Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/06 maq. 14-17
  • Paradeise Sehlekehlekeng sa Lehlabathe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Paradeise Sehlekehlekeng sa Lehlabathe
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Hlahile Lithabeng
  • Matša a Metsi a Hloekileng le Meru e sa Tloaelehang
  • Paradeise e Nang le Histori e Bohloko
  • Sebaka se Thabisang se Sireletsehileng
  • ‘Litaba Tse Molemo’ li Boleloa Lihlekehlekeng Tse Hōle ka Leboea Australia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lebaka le Entseng Hore re Etele Sehlekehlekeng sa Keresemese
    Tsoha!—2007
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Litutulu Tse Tsamaeang Tsa Namibia
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 3/06 maq. 14-17

Paradeise Sehlekehlekeng sa Lehlabathe

KA MONGOLI OA TSOHA! AUSTRALIA

KA 1770, mofuputsi oa Lebrithani, Motsamaisi James Cook, o ile a tsamaea ka sekepe a iphaphathile ka lebōpo le ka bochabela Australia. Lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse 150 ka leboea ho motse oo kajeno o bitsoang Brisbane, o ile a feta sehlekehleke se seholo, se lehlabathe lebōpong la leoatle, seo ka mor’a nako se neng se tla hohela baeti ba 300 000 selemo le selemo. Leha ho le joalo, Cook ha aa ka a se isa hloohong. Ha e le hantle, eena le ba bang, ba ile ba nahana hore ke hloahloa, eseng sehlekehleke. Lilemo tse ’maloa hamorao, mofuputsi Matthew Flinders o ile a hla a tla lebōpong lena. O ile a ngola: “Ha ke e-s’o bone hloahloa e letsoatlare joaloka ena.”

Hoja Cook le Flinders ba ile ba fetela pejana lik’hilomithara tse itseng lebōpong lena le letle le nang le litutulu tsa lehlabathe, ba ka be ba bile le maikutlo a fapaneng. Ba ka be ba bone sebaka se nang le meru e hloekileng eo ho nang pula e ngata ho sona, se matša a metsi a hloekileng-tlhoeko, se nang le litutuluhali tsa lehlabathe le mebala-bala le mefuta e makholo ea liphoofolo. Sehlekehleke sena seo hona joale se bitsoang Fraser Island, ke sona se seholo ka ho fetisisa se nang le lehlabathe lefatšeng, ’me se ikhetha hoo ka 1992 se ileng sa kenngoa lethathamong la tse nkoang e le Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng.a

Se Hlahile Lithabeng

Sehlekehleke sa Fraser se bolelele ba lik’hilomithara tse 120 ’me se bophara ba lik’hilomithara tse 25. Se koahela sebaka se boholo ba lihekthere tse 160 000. Lithabana tsa lehlabathe li hlahelletse ka limithara tse ka bang 240 ka holim’a bophahamo ba leoatle, e leng se etsang hore sehlekehleke sena e be sona se phahameng ka ho fetisisa lefatšeng. Sebaka see se ikhethang se bile teng joang?

Bopaki bo bontša hore lehlabathe le lengata-ngata le entseng sehlekehleke sena le tsoa mokolokong oa lithaba tsa Great Dividing, o sikang ho potella le lebōpo lohle le ka bochabela Australia. Ha lipula tsa litloebelele li ntse li e-na, ka mor’a nako makumane a majoe a ile a ’na a khephoha lithabeng ’me a hoholehela linōkeng tse lebang leoatleng. Maqhubu a leoatle a ile a tsukutla makumane ana ho fihlela a fetoha lehlabathe leo butle-butle leoatle le ileng la le hoholella karolong e ka leboea tlaase leoatleng. Lehlabathe lena le ile la thijoa ke hloahloa le mafika a teng ka leoatleng ’me la bokellana moo ho fihlela le entse sehlekehleke sena sa Fraser.

Ho tloha ka nako eo, Leoatle la Pacific le tsoetse pele ho hlatsetsa lehlabathe mabōpong. Joale ho tloha moo, moea o fefolela lehlabathe lena sehlekehlekeng, ebe le etsa litutulu. Litutulu tsena tsona li sutha ka sebaka se ka etsang mithara ka selemo, li pupetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea tsona.

