Tsela eo ke Ratang ’Mino, Bophelo le Bibele ka Eona
Joalokaha ho boletse Boris N. Gulashevsky
Ak’u nahane monna ea foufetseng ea nang le lilemo tse ka bang 65 ea hlasetsoeng ke lefu la pelo ka makhetlo a mabeli. O leboha a ntse a keleketlisa likeleli marameng hore ebe Molimo o itšenotse ho eena. Seo ke se nketsahaletseng lilemong tse 11 tse fetileng.
KE HLAHETSE motsaneng oa Tsibulev o seterekeng sa Cherkassy, Ukraine, ka 1930. Ka 1937, nakong ea puso ea Stalin ea lere la tšepe, Ntate o ile a tšoaroa ’me a fumanoa a le molato oa hore ke “sera sa ’Muso.” ’Muso o ile oa hapa ntlo ea lapeng ’me batho ba bangata ba neng ba re tloaetse ba re koekoetla. Ka mor’a nakoana ba bangata ba bona le bona ba ile ba tšoaroa. Mehleng eo batho ba ne ba sa tšepane, ba ekana ho bile ho rena tšabo.
Ka mor’a likhoeli tse peli Ntate a tšoeroe, khaitseli ea ka e bitsoang Lena, e ile ea hlaha. ’Mè o ile a qeta likhoeli tsa mariha a lula le ’na le Lena le Moholoane Nikolai, ka ntlong e nyenyane e neng e se na lifensetere le setofo. Ha re tloha moo re ile ra fallela ha Ntate-moholo. ’Na le Moholoane Nikolai re ne re etsa mesebetsi ea lapeng, re rema patsi le ho lokisa lintho ha li senyehile. Ke ne ke rata ho sebetsa ka matsoho. Ke ne ke etsa lieta ke bile ke betla mapolanka. Ke ne ke boetse ke rata ’mino, kahoo ke ile ka iketsetsa seletsa sa balalaika ka lepolanka ’me ka ithuta ho se letsa. Ha nako e ntse e ea ke ile ka ithuta ho letsa katara le mandolin.
Ke ile ka kolobetsoa Kerekeng ea K’hatholike ke sa le ngoana. Empa kaha ke ne ke sa utloisise lithuto kapa tsona lineano tsa kereke, ke ile ka lumellana le khopolo ea hore Molimo ha a eo. Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ke ile ka ba setho sa Komsomol (mokhatlo oa bacha ba Makomonisi), ’me ha re fumana monyetla, ’na le litho tse ling re ne re phehisana khang le ba lumelang hore Molimo o teng, re leka ho bontša hore Molimo ha a eo.
Nako eo ke Ileng ka Foufala ka Eona
Ka mor’a hore Jeremane e hlasele Soviet Union ka 1941, mabotho a loantšanang a ile a feta khafetsa motsaneng oa habo rōna nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše. Ka la 16 March, 1944, ke ile ka lemala ha a hlaselana ka libomo ’me ka foufala. Ke ile ka qala ho nyahama le ho felloa ke tšepo, ke bile ke opeloa.
Ha mola oa ntoa o elella ka nģ’a bophirimela ’me Majeremane a qobelloa ho khutlela morao, ke ile ka qala ho otlolla maoto ka serapeng le ho mamela linonyana ha li bina. Kahobane ’Mè o ne a nkutloela bohloko, o ne a ee a mphe vodka hore ke noe, ’me batho ba motse ba ne ba ’memela liphathing tsa bona, moo ke neng ke ba bapalla ’mino teng. Ke ne ke tsuba, ’me ke itebatsa litsietsi ka ho noa. Ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore seo ha se nthuse ka letho.
’Mangoane, eo e neng e le mosuoe, o ile a utloela ka likolo tse rutang bana ba foufetseng eaba o khothalletsa ’Mè hore a ’ngolise ho se seng sa tsona. Ka 1946, ke ile ka qala sekolo sebakeng seo hona joale ho thoeng ke Kam’yanets’-Podil’s’kyy, moo ke ile ka ikakhela ka setotsoana lithutong. Ke ile ka ithuta ho bala Braille le ho e thaepa. Hape ke ile ka tsoela pele ke ithuta ’mino, ke qeta lihora ke ithuta ho letsa korostina ka boqhetseke. Ha motlatsi oa mosuoe-hlooho a bona boiteko bo matla boo ke bo etsang, o ile a ntumella hore ke letse koriana ea hae. Ke ile ka ithuta le ho letsa piano.
Ke ba le ha Ka
Ka 1948, ke ile ka nyala mosuoe e mong moo sekolong, ea neng a nthusitse ka lithuto tsa ka. O ne a shoeletsoe ke monna nakong ea ntoa, a mo siile le barali ba babeli ba banyenyane. Ha ke qeta sekolong moo, ke ile ka lula le eena ha hae. Ke ne ke leka ka hohle ho ba monna le ntate ea molemo, ke bapala ’mino hore ke fumane chelete ea boipheliso. ’Me ka 1952 re ile ra ba le ngoana oa moshemane.
Ke ile ka lokisetsa ho hahela lelapa la rōna ntlo, ka hira batho hore ba rale motheo le ho haha mabota a ka ntle, empa lintho tse ling tse ngata ka iketsetsa tsona. Kaha ha ke bone, ke ne ke thusoa ke ho phopholetsa lintho le ho nahana hore na ebe ke eng. Ke ne ke nka lepolanka, ke le phopholetsa ebe ka kelellong kea le bona. Ka mor’a moo, ke ne ke etsa thepa ka lona, ho akarelletsa lithulusi tsa lepolanka. Lithulusi tsa tšepe tsona ke ne ke li odara fekthering. Ke ile ka haha setofo sa litene, ka etsa thepa ea ka tlung le lintho tse ling.
Sehlopha sa ’Mino oa Liphala
Ke ile ka fumana koetliso e eketsehileng ea ’mino ’me ka ba setsebi sa ’mino. Ha ke se ke tseba ho letsa liletsa tse sa tšoaneng tsa ’mino, ke ile ka ithuta ho letsa phala. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka lokisa phala e nyenyane e neng e entsoe ka leqala. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka ithuta ho iketsetsa liphala. Ka nako eo, litsebi li ne li sa nahane hore ho ka etsoa liphala tse khonang ho hlahisa bese, kaha liphala tse khōlō li ne li ntša molumo o tlaase haholo. Ke kahoo ho neng ho se na lihlopha tsa ’mino oa liphala.
Leha ho le joalo, ke ile ka khona ho etsa phala e nang le sehōlisa-molumo se khethehileng. Sena se ile sa bolela hore ho ka etsoa liphala tse hlahisang bese e tebileng empa molumo oa tsona o ntse o utloahala. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka qala ho etsa liphala tse sa tšoaneng tse khonang ho hlahisa melumo e lumellanang.
Ke ne nkile ka hlophisa lihlopha tsa ’mino tse letsang liletsa tsa setso. Sehlopha se seng sa ka sa ’mino se ne se bile se e-na le libini tse foufetseng feela. Joale, ka 1960, ke ile ka hlophisa sehlopha sa ’mino oa liphala feela—’me ea e-ba sona sa pele sa mofuta oo Soviet Union mohlomong le lefatšeng ka bophara.
Ho Ithuta Lintho Tse Ncha le ho ba le Lipelaelo
Ka 1960, ke ile ka isa liletsa tse ling ho ea lokisoa ke setsebi se seng, se ileng sa qala ho buisana le ’na ka bolumeli. Joalokaha ke ne ke tloaetse, ke ile ka pheha khang, ka re Molimo ha a eo. Monna eo o ile a etsa tlhahiso ea hore ke mamele ho se hokae feela a mpalle seo a se balileng ka Bibeleng. Kaha ho ne ho se mohla nkileng ka bala Bibele, ke ile ka etsa qeto ea ho mamela.
Ke ile ka angoa ka ho teba ke tlaleho e buang kamoo Jakobo a ileng a sebetsa ka thata kateng ho hlokomela ba lelapa la hae. Ke ile ka llisoa ke ha ke utloa tlaleho ea barab’abo Josefa ha ba mo rekisa bokhobeng le liteko tseo a ileng a tobana le tsona le kamoo hamorao a ileng a tšoarela barab’abo kateng. (Genese, khaolo ea 37, 39-45) Ke ile ka khahloa hape ke Molao oa Khauta, o reng re tšoare ba bang ka tsela eo le rōna re batlang hore ba re tšoaroe ka eona. (Matheu 7:12) Ka tsela eo, ke ile ka tloaelana le Bibele ’me ka qala ho e rata.
Ke ile ka qala ka ea libokeng tsa Babaptiste le motsoalle eo oa ka, ’me ka fuoa “Testamente e Ncha” ka Braille, eo ke ileng ka qala ho e bala ka hloko. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela ho se tšoane ho itseng ho seo e se buang le se rutoang ke Babaptiste. Ka mohlala, joalokaha Bibele e bontša, Molimo le Jesu ke batho ba babeli ba sa tšoaneng ebile Molimo o moholo ho Jesu. (Matheu 3:16, 17; Johanne 14:28; Liketso 2:32) Empa Babaptiste bona ba tsitlella hore Molimo le Jesu baa lekana, ’me ke karolo ea Boraro-bo-bong. Ke ile ka bala “Testamente [eo] e Ncha” ka makhetlo, ke phopholetsa lentsoe ka leng ka hloko, ’me ke ile ka kholiseha hore Bibele ha e rute seo.
Phetolelo ea Bibele eo re neng re e sebelisa, e ne e e-na le lentsoe “lihele.” Ke ile ka leka ho nahana ka lihele ka tsela eo Babaptiste ba rutang ka eona—ea hore ke sebaka sa tlhokofatso e sa feleng ea mollo. Seo se ile sa ntšosa haholo! Bibele e re Molimo o lerato, ’me ke ne ke sa utloisise hore na ke joang a ka etsang sebaka se joalo. (1 Johanne 4:8) Ha nako e ntse e feta, ke ile ka ba le lipelaelo tse eketsehileng ka taba ea lihele le ka lithuto tse ling tseo Babaptiste ba li rutang.
Liphetoho Tse Khōlō
Ka 1968 barali ba mosali oa ka ba lenyalong la pele ba ne ba se ba nyetsoe ’me ba e-na le bana. Ka nako eo, ’na le mosali oa ka re ile ra qala ho ba le mathata a tebileng. Ha ke nahana ka lintho tse etsahetseng nakong eo, ke masoabi hore ebe ha rea ka ra bontšana lerato le mamello ka ho lekaneng. Re ile ra hlalana, ka boela ka nyala habeli ’me manyalo ao le ’ona a fella ka tlhalo.
Ka 1981, ke ile ka falla Kam’yanets’-Podil’s’kyy, moo ke neng ke lutse lilemo tse 35 teng, ka fallela Yoshkar-Ola, e lik’hilomithara tse ka bang 600 ka bochabela ho Moscow. Ha ke le moo, ke ile ka tsoela pele ho qapa ’mino. Sehlopha se seng sa ka sa ’mino se ne se e-na le litho tse 45 tse letsang liphala tsa mefuta e sa tšoaneng. Tse ling li ne li le bolelele ba lisenthimithara tse 20, li ntša molumo o mosesaane ’me li le bophara ba senthimithara, ha tse ling tse bolelele ba limithara tse tharo li ne li ntša bese ’me li le bophara ba lisenthimithara tse 20. Likonsarete tsa rōna li ne li phatlalatsoa seea-le-moeeng le thelevisheneng, ’me re li tšoara hohle naheng eo.
Tlhōlisanong ea lihlopha tsohle tsa ’mino Soviet Union e neng e tšoeroe ka 1986, ke ile ka fuoa lengolo le khau ea ho ntšetsa pele bonono ba liphala. Lilemo hamorao ho ile ha hlahisoa filimi e bitsoang Solo for Pipe, or the Fairy Tale of a Musician. Koranta ea Mariiskaya Pravda, e ile ea re: “Boris Nikolaievich Gulashevsky, ea bapalang filiming ena, o fuoe lengolo le ikhethang la ho ba moqapi oa sehlopha sa ’mino oa liphala seo e leng sa pele sa mofuta oa sona Russia.”
Ke Batla ’Nete
Ha ke fallela Yoshkar-Ola, ke ile ka ingolisa laebraring e ’ngoe moo, e neng e e-na le boitsebiso bo bongata bo ngoletsoeng batho ba foufetseng. Ke ile ka ithuta lithuto tsa Mak’hatholike, Mapentekonta le Mamethodiste. Ke ne ke boetse ke ea Kerekeng ea Orthodox. Ke ile ka makatsoa ke hore ebe ba ne ba ruta lithuto tse tšoanang le tseo ke neng ke li utloile Kerekeng ea Babaptiste, tseo ke neng ke se ke ntse ke tseba hore ha li tsoe ka Bibeleng.
Moruti e mong oa Orthodox, ea bitsoang Alexander Men, o ile a ngola hore Molimo o na le lebitso—e leng Yahweh. O ile a boela a re ka nako e ’ngoe Bajuda ba ne ba le borapeling bo hloekileng, boo hamorao bo ileng ba silafatsoa ke lithuto tsa bohetene le borapeli ba litšoantšo. Lingoliloeng tsa hae li ile tsa nkhahla ka ho teba ’me tsa matlafatsa takatso ea ka ea ho batla ’nete.
Ke Ikemisetsa le ho Feta
Sehlopheng sa ka sa ’mino, ho ne ho e-na le sebini se seng se bitsoang Liza, ea neng a bonela thateng hoo ho neng ho nkoa hore o foufetse. Re ile ra nyalana ka 1990, ’me le eena o ne a thahasella litaba tsa bolumeli. Selemong sona seo ke ile ka etela ’Mè ea neng a lula le khaitseli ea ka, Lena, Baranovichi, Belarus. Ke ile ka ea Kerekeng ea K’hatholike kahobane ’Mè a ne a nkōpile hore ke ee, ’me ka amohela Sakramente moo. E ne e le nakong eo ho etsahalang liphetoho maemong a lipolotiki le a kahisano Soviet Union, ’me moruti o ile a qeta boholo ba nako a bua ka liphetoho tsa lipolotiki. Seo se ile sa boela sa nkholisa hore sena hase seo ke neng ke se hloka.
Ka 1994, ke ile ka hlaseloa ke lefu la pelo ka makhetlo a mabeli ’me ka kula haholo. Hona selemong seo, ’Mè o ile a hlokahala. Le har’a tseo tsohle, ke ile ka tsoela pele ho bala Bibele. Ke ne ke se ke ntse ke balile “Testamente e Ncha” ka makhetlo a 25, ’me ka mor’a moo ka khaotsa ho bala makhetlo. Empa ke ile ka tsoela pele ho e bala ’me ka ba le lipotso tse eketsehileng. Ke ile ka hlakeloa hore nke ke ka khona ho utloisisa linnete tsa Bibele ha ho se ea nthusang.
Leseli la Kutloisiso
Ka 1996, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa re etela, Yoshkar-Ola. Ke ne ke li belaella, kaha likoranta li ne li itse ke lequloana le kotsi. Empa ka ipotsa, ‘Li ka etsa’ng ho ’ntša kotsi?’ Ntho ea pele eo ke ileng ka li botsa eona ke hore na li nahana’ng ka Boraro-bo-bong. Li ile tsa re lentsoe leo ha le eo ka Bibeleng, ebile le khopolo eo ha e hlahe ka Bibeleng. Ke ile ka thabela seo, kaha ke seo le ’na ke neng ke se hlokometse.
Ha ke bala Exoda 6:3 Bibeleng ea Serussia e amoheloang ke “Sinoto e Halalelang,” pelo ea ka e ile ea tlōla ke thabo ha ke fihla moo lebitso la Molimo, Jehova, le hlahang teng. Ke ile ka makatsoa ke bolotsana boo malumeli a bo etsang ba ho patela batho lebitso lena. ’Me ke ile ka khahloa ke hore Lipaki li ipitsa ka lebitso la ’Mōpi li bile li le senolela batho ba bang!—Esaia 43:10.
Ke ile ka emella Lipaki tseo ka lipotso. Ka mohlala: “Ke hobane’ng ha Bibele e bua ka lihele? Ke hobane’ng ha phetolelo ea Serussia e amoheloang ke Sinoto e re lefatše le tlil’o chesoa?” Ke ile ka li botsa lipotso tse ngata, ’me tsa nkaraba ka Bibele, e leng ho ileng ha etsa hore ke lemohe hore ke fumane bolumeli ba ’nete boo e neng e le khale ke bo batla. Ke sekile meokho ea thabo, ke ile ka khumama ’me ka leboha Molimo.
Ka mor’a nakoana Lipaki li ile tsa qala ho ea le ’na libokeng tsa tsona, ’me ke ne ke khahloa ke kamoo bamameli ba mamelang ka hloko le ho soahlatsa maqephe kateng ha sebui se ntse se fana ka puo. Ha sebui se bitsa temana ea Bibele, batho ba ne ba phetla temana eo Libibeleng tsa bona. Ke ne ke qala ho utloa ntho e joalo. Sebokeng seo Lipaki li ile tsa bina pina e thehiloeng ho Esaia 35:5 e qalang ka mantsoe a reng: ‘Nakong eo lifofu li bonang.’
Ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki ka makhetlo a ka bang mane ka beke. Ka mor’a nakoana ke ile ka ithuta hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse matšoenyeho le lintoa le hore na o tla etsa’ng ka mathata ao li a bakang. Ke ile ka thaba haholo ha ke utloa ka tšepiso e lerato eo Molimo a fanang ka eona ka ’Muso oa hae, o tlang ho phethahatsa thato ea hae ea hore batho ba mamelang ba thabele ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Genese 1:28; Esaia 65:17-25; Tšenolo 21:1-5) Linnete tsa Bibele li ile tsa ntlhakela le ho feta, ’me ka la 16 November, 1997, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Molimo ka hore ke kolobetsoe.
Re Momahane Tšebeletsong ea Molimo
Nakoana ka mor’a hore ke kolobetsoe, Liza le eena o ile a qala ho ithuta Bibele. Le hoja a ne a shoele litho, o ile a tsoela pele ka potlako moeeng a ba a kolobetsoa ka 1