Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 leq. 5
  • Na ho Tla ke ho be le Bokamoso bo Khanyang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Tla ke ho be le Bokamoso bo Khanyang?
  • Tsoha!—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lefatše le Feletsoe ke Nako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Tumelo le Bokamoso ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lefatše le se Nang Bohloko
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Na U Lokela ho Phelela Kajeno Feela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 leq. 5

Na ho Tla ke ho be le Bokamoso bo Khanyang?

Batho ba thahasella ho bua ka bokamoso haholo. Ke mang ho rōna ea sa rateng ho tseba hore na khoeling e tlang, selemong se tlang, kapa esita le lilemong tse leshome tse tlang o tla be a etsa eng? Ho phaella moo, lefatše lee e tla ba la mofuta ofe lilemong tse 10, tse 20, kapa tse 30 tse tlang?

NA U na le tšepo ka bokamoso? Batho ba limilione ba na le eona, ’me ba ka aroloa lihlopha tse peli: ba reng ba na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore lintho li tla ntlafala le ba nang le tšepo hobane feela ba bona hore ho nahana ka mokhoa o mong ke ho inyahamisa feela.

Ke ’nete hore batho ba bang ha ba bone eka ho tla ba le bokamoso bo thabisang. Har’a bona ke batho ba ipuelang ka tlokotsi feela, bao ho bonahalang eka ba thabela ho phatlalatsa timetso e tšabehang e haufi eo ho eona polanete ea rōna ea Lefatše e tlang ho timetsoa. Pono ea bona ka bokamoso ke hore haeba ho ka ba le baphonyohi, e tla ba ba fokolang haholo ka palo.

Uena u nahana hore bokamoso bo tla ba joang? Na u bona eka bo lerootho ebile bo tlisa timetso kapa u bona eka bo tlisa khotso le tšireletseho? Haeba u lebeletse hore bo tlise khotso le tšireletseho, motheo oa tšepo eo ke ofe—na ke litoro tsa motšehare kapa u na le bopaki bo tiileng?

Ho fapana le ba phatlalatsang timetso, bahatisi ba Tsoha! ha ba lumele hore moloko oa batho o lebile timetsong ea oona. Ho e-na le hoo, Bibele e fana ka mabaka a tiileng a ho lumela hore linako tse monate li larile ka pel’a rōna.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]

U.S. Department of Energy photograph

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela