Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/06 maq. 14-16
  • Ho Etela Chernobyl Letsatsi le le Leng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Chernobyl Letsatsi le le Leng
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letsatsi la Phomolo le Nyotobetsang
  • Nako ea Boikhopotso
  • Tšokelo ea Nyutlelie—Na e Qeteletse e Felile?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • Ho Fuputsa Lisosa Tsa Tšilafalo
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 4/06 maq. 14-16

Ho Etela Chernobyl Letsatsi le le Leng

KA MONGOLI OA TSOHA! UKRAINE

Ha ho kotsi e kileng ea tšoana le e ileng ea etsahala setsing sa matla a nyutlelie se Chernobyl lilemong tse 20 tse fetileng. Ka la 26 April, 1986, litšepe tsa o mong oa mechine e fehlang matla a nyutlelie setsing seo li ile tsa qhibiliha. Ka mor’a likoluoa tse ngata—ebang ke tse bakiloeng ke batho kapa ke tsa tlhaho—ho ntse ho ka hloekisoa sebaka seo koluoa e etsahetseng ho sona ’me sa hahoa bocha. Leha ho le joalo, kotsi ena eona e ile ea e-ba le phello e nkang nako e telele.

LILEMONG tsa morao tjena, ka la 9 May selemo le selemo, bao e kileng ea e-ba baahi ba metseng e haufi le setsi sena ba ’nile ba nka leoto ho tla bona matlo a ileng a lahloa kherehloa ao e neng le mahae a bona—ka linako tse ling ba tla le metsoalle ea bona kapa beng ka bona. Ka linako tse ling ba tlela ho tla etsa mapato. Bo-rasaense le bona ba etela sebaka sena ho tla etsa liphuputso ka liphello tsa mahlaseli a kotsi. Ho phaella moo, lik’hamphani tsa Ukraine tsa bohahlauli li sa tsoa hlophisa maeto a letsatsi le le leng a hlalosetsang baeti sebaka sena hantle.

Ka June 2005, tlaleho e leqepheng le qalang la koranta ea The New York Times e ile ea tlaleha hore ho na le maeto a makhutšoanyane ao “baeti ba tsamaeang le motho ea ba hlalosetsang sebaka” sa Pripet ’me e le “a sa beheng bophelo kotsing.”a Motse oa Pripet, o nang le baahi ba ka bang 45 000, o bohōle ba lik’hilomithara tse tharo ho tloha setsing sa matla a nyutlelie—o ile oa hahoa lilemong tsa bo-1970. Empa o ile oa furalloa—joaloka metse e meng e mengata—ka mor’a koluoa eo ea nyutlelie. Joale batho ba ile ba thibeloa ho ea libakeng tse kang tseo ka lebaka la mahlaseli a kotsi. Nakong ea ha kotsi e etsahala, Anna le Victor Rudnik ba ne ba e-na le nako e ka etsang selemo ba lula Pripet.b

Motsana oa Chernobyl (eo hape e leng lebitso la setsi se fehlang matla a nyutlelie), o bohōle ba lik’hilomithara tse 15 ho tloha mechineng e fehlang matla a nyutlelie. Lilemong tsa morao tjena bao e kileng ea e-ba baahi ba sebaka sena ba lumeletsoe ho se etela selemo le selemo. Ha e le hantle, kaha ba ha Rudnik ba tsoa Chernobyl, le bona ba ne ba etetse teng nakong ena. E-re ke hlalose leeto leo ’na le mosali oa ka re ileng ra le nka le bona lilemong tse ’maloa tse fetileng.

Letsatsi la Phomolo le Nyotobetsang

Re ile ra tloha Kiev, motse-moholo oa Ukraine, re tsamaea ’mileng o lebang leboea o lumellang likoloi tse peli ho leba nģa e le ’ngoe. Re ile ra feta metsaneng e meng moo matlo a kolokileng haufi le tsela, mehalalitoe e khabisitse lijarete ’me batho ba ntse ba sebetsa lirapeng tsa bona tsa meroho. Pakeng tsa metsana eo ke masimo a poone, a koro le a sonobolomo ho fihlela moo mahlo a fellang teng.

Kae-kae ha re ntse re tsamaea ho ile ha e-ba le phetoho joalokaha eka re tšetse moeli. Ho ne ho se letšoao la tsela le bontšang seo, empa phetoho eona re ile ra e utloa. Metse e haufi le tsela e ne e khutsitse ka tsela e tšosang. Matlong a ntseng a tsofala, lifensetere li ne li shoele ’me menyako ho notletsoe ka liloko. Ka pel’a matlo le lirapeng ho ne ho tletse lehola.

