile ka kolobetsoa ka September 1997 Kopanong ea Setereke ea “Tumelo Lentsoeng la Molimo” Ivory Coast. Qetellong ke ile ka eketsa nako eo ke e qetang tšebeletsong ea Bokreste ho isa moo ke ileng ka tšoanelehela ho bula maliboho, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li bitsang basebeletsi ba tsona ba nako e tletseng kateng.
Mathata a Mang
Moferefere oa lipolotiki o ile oa fella ka ntoa ea lehae ka September 2002. Ka libeke tse seng kae, lebotho la sesole sa naha le ne le atamela Vavoua. Batho ba bang ba ile ba baleha ka lebaka la ho tšaba hore ba tla lahleheloa ke bophelo, ho akarelletsa le boholo ba Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a matsatsi a mahlano ba balehile, masole a ile a hapa motse ’me a thibela lipokano tsa mefuta eohle. Ha seo se etsahala, boholo ba baahi ba ile ba phasalla ho akarelletsa le Lipaki tse setseng.
Kaha ho ne ho se lipalangoang tsa sechaba, batho ba ne ba tlameha ho tsamaea ka maoto sebaka se selelele ho ea metseng e haufi. Ke ne ke sitoa ho tsamaea sebaka se selelele hakaalo, ka hona, e ne e le ’na feela Paki e setseng Vavoua. Ke ile ka tsoela pele ho bolela, ’me ka tšoara liboka tsa phutheho tseo baahi ba bang ba neng ba e-ba teng ho tsona.
Boiteko ba ho ba Teng Kopanong
Letsatsi la kopano e khethehileng ea Lipaki Tsa Jehova le ne le lokela ho ba ka November motseng oa Daloa. Ke ile ka rapela Jehova, ke mo bolella hore ke lakatsa ho ea kopanong. Paki e ’ngoe eo pele e neng e balehile motseng e ile ea khutla ho sa lebelloa. Ke ile ka e kōpa hore na e ka mpalamisa baesekele ea eona ho ea sebakeng sa kopano, se neng se le bohōle ba lik’hilomithara tse 50. E ile ea lumela hang-hang, le hoja le eona e ne e fokola haholo.
Ho ne ho rena tsitsipano, ka hona, e ne e se nako e molemo bakeng sa leeto le joalo. Ho ne ho haneloa hore likoloi li tsamaee ho tloha Vavoua ho ea Daloa. Motoaitoai o ne o ka ’na oa belaelloa ’me oa thunngoa ke lesole la o mong oa mekha e loantšanang. Leha ho le joalo, ka Moqebelo hoseng, ka la 9 November, 2002, re ile ra tloha Vavoua ka baesekele ’me ra ea Daloa, joalokaha ho hlalositsoe qalong.
Kapele re ile ra fihla sebakeng sa pele seo masole a hlahlobang ba fetang ka tsela. Re ile ra phenya-phenngoa ka ho feletseng ’me ra lumelloa ho tsoela pele. Leeto lena le ne le le lelelele ’me le khathatsa. Re ne re ee re hloe leralla ka maoto, ebe ha re fihla tlhōrōng re palama baesekele rea lelemela.
Ka mor’a nako e itseng, motho e mong oa baesekele o ile a ithaopela ho re thusa. Ke ile ka palama ka morao baesekeleng ea hae. Ha motho enoa eo ke sa mo tsebeng ea mosa a soaela baesekele, ke ile ka sebelisa monyetla ona ho buisana le eena ka ’Muso oa Molimo. Ke ile ka mo hlalosetsa hore ’muso oa Molimo ke puso ea leholimo le hore haufinyane o tla tlisa khotso e sa feleng lefatšeng. O ile a makatsoa ke seo ke se buang ’me a mpotsa lipotso tse ngata. Ha re fihla Daloa, o ile a re rekela lijo ’me a tšepisa hore o tla ba teng letsatsing la kopano e khethehileng hoseng ha letsatsi le latelang.
Re ile ra fihla Daloa ka shoalane, re khathetse empa re thabetse hore ebe re fihlile moo re neng re e-ea teng. Leeto la rōna la lihora tse robong le ne le se bonolo. Lelapa la Paki ea sebakeng seo le ile la re amohela ka mofuthu ’me la kōpa hore re lule moo ho fihlela merusu ea lipolotiki e re khoe! Ka masoabi kopano e ile ea tlameha ho tloheloa ka lebaka la merusu ea lipolotiki. Leha ho le joalo, re ne re sa tsamaela lelea leetong leo. Le ile la fella ka hore ke fumane litokelo tse eketsehileng tsa ho sebeletsa Bakreste-’moho le ’na Daloa.
Boikemisetso bo Tlisitse Mahlohonolo
Hona joale ke mohlanka ea sebeletsang le pula-maliboho oa kamehla ea phathahaneng ka phuthehong ea Daloa. Hape ke thusa ho hlokomeleng Holo ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova ea Daloa. Bakeng sa ho iphelisa, ke etsa lirurubele tse khabisang ka lehong, ke boetse ke penta matšoao.
Ka lilemo tse ngata ke ne ke tloha heso feela ha ke e-ea sekolong, empa joale ke tsamaile lik’hilomithara tse ngata ke batla ba nyoretsoeng ’nete mabapi le hore na ke hobane’ng ha batho ba kula le ho utloa bohloko. Ha ke ntse ke letetse ’Muso oa Molimo hore o felise mefokolo ea mefuta eohle, ke tsoela pele ho bolella batho ba Ivory Coast litaba tse molemo tse khothatsang tse mabapi le merero ea Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tumelo ea hore lintho tsohle li na le moea e akarelletsa tumelo ea hore liphoofolo, limela le lintho tse ling tsa tlhaho lia phela.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Re tseleng e eang kopanong Daloa
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ke thusa ka ho hlokomela Holo ea Kopano ea Daloa
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ke etsa lirurubele tse khabisang ka lehong e le hore ke iphelise