Matša a Metsi a Hloekileng le Meru e sa Tloaelehang

Ho makatsang ke hore ho na le matša a 40 a metsi a hloekileng mekoting ea litutulu tsa lehlabathe ho pholletsa le sehlekehleke sena. A mang a matša ana a tsejoa e le matša a litsullung kaha a moo ho bothetseng teng holimo-limo litutulung tsena tsa lehlabathe. Joale ke hobane’ng ha metsi aa a sa monyele? Ke hobane ho na le moalo oa makhasi, makhapetla le makala a katileng moo ho ka bang le mapetso teng.

Sehlekehleke sena se boetse se na le matša a bontšang hore ho na le metsi ka tlas’a lehlabathe, a bang teng ha ho e-ba le mekoti e tebelang tlaase. Metsi a hlahella mekoting ena, ’me a etsa liqanthana tsa metsi a hloekileng tlhoeko, a sefiloeng ke lehlabathe, ao ha e le hantle, e leng libaka tse bontšang hore ho na le metsi ka tlas’a lehlabathe.

Matša a sehlekehleke sena a fepeloa ke pula eo ka selemo ho lekanngoang hore e etsa lisenthimithara tse 150. Metsi a sa kenang ka matšeng kapa ao lehlabathe le sa a monyang a etsa melatsoana e lebang leoatleng. Ho hakanngoa hore ka hora molatsoana o mong o hlatsetsa metsi a fetang lilithara tse limilione tse hlano ka Leoatleng la Pacific.

Metsi a mangata ke ’ona a etsang hore Sehlekehleke sa Fraser se lule se le setalana. Ka tloaelo, meru ea tropike ha e ke e mela lehlabatheng le haelloang ke lijo. Empa Sehlekehleke sa Fraser ke se seng sa libaka tse ’maloa lefatšeng seo meru ea tropike e tlokomang ho sona lehlabatheng. Ha e le hantle, moru ona o kile oa teteana hoo ho ileng ha rengoa lifate tsa oona ka lilemo tse fetang tse lekholo. Babetli ba ile ba khahlehela lifate tsa blackbutt, kauri le tallowwood. E mong oa bona o ile a re ka 1929: “Mohahlauli o thulana le lebota la lifate tsa litonanahali tse bolelele ba limithara tse 45 . . . Lifatehali tsena li bophara ba limithara tse peli ho ea ho tse tharo.” Lifate tse ling, tse kang sefate sa satinay le sa turpentine li qeteletse li hahile lebota le sephara la Suez Canal. Leha ho le joalo, kajeno lifate tsa Sehlekehleke sa Fraser li ikhōlela ka bolokolohi.

Paradeise e Nang le Histori e Bohloko

Lebitso la sehlekehleke sena le hlaha paleng e bohloko. Ka 1836, Motsamaisi James Fraser le mosali oa hae, Eliza, ba ile ba pholoha ha sekepe sa bona se bitsoang Stirling Castle se ne se robeha leoatleng ’me ba ile ba qetella ba le lebōpong la sehlekehleke sena. Ho bonahala batho ba sebaka seo ba ile ba bolaea motsamaisi, empa Eliza eena o ile a tla pholosoa hamorao. E le hore tlokotsi eo e se lebalehe, ho ile ha fetoloa lebitso Sehlekehleke sa Lehlabathe le Lengata, eaba se rehoa Sehlekehleke sa Fraser.

Tlokotsi e ile ea boela ea oela batho ba moo. Ho na le nako eo Sehlekehleke sa Fraser se neng se e-na le baahi ba Maaborijene ba ka fihlang ho 2 000. Ba ne ba hlalosoa e le batho ba shahlileng le ba matla. Ba ne ba bitsa lehae la bona K’gari, kapa Paradeise. Tšōmo ea Maaborijene e buang ka ho bōptjoa ha sehlekehleke sena e se hlalosa e le sebaka se setle ka ho fetisisa se kileng sa bonoa. Ka masoabi, mafu a tlang le batho ba Europe a ile a bolaea batho ba bangata. Ho phaella moo, mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo boholo ba Maaborijene a neng a setse a ile a tlosoa sehlekehlekeng a isoa karolong ea naha eo e seng sehlekehleke.