Re ne re se re kene sebakeng se thibetsoeng, lik’hilomithara tse ka bang 30 ho tloha moo mechine e fehlang matla a nyutlelie e leng hona teng. Anna o ile a re bolella: “Metse e libakeng tsena e na le mahlaseli a mangata a kotsi. Ke hona mona moo batho ba fetang 150 000 ba litoropo le ba metse e mengata ba ileng ba tlosoa ho isoa mahaeng a macha ho pholletsa le sebaka seo pele e neng e le Soviet Union.”

Ha re ntse re tsoela pele, ka mor’a nakoana ra fihla sebakeng se seng se kampetsoeng ka terata e phahameng. Haufi le sona ke balebeli ba hlokometseng sephethephethe ba mohahong o entsoeng ka mapolanka—o tšoanang le mohaho oo ba lekhetho la thepa e kenang le e tsoang ka har’a naha ba sebeletsang ho oona. Molebeli o hlahloba liphasepoto tsa rōna, o ngolisa koloi ea rōna ’me o re bulela keiti.

Joale re ka har’a sebaka sena se thibeletsoeng. Lifate tse nang le makhasi a macha a matalana li sirelelitse tsela ka holimo. Fatše mona ke mofero—hase lifate tse cheleng le lihlahla tse omeletseng tseo ke neng ke li lebeletse. Ka pele, ho na le lebota le lesoeu le ngotsoeng ka boputsoa hore joale ke motse oa Chernobyl.

Moo motse ona oa Chernobyl o qalang ho na le k’hemiste. ’Mè oa Victor o kile a sebetsa mona. Fensetereng e tletseng lerōle, e litšila, ho ntse ho leketlile boitsebiso ba hore na lebenkele leo le ne le bula lihoreng life. Haufi le serapa sa boikhathollo se ka har’a toropo ke mohaho oo e neng e le oa lintho tsa setso. Anna o hopola kamoo eena le baahi ba bang ba neng ba tloaetse ho phomola teng ka mor’a mosebetsi, ba shebeletse lintho tse fapa-fapaneng tse neng li etsoa ke litsebi tsa lintho tsa setso. Holo ea libaesekopo, e bitsoang Ukraina, e ne e le haufi, sebaka seo bana ba kileng ba ea ho sona ho ea shebella lifilimi tsa morao-rao ka moo ho pholileng, e le ha ba baleha mocheso o moholo ka ntle. Molumo oa batho ba tšehang ka har’a holo eo e lefifi ke khale o qetetse ho utluoa. Anna le Victor ba ile ba re lebisa ha bona—sebakana ho tloha toropong ha motho a tsamaea ka maoto. Lifate tse sa hlokomeloang li koetse tsela e eang monyako o ka pele, ka hona, re tsamaea re entse mokoloko re fohla lehola le seng le entse mofero ho leba monyakong o ka morao—oo ka nako eo e neng e se e le lesobahali feela leboteng.

Ka hare, lintho tsohle li senyehile. Materase a letseng hlobo a khohletse foreiming e rusitseng ea bethe. Marantha a pampiri ea leboteng a se a leketlile joaloka metsi a litšila a hoammeng ha a ntse a rotha. Anna o ile a ema ho thonaka foto ea khale lithōleng tse neng li hasane ka kamoreng. O ile a re ka pelo e bohloko: “Kamehla ke ne ke batla ho khutlela mona ’me ke fumane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntse e le joalokaha re e siile. Ke utloa bohloko ha ke bona ntlo ea rōna e fetohile serobe; lintho tsa rōna li utsoitsoe ha lilemo li ntse li feta!”

Re ile ra tloha lehaeng leo la ba ha Rudnik ’me ra theosa le seterata. K’honeng e ’ngoe ho ne ho e-na le sehlopha sa batho ba chesang lekomo. Re ile ra tsamaea sebaka se ka etsang halofo ea k’hilomithara ho fihlela moo tsela e fellang teng ’me ho qala serapa sa boikhathollo setsiketsing se okametseng nōka e khōlō e khutsitseng hamonate. Lithunthung tse tšoeu tsa lifate tsa li-chestnut li sisinyeha hamonate ha li utloa moea. Litepising tse tsoelipanang ho leba tlaase moo ho palameloang likepe, ke moo ho kileng ha ema batho ba makholo ba neng ba emetse ho tlosoa sebakeng seo ka 1986.

Selemong se fetileng, ka lekhetlo la pele ba ha Rudnik ba ile ba etela moo ba kileng ba lula teng Pripet. Ba ile ba baleha motseng oo ka mor’a hore ho hlahe kotsi setsing sa matla a nyutlelie lilemong tse 19 tse fetileng.

Nako ea Boikhopotso

Ka April 2006, ho ketekoa ka litsela tse sa tšoaneng selemo sa bo20 sa boikhopotso ba koluoa ena ea nyutlelie. Ho batho ba bangata, ena ke khopotso e bohloko ea ho hlōleha ha motho—ho sa tsotellehe boiteko bohle boo a bo etsang—ho tsamaisa litaba tsa lefatše ka katleho ntle ho tataiso ea Molimo.—Jeremia 10:23.

Ka September selemong se fetileng, ho ile ha lokolloa tlaleho ea saense e neng e hlahloba bocha koluoa eo. Tlaleho e neng e entsoe ke moifo oa Machaba a Kopaneng, e ile ea bolela hore qalong kotsi eo e ile ea bolaea batho ba 56 ’me ea hakanya hore ke batho ba ka bang 4 000 feela ka mor’a moo ba tla shoa ka lebaka la ho kulisoa ke mahlaseli a kotsi. Pele ho moo, ho ne ho ile ha hakanngoa hore ke batho ba pakeng tsa 15 000 le 30 000 ba tla shoa. Sehlooho sa baphatlalatsi koranteng ea New York Times ea la 8 September, 2005, se ile sa re tlaleho eo ea Machaba a Kopaneng “e ile ea hlaseloa ke lihlopha tse ngata tsa tikoloho tse neng li hlalosa seo e le boiteko bo leeme ba ho pata likotsi tse ka bakoang ke matla a nyutlelie.”

Victor, eo ka mor’a koluoa eo a ileng a ithuta ka ’Mōpi oa hae, Jehova Molimo, o ile a re: “Ha re sa nyahame joaloka pele kaha rea tseba hore ha ’Muso oa Molimo o tla, likotsi tse mpe joaloka ena li ke ke tsa hlola li etsahala. Re lebeletse pele nakong eo sebaka se potolohileng lehae la rōna leo re le ratang le haufi le Chernobyl se tla nchafala se fetohe karolo ea paradeise e hlollang.”

Tšepiso ea Bibele ea hore Paradeise ea tšimolohong ea lefatše e tla boela e e-ba teng ’me e namele lefatšeng lohle e fetohile tšepo e matla ea batho ba limilione ho tloha nakong eo ho neng ho e-ba le koluoa Chernobyl. (Genese 2:8, 9; Tšenolo 21:3, 4) Ukraine feela, batho ba fetang 100 000 ba amohetse tšepo eo lilemong tse 20 tse fetileng! E se eka le uena u ka susumelletseha hore u nahane ka bokamoso bo thabisang bo tšepisoang ba batlang ho tseba ka merero ea Molimo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja batho ba fapa-fapaneng ba boholong ba bolela hore ho etela libaka tseo ka nako e khutšoanyane ha ho kotsi, Tsoha! ha e buelle kapa hona ho khothalletsa batho hore ba rere ho etela libakeng tseo.

b Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 22, 1997, leqephe 12-15.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]

Sefika Sa Ba Ileng Ba Hloekisa

Sefika sena se hapang mahlo se tlotla ba ileng ba hloekisa sebaka seo ka mor’a koluoa ea Chernobyl. Basebetsi bao ba ile ba tima mollo, ba kiba moo ho neng ho ntse ho kunkela mochineng o fehlang matla a nyutlelie, ’me ba hloekisa tšilafalo eohle e teng. Basebetsi bao ba ile ba qetella ba baloa ka likete tse makholo. Ho hakanngoa hore ba bolailoeng ke kotsi ena ka ho toba e ka ba batho ba 4 000, ’me boholo ba bona e tlameha e bile bona basebetsi bana.

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Letšoao le bontšang motse oa Chernobyl, le holo ea libaesekopo

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

Ba ha Rudnik le lehae la bona le Chernobyl

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Setsi sa matla a nyutlelie moo ho ileng ha qhibiliha litšepe tsa mochine o fehlang matla a nyutlelie, lik’hilomithara tse ka bang tharo ho tloha moo ba ha Rudnik ba neng ba lula teng Pripet (setšoantšo se ka hare)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela