Phoofotsoana ea Metsing e Kang Bere e Shoang ka Thata
KA MONGOLI OA TSOHA! JAPANE
◼ HA U ka batla hohle lefatšeng libakeng tseo ho nang le metsi ho tsona—moo ho nang le boriba, leqhoeng, melatsoaneng, lilibeng tse runyang metsi a chesang, matšeng, maoatleng mohlomong le jareteng ea hao—u ka ’na ua ba lehlohonolo la ho fumana phoofotsoana e ’ngoe ea metsing e kang bere e khonang ho phela maemong a thata ka ho fetisisa. Phoofotsoana ena e nyenyane hoo e batlang e sa bonahale, ’me ’mele oa eona o kotofana, o likarolo li ’nè, o na le letlalo le e sireletsang, ’me e na le maoto a robeli a nang le marō qetellong. Sebōpeho sa eona le ho noaboloha ha eona ha e tsamaea ho tšoana le ha bere ea morung, ke ka hona e bitsoang phoofotsoana e kang bere ea metsing.
Liphoofotsoana tsena li oela sehlopheng sa li-tardigrade, e leng lentsoe le bolelang “lintho tse tsamaeang butle.” Ho na le mefuta e mengata ea tsona e tsejoang, ’me tse tšehali li ka behela lehe le le leng ho isa ho a 30 ka nako e le ’ngoe. Ho ka fumanoa liphoofotsoana tsena tse likete li mashome bohashaneng ba lehlabathe kapa ba mobu o mongobo. Sebaka se setle seo li ka fumanehang ho sona ke boribeng bo hahetseng marulelong.
Liphoofotsoana tsena tsa metsing li ka phela maemong a thata ka ho fetisisa. Encyclopædia Britannica e re: “Tse ileng tsa behoa matsatsi a robeli ka moo ho se nang moea, eaba ka matsatsi a mararo li behoa ka tlung e nang le khase ea helium, tsa ntan’o behoa lihora tse ’maloa serameng sa likhato tse 272 tsa Celsius ka tlas’a ntlha ea khoamo, li ile tsa boela tsa phela ha li behoa thempereichareng e tloaelehileng ea ka tlung.” Li ka boela tsa feta mahlaseling a matla a X-ray a kotsi hoo a ka bolaeang motho. Hape, ho lumeloa hore li ntse li ka phela le ha li ka behoa nako e itseng sepakapakeng moo ho se nang moea!
Lekunutu la tsona ke hore li khona ho ichoesa, ’me nakong eo, li lieha ho hlahisa matla ’meleng hoo li hlahisang a ka tlaase ho karolo ea 0,01 phesente feela—joalokaha eka ha li a hlahise ho hang! E le hore li be boemong bona, li finyetsa maoto, li ntše tsoekere e khethehileng ho nkela metsi a tsoileng ’meleng sebaka, ’me li ikhare ho iketsa bolo e nyenyane e koahetsoeng ke boka. Ha boemo bo khutlela malulong ’me ho e-ba mongobo hape, liphoofotsoana tsena li boetse lia phela ka mor’a metsotso e itseng ho isa lihoreng tse seng kae. Ketsahalong e ’ngoe, liphoofotsoana tsena tsa metsing tse kang bere tse neng li ile tsa ichoesa ka lilemo tse 100 li ile tsa boela tsa phela!
E, “lihahabi” tsena tse nyenyane li rorisa Jehova ka tsela ea tsona e sa bonahaleng empa e le e tsotehang.—Pesaleme ea 148:10, 13.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
© Diane Nelson/Visuals Unlimited