Na ho Hahamalla Chelete Hoa U Kulisa?
HAEBA u ka tsoha u se u le morui e moholo hosasa, u ka etsa’ng? Na u tla raha qhebelele ’me u thabele bophelo? Na u tla tlohela mosebetsi ’me u qete nako e ngata u e-na le lelapa la hao le metsoalle? Na u tla etsa mosebetsi oo u hlileng u thabelang ho o etsa bophelong? Ntho e thahasellisang ke hore batho ba bangata ba ruileng ha ba etse lintho tseo. Ho e-na le hoo, ba qeta bophelo bohle ba bona ba sebeletsa chelete e eketsehileng—ebang ke bakeng sa ho lefa likoloto kapa bakeng sa hore ba rue le ho feta.
Leha ho le joalo, ba bang ba entseng joalo ba hlokomela kamoo ho rata lintho tse bonahalang ho ba kulisang, ho senyang bophelo ba malapa a bona ho bileng ho ba senyetsang bana kateng. Haufinyane tjena, libuka, lihlooho tsa maselinyana le mananeo a thelevishene hammoho le livideo li ’nile tsa lemosa ka likotsi tsa ho ikhotsofatsa ka ho feteletseng ’me tsa khothalletsa batho hore “ba ikhethele ho phela ka tsela e bobebe.” Mehloli e mengata ea boitsebiso e bontša hore ho hahamalla lintho tse bonahalang ho ka u kulisa—kelellong, maikutlong esita le ’meleng.
’Nete ke hore hase la pele ho buuoa ka likotsi tse bakoang ke ho rata lintho tse bonahalang. Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, Bibele e ile ea re: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong. Etsoe lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse mpe, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba khelositsoe tumelong ’me ba itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:9, 10.
Empa na ho fela ho le joalo? Na ba phelelang ho batla chelete le ho bokella maruo ba hlile ba hula ka thata? Kapa na ha ba hloke letho—ke barui, ba phela hantle ’meleng, malapa a bona a thabile? A re ke re boneng.