Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 maq. 10-12
  • “Boiteko bo Halalelang” Ba Ma-Quaker

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Boiteko bo Halalelang” Ba Ma-Quaker
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolumeli ba Metsoalle
  • William Penn le “Boiteko bo Halalelang”
  • Boiteko Boa Hlōleha
  • A ne a e-tsoa Hokae?
    Tsoha!—1996
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese
    Tsoha!—2002
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Karolo 17: 1530 ho ea pele—Boprotestanta—Na ke Nchafatso?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 11/06 maq. 10-12

“Boiteko bo Halalelang” Ba Ma-Quaker

KA July 1656, sekepe se bitsoang Swallow, se tsoang Barbados, West Indies, se ile sa emisa koung ea Boston, Massachusetts, moo hona joale e seng e le United States of America. Richard Bellingham, eo e neng e le motlatsi oa ’musisi koloneng ea Massachusetts, o ile a laela hore baeti ba babeli, Mary Fisher le Ann Austin, ba koalloe ka moo ka sekepeng. Thōtōng ea bona ho ile ha fumanoa libuka tse 100 tseo ho ileng ha thoe li na le “lithuto tse khelosang, tse tsoileng tseleng le tse nyefolang.”

Libuka tseo li ile tsa chesetsoa ’marakeng. Joale basali bao ba ile ba tšoaroa, ba tsolisoa liaparo ho hlahlojoa hore na ebe ha ba na matšoao a boloi. Lifensetere tsa sele ea bona li ile tsa tinketsoa ka thata, ’me basali bao ba koalloa lefifing ka libeke tse hlano. Mang le mang ea neng a iteta sebete ho bua le bona o ne a lefisoa liponto tse hlano. Qetellong, Mary Fisher le Ann Austin ba ile ba khutlisetsoa Barbados.

Motlalehi oa liketsahalo tsa mehleng eo o ile a botsa bo-’maseterata: “Ke hobane’ng ha ho tla ha basali baa ba babeli ho le tšositse joalokaha eka le futuhetsoe ke lebotho le matla malibohong a lōna”? Basali bana ba babeli “ba kotsi” ha e le hantle e ne e le baromuoa ba pele ba Ma-Quaker ba ho fihla Amerika Leboea. Ma-Quaker e ne e le bo-mang, ’me ke hobane’ng ha a ne a nkoa a le kotsi?

Bolumeli ba Metsoalle

Ma-Quaker, kapa Bolumeli ba Metsoalle, a ile a hlaha Engelane lekholong la bo17 la lilemo. Mothehi oa Bolumeli ba Metsoalle ke George Fox (1624-91), ea hlahetseng Leicestershire, eo e neng e le mora oa selohi. Ka mor’a ho ipolela hore o ile a utloa lentsoe la mohlolo, Fox o ile a etsa qeto ea hore a ka bua le Molimo ka ho toba ’me a fumana leseli ho se mokena-lipakeng. Buka e reng A Religious History of the American People, e re: “Ho ea ka neano selemo seo Bolumeli ba Metsoalle bo simolohileng ka sona ke 1652.”

Ho tlile joang hore Bolumeli ba Metsoalle bo bitsoe ba Ma-Quaker (ba thothomelang)? Buka e ’ngoe e re ba ne ba “tsukutleha pele moea o ba senolela.” E ’ngoe eona e re ba ne ba “thothometsoa ke tlhompho e tebileng ea bohloeki le boholo bo ke keng ba lekanngoa ba Molimo.” Sepheo sa Ma-Quaker e ne e le ho fumana ’nete ea bolumeli le ho tsosolosa Bokreste ba qalong.

Bakeng sa tataiso, Ma-Quaker a ne a ipolela hore a itšetlehile ka moea o halalelang, baprofeta ba Bibele le baapostola ba Kreste, hammoho le “khanya” e ka hare, kapa “lentsoe” la seo ba neng ba re ke ’nete ea moea. Ka hona, nakong ea liboka bohle ba ne ba khutsa, e mong le e mong a batla tataiso ea Molimo. Leha e le mang ea neng a senoleloa ke Molimo o ne a ka bua.a

Ma-Quaker a ne a lumela tokeng, botšepehing bo sa sekisetseng le ho pheleng bophelo bo itekanetseng, bo se nang pefo. Hape a ne a lumela hore Bakreste bohle, ho kopanyelletsa le basali, ba lokela ho kopanela tšebeletsong. Kaha a ne a belaella mekhatlo ea bolumeli, a qoba ho tšoara litšebeletso tsa mponeng, a bile a re a tataisoa ke lentsoe le ka har’a ’ona, eseng ke baruti, Ma-Quaker a ile a bakela batho tšabo ’me a belaelloa. Ntho e neng e tšoenya batho ho feta tsohle e ne e le cheseho ea ’ona ha a etsa mosebetsi oa boromuoa, e leng eona e ileng ea fehla bohale, litlhaselo tsa mahoohoo le ho khathatsoa ke ba boholong.

