Na U Lokela ho Phelela Kajeno Feela?
“HA HO mohla ke nahanang ka bokamoso. Bo fihla le pele ke nahana ka bona.” Ho boleloa hore mantsoe ao a atisang ho qotsoa a builoe ke rasaense ea tsebahalang ea bitsoang Albert Einstein. Batho ba bangata ba na le maikutlo a tšoanang le a hae. Ba ka ’na ba re: “U itšoenyetsa’ng ka bokamoso?” Kapa mohlomong u kile ua utloa batho ba re: “Itsoelle pele ka bophelo.” “Phelela kajeno feela.” “Se ke ua ikhathatsa ka la hosane.”
Hase ntho e ncha hore batho ba ikutloe joalo. “E-ja, u noe, u ithabise. U khaohane le ntho tse ngata.” Lena e ne e le lepetjo la Baepikure ba boholo-holo. Batho ba bang ba mehleng ea moapostola Pauluse ba ne ba ikutloa ka tsela e tšoanang. Ba ne ba re “a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Ba ne ba lumela hore bophelo bona bo bokhutšoanyane ke bona phetho, kahoo ba ne ba khothalletsa hore re lokela ho bo thabela ka hohle kamoo re ka khonang.
Ho baahi ba lefatše ba limilione ho thabela bophelo ka hohle kamoo ba ka khonang ha ho bolele ho phelela menyaka. Maemo a boima ao batho ba bangata ba iphumanang ba le ho ’ona a etsa hore ba lule ba sehla ka thata hore ba khone ho iphelisa. Ke hobane’ng ha ba lokela ho nahana ka bokamoso kapa letsatsi la “hosasane” leo hangata le lulang le le lerootho ebile le nyahamisa?
Na re Lokela ho Lokisetsa Letsatsi la Hosane?
Hangata, esita le batho ba se nang mathata a mangata hakaalo ha ba bone ho hlokahala hore ba lokisetse letsatsi la hosane. Ba ka ’na ba botsa: “U itšoenyetsa’ng?” Ba bang ba ka ’na ba re batho ba lokisetsang letsatsi la hosane ba qetella ba nyahame ebile ba saretsoe. Esita le mopatriareka Jobo oa mehleng ea boholo-holo o ile a felloa ke tšepo haholo ha a bona merero ea hae e ‘senyeha,’ ’me lintho tse neng li ka tlisetsa eena le lelapa la hae bokamoso bo monate li e-ea le nōka.—Jobo 17:11; Moeklesia 9:11.
Seroki sa Scotland se bitsoang Robert Burns se ile sa tšoantša mathata a rōna le a tali eo Burns a ileng a senya sentele sa eona ka phoso ka sekara sa mohoma oa hae. Tali eo e ile ea baleha ka mor’a hore sentele sa eona se senngoe. Seroki seo se ile sa nahana, sa re: ‘Ka sebele, re atisa ho ikutloa re selebaletsoe ha re hlaheloa ke maemo ao re sa khoneng ho a laola hoo le merero e nahannoeng hantle e fellang moeeng.’
Kahoo na ke halefeela ho lokisetsa bokamoso? ’Nete ke hore ho se hlophise lintho hantle ho ka ba le liphello tse bohloko nakong ea maholiotsoana kapa ea likoluoa tse ling tsa tlhaho. Ka mohlala, ho hlakile hore ha ho motho ea neng a ka thibela Leholiotsoana la Katrina. Empa na ho ba le ponelo-pele le ho hlophisa lintho hantle ho ka be ho sa fokotsa liphello tseo le ileng la e-ba le tsona motseng le ho baahi?
Uena u re’ng? Na hoa utloahala ho phelela letsatsi la kajeno feela ebe re lebala ka la hosane? Hlokomela hore na sehlooho se latelang se re’ng ka taba ena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
“E-ja, u noe, u ithabise. U khaohane le ntho tse ngata”
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Na ho ba le ponelo-pele le ho hlophisa lintho hantle ho ka be ho fokolitse liphello tsa Leholiotsoana la Katrina?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Coast Guard Digital