Sebaka se Thabisang se Sireletsehileng

Kajeno sehlekehleke sena ke sebaka se sireletsehileng sa liphoofolo tse hlaha le limela. Har’a liphoofolo tse ling tse tummeng sehlekehlekeng sena ke li-dingo—lintja tsa Australia tse hlaha. Kaha li fapane le lintja tsa lapeng, li-dingo tse Sehlekehlekeng sa Fraser li nkoa e le mofuta oa lintja tsa Australia bochabela o se nang motsoako. Li ka bonahala eka ke lintja tsa lapeng, empa hase tsona ’me motho o lokela ho ba hlokolosi le ho li hlompha.

Ho ’nile ha bonoa mefuta e fetang 300 ea linonyana sehlekehlekeng sena. Bo-’mankholi ba mofuta oa brahminy le lintsu tsa leoatleng tse tšoeu mpeng li lula li ōkaōkela mabōpong, ha liinoli tse ’mala o boputsoa ba mookoli tsa morung tsona li tlakela matšeng. Mefuta e tlang ka linako tse itseng tsa selemo e akarelletsa matletleruane a lehlabatheng a Mongolia a qhotsetsang Siberia ebe mariha a fofela boroa. A phomola ho se hokae Sehlekehlekeng sa Fraser pele a qetela leeto la ’ona. Ho phaella moo, bo-’mankhane ba hlooho li thokoa ba ka bang 30 000 kapa ho feta, ba ka lekanang le lekhoaba ka boholo, ka linako tse itseng tsa selemo ba tla sehlekehlekeng sena, ba lapetse lero la lithunthung tsa sefate sa boloukomo.

Metsi a Sehlekehlekeng sa Fraser le ’ona a tletse ka lintho tse ngata tse phelang, ho akarelletsa le maruarua a leetong ho tloha leoatleng le batang haholo la Antarctic ho ea Great Barrier Reef, moo a fihlang a tlōlelana le ho tsoalla teng. Leetong la ’ona ha a khutla, maruarua ana a etsa menyakoe ka ho tlōlela holimo ebe a itahlela ka metsing a etsang lerata ha a phatlalla, e leng se ka bonoang ke motho ea bohōle ba lik’hilomithara tse itseng—eo ke tumeliso e hlollang ka sebele sehlekehlekeng sena!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso, lethathamong la oona la Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng o kenya libaka tsa setso le tsa tlhaho tse nang le lintho tse ikhethang sebōpehong, linthong tse phelang le thutong ea mafika kapa ea saense.

[Limmapa tse leqepheng la 14]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

LEOATLE LA PACIFIC

Sehlekehleke sa Fraser

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ka ho le letona, ho tloha holimo ho ea tlaase:

Moo Molatsoana oa Kurrnung o kenang leoatleng teng;

Matša a 40 a metsi a hloekileng, ho kopanyelletsa le matša a litsullung le a bontšang hore ho na le metsi ka tlas’a lehlabathe, a qalikane le Sehlekehleke sa Fraser

Mohlolo o sa tloaelehang—meru ea tropike e melang lehlabatheng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

All photos: Courtesy of Tourism Queensland

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

“Dingo” le “koala”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of Tourism Queensland

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Lebōpo le bolelele ba lik’hilomithara tse 120 la Sehlekehleke sa Fraser ke le leng la mabōpo a malelele ka ho fetisisa lefatšeng

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Ntsu ea leoatleng e tšoeu mpeng

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Liinoli tsa mofuta oa “kookaburra”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Li-“pelican”

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Maruarua nakong ea khefu leetong le khutlelang Antarctica

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 17]

Eagle: ©GBRMPA; all other photos except pelicans: Courtesy of Tourism Queensland

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela