Tsa Mona le Mane
◼ Brazil, ho sebelisa lithethefatsi tse nang le amphetamine hore li felise takatso ea lijo e le hore motho a theole boima ba ’mele ho eketsehile ka liphesente tse 500 ho tloha ka 1997 ho ea ho 2004.—FOLHA ONLINE, BRAZIL.
◼ Monyetla oa hore baqhobi ba lifofane ba be le lera la mahlo o feta oa batho ba bang ka makhetlo a mararo, mohlomong hobane ba pepesehela haholoanyane mahlaseli a kotsi a fumanoang sepakapakeng.—THE WALL STREET JOURNAL, U.S.A.
◼ Lilemong tse leshome tse tlang, hoo e ka bang halofo ea bana ba Asia ba limilione tse likete tse 1,27 ba tla be ba sa fumane lintho tsa motheo tseo ba li hlokang, tse kang metsi a hloekileng, lijo, tlhokomelo e ntle ea bophelo, thuto le moo ba lulang teng.—PLAN ASIA REGIONAL OFFICE, THAILAND.
◼ Mosi oa koae o hengoang ke motho ea sa tsubeng o “kotsi ho feta kamoo batho ba nahanang kateng.” Ka mor’a likhoeli tse 18 ho thibetsoe ho tsuba ka liofising, lireschorenteng le ka har’a mehaho e meng Pueblo, Colorado, U.S.A., palo ea batho ba bang le ho tsietsana ha pelo e ile ea fokotseha ka liphesente tse 27.—TIME, U.S.A
Manyalo a Qhalanang aa Eketseha Spain
Ka selemo sa 2000, batho ba neng ba nyalana ba ne ba feta ka makhetlo a mabeli ba neng ba arohana kapa ba hlalana. Empa ka 2004, ha ho ne ho e-ba le machato a mararo, malapa a mabeli a ne a qhalana. Ho tloha ka 1981 ha melao e lumellang tlhalo e ne e qala ho sebelisoa, bana ba fetang milione ba ile ba bona ha batsoali ba bona ba arohana. Lebaka la keketseho ee ea ho qhalana ha manyalo ke lefe? Ho ea ka Patricia Martínez, setsebi sa kelello, “ntho e ka sehloohong e hlokisang manyalo botsitso ke liphetoho tse teng mekhoeng eo batho ba phelang ka eona, ho se latele melao ea bolumeli le ea boitšoaro, ho sebetsa ha basali, hammoho le ho hloka tšebelisano ha banna tabeng ea mesebetsi ea lapeng.”
Ho Nona Haholo Chaena
Koranta ea London e bitsoang The Guardian, e re Chaena “e tla ba le batho ba limilione tse 200 ba batenya ka tsela e behang bophelo kotsing lilemong tse leshome tse tlang.” Lireschorente “li tletse hohle metseng e mengata—batho ba eketsehileng ba maemong a mahareng ha ba ikoetlise ka ho lekaneng, ba tsamaea ka lipalangoang boholo ba nako, ’me ba qeta nako e ngata ba sa etse letho ba shebeletse thelevishene, ba le k’homphieutheng le ho bapala lipapali tsa video.” Palo ea bana ba nkoang ba le batenya haholo e eketseha ka liphesente tse 8 selemo se seng le se seng, ’me Shanghai, bana ba kenang sekolo sa mathomo ba etsang liphesente tse fetang 15 ba se ba ntse ba nonne haholo.
Nōka e Bontša Hore Lithethefatsi li Sebelisoa Haholo
Phuputso e hatisitsoeng makasineng ea Environmental Health, e re metsi a khuoeng Nōkeng ea Po, Italy, a bontša hore baahi ba phuleng e haufi le nōka eo ba sebelisa k’hok’heine haholo ho feta kamoo ba boholong ba neng ba hakanya kateng. Mosese oa batho ba sebelisang k’hok’heine o na le benzoylecgonine. Ha motho a ka fumanoa a e-na le k’hemik’hale ena ’meleng, hangata hoo ho sebelisoa e le bopaki ka lekhotleng hore motho eo o sebelisitse k’hok’heine. Ho kena ha k’hemik’hale ena nōkeng ka tsamaiso ea likhoerekhoere ho bontša hore letsatsi le letsatsi ho sebelisoa lik’hilograma tse ka bang ’nè, kapa litekanyo tse 40 000 tsa k’hok’heine sebakeng se haufi le molomo oa nōka—e leng palo e fetang ka makhetlo a 80 e neng e hakantsoe pele.
Mafu a Bakoang ke Lintho Tse ka Qojoang
Tlalehong ea oona ea 2005, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, o re: “Selemong sena, bana ba ka bang limilione tse 11 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano ba tlil’o bolaoa ke lintho tseo boholo ba tsona li ka qojoang.” Baneng bao, ba etsang karolo ea 90 lekholong ba tla bolaoa ke lintho tse ’maloa: mathata a hlahelang lesea le sa tsoa hlaha a kang a ho hlaha pele ho nako, ho fumana tšoaetso le ho bipetsana nakong ea ha lesea le hlaha; ho ba le tšoaetso matšoafong le qoqothong, haholo-holo pneumonia; letšollo; malaria, maselese le HIV/AIDS. Tlaleho eo e re: “Bongata ba mafu ana a ne a ka qojoa ka lebaka la phekolo e teng e bonolo, e sa bitseng chelete e ngata ’me e le e sebetsang.” Ho phaella moo, basali ba fetang halofo ea milione baa shoa ha ba imme kapa ha ba pepa selemo le selemo, sesosa se ka sehloohong e le hobane “ho se na tlhokomelo ea batho ba koetlisitsoeng ho thusa maemong ana.”