Engelane, Ma-Quaker a ile a hlorisoa le ho hlahleloa chankaneng, ’me New England teng a ile a lelekoa esita le ho bolaoa. Ka mohlala, pakeng tsa 1659 le 1661, Mary Dyer, William Leddra, William Robinson le Marmaduke Stephenson, bao kaofela e neng e le baromuoa, ba ile ba fanyehoa Boston. A mang a ile a tlangoa ka lihanaboi, a tšoauoa ka tšepe e chesang kapa a shapuoa ka sephali. A mang a ile a pongoa karolo e itseng ea tsebe. Monna e mong ea bitsoang William Brend o ile a shapuoa makhetlo a 117 ka mahetleng ka ropo e neng e tlotsitsoe ka sekontiri. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tšoaro e bobatana joalo, Ma-Quaker a ile a eketseha ka palo.

William Penn le “Boiteko bo Halalelang”

Ho tloha ka 1681, bophelo ba Ma-Quaker Amerika Leboea bo ile ba fetoha ka tsela e makatsang. Ho se ’nileng sa bitsoa “boiteko bo halalelang” tsamaisong ea ’muso, William Penn (1644-1718), mocha oa Lenyesemane ea neng a sokolohetse Bolumeling ba Metsoalle, o ile a theha kolone e itšetlehileng ka likhopolo tsa Ma-Quaker ebile e tsamaisoa ke ’ona. Penn ea neng a le khahlanong le ntoa, ’me e le mora oa molaoli oa sesole sa metsing sa Brithani, le eena o ne a kile a koalloa chankaneng ka lebaka la ho bolela le ho ngola fatše seo a se lumelang.

A lefa seo a neng a se kolota ntate oa Penn, Morena oa Engelane o ile a fa Penn sebaka se seholo Amerika Leboea. Molao oa motheo o fetisitsoeng ke morena o ile oa fa mohlankana Penn matla a feletseng a ho laola kolone eo e ncha, e ileng ea rehoa Pennsylvania, e bolelang “Meru ea Penn,” e le ho hopola Molaoli Penn oa Sesole sa Metsing. Sebakeng seo, batho ba malumeli ’ohle ba ne ba tla thabela tokoloho ea bolumeli.

Penn o ile a qala ka ho roma motsoal’ae William Markham, hore a ee Amerika ho ea ba moemeli oa hae ho tiiseng maqhama le Maeurope a fokolang a neng a le ka har’a meeli ea kolone eo e ncha le ho ea reka naha ho Matsoalloa a Amerika. Ka 1682, Penn o ile a tsamaea ka sekepe Nōkeng ea Delaware ho ea bona kolone eo ea hae ka lekhetlo la pele. O ile a etsa selekane se hlokang leeme le matsoalloa a Shackamaxon (eo hona joale e bitsoang Kensington, e leng karolo ea Philadelphia). Joale o ile a rala sebaka se secha sa bolulo hoo e ka bang k’hilomithara ho tloha Shackamaxon, a ba a se reha Philadelphia, e bolelang “Lerato la Bara ba Motho.” Se ile sa hōla ka potlako.

Penn o ile a khutlela Engelane ’me a bolelisa kolone eo e ncha ka morero oa hore batho ba fallele ho eona. O ile a ngola ka libaka tse ntle le meru e metle, nōka e tsotehang, liphoofolo tse hlaha le ka matlalo a boea a liphoofolo. O ile a tšepisa hore ’muso oo o mocha o tla khothalletsa batho ho mamella ba malumeli a mang le ho phelisana ka khotso. Bohle ba ne ba amoheleha—bahoebi, mafutsana hammoho le ba buellang likhopolo tse itseng ba ikemiselitseng ho kenya letsoho tsamaisong e ntle ea puso.

Tšepo ea ho lokoloha khatellong ea sechaba le ea lipolotiki Europe e ile ea hapa boholo ba Ma-Quaker hoo a ileng a tsoa Engelane le Ireland Leboea. Mamennone le lihlopha tse ling tsa habo ’ona a ile a tloha libakeng tse haufi le Nōka ea Rhine e Europe. Boholo ba batho ba fihlileng pele e ne e le Ma-Quaker, ’me Penn o ile a fana ka puo e bontšang hore kolone eo e qalile hantle. Ka 1683 o ile a ngola: “Ho se ho bile le liboka tse peli tsa ketsa-molao, . . . ’me bonyane ho se ho fetisitsoe melao e mashome a supileng eo kaofela ha eona ho lumellanoeng ka eona ka ho feletseng.” Leha ho le joalo, maikutlo ao a akaretsang a ho ba le tšepo ha aa ka a nka nako e telele.

Boiteko Boa Hlōleha

Molao oa motheo koloneng ea Penn o ne o file bohle bolokolohi ba ho latela matsoalo a bona. Ka hona, maemong a mang ha ho ne ho nkoa hore pefo ea hlokahala molemong oa ho boloka molao le botsitso, tumelo ea Ma-Quaker ea ho ba khahlanong le ntoa e ne e e-ba bothata—bo ileng ba ’na ba hōla ha nako e ntse e feta. Qalong, Penn o ile a rarolla bothata boo ka ho khetha mahosana ao e seng Ma-Quaker e le hore joalokaha a hlalosa, a “tiise letsoho ha ho hlokahala ho baahelani.” Ka 1689, ha ho ne ho bonahala eka Fora e ka ’na ea hlasela, Ma-Quaker a ile a boela a thatafalloa ho khomarela melao ea ’ona.

Ho phaella bothateng boo, bajaki ba bangata, bao e neng e se Ma-Quaker, ba ile ba fihla ’me ba amoha Matsoalloa a Amerika naha ea bona. Ka hona, ha qetellong Ma-Quaker a se a fetoa ke ba bang ka palo, likamano le batho ba moo li ile tsa mpefala ho ea pele.

Qetellong seso se ile sa phunyeha pusong ea Ma-Quaker ha ’musisi le baeletsi ba hae ba phatlalatsa ntoa khahlanong le morabe oa Madelaware le oa Mashawnee ka 1756. Seo se ile sa etsa hore Ma-Quaker a ikhule pusong, eaba ke ho oa ha ’muso oa ’ona. Ka hona, “boiteko bo halalelang” bo ile ba fela ka mor’a hore Penn a bo sebelise ka lilemo tse ka bang 75 tsamaisong ea puso.

Ha nako e ntse e feta, cheseho ea bolumeli ea Ma-Quaker le eona e ile ea tapa ha a ntse a atleha maruong. Samuel Fothergill eo e leng Mo-Quaker o ile a re: “Kaha hona joale [Ma-Quaker] a sekametse linthong tsa lefatše lena, a sitoa ho ruta bana ba ’ona melao-motheo eo ’ona ka booona a e lebetseng.” Qetellong Ma-Quaker a ile a aroha litsekana.

Ke ’nete hore Penn le batšehetsi ba hae ba ne ba e-na le takatso e ntle ’me e ka ’na eaba ba ile ba atleha ka nakoana; leha ho le joalo, e tlameha ebe ba ile ba sitoa ho utloisisa thuto ea Jesu ea hore eena le barutuoa ba hae hase “karolo ea lefatše,” kapa ba ile ba e hlokomoloha. (Johanne 17:16) Ka hona, hoa hlaka hore leano leha e le lefe, ho sa tsotellehe hore na le entsoe ka sepheo se setle hakae, le lekang ho kopanya bolumeli le lipolotiki tsa lefatše, ha le hlohonolofatsoe ke Molimo kapa Mora oa hae. (Jakobo 4:4; 1 Johanne 5:19) Ka hona, le ke ke la atleha.—Pesaleme ea 127:1.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kajeno, likereke tse ngata tsa Ma-Quaker li na le moruti ea lefuoang ea tšoarang litšebeletso ka tsela e hlophisehileng haholoanyane.

[Lebokose le leqepheng la 12]

“’MUSO OA KA HASE KAROLO EA LEFATŠE LENA”

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua mantsoe ao a tlalehiloeng ho Johanne 18:36? Karabo ea hlaka ha re utloisisa hore na ’Muso oa Molimo ke eng. ’Muso oa Molimo, e leng taba e ka sehloohong eo Jesu a neng a ruta ka eona, ke ’muso oa lefatše o tla busoa ke Jesu Kreste. (Esaia 9:6, 7; Luka 4:43) Ho e-na le ho sebelisa mebuso ea batho ha o busa, ’Muso oo o tla e felisa ’me e be oona feela ’muso lefatšeng lohle. (Daniele 2:44; 7:13, 14) Sena ke sona seo Jesu a buileng ka sona thapelong ea mohlala ha a ne a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.” (Matheu 6:9, 10) Bafo ba ikokobetsang ba ’Muso oo ba tla phela ka tsela eo banna ba tšepahalang joaloka William Penn, ba neng ba ke ke ba etsa hore ba phele ka eona—ba tla thabela bophelo bo phethahetseng le bo sa feleng paradeiseng e renang khotso.—Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Seboka sa Ma-“Quaker” Philadelphia lilemong tsa bo-1800

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ha Mary Dyer oa Mo-“Quaker” a il’o bolaoa Massachusetts Bay Colony

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Ha Ma-“Quaker” a tloha Engelane lilemong tsa bo-1600

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

William Penn o etsa selekane le Matsoalloa a Amerika ka 1682

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Both pictures: © North Wind Picture Archives

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 11]

Boats: © North Wind Picture Archives; treaty: Brown Brothers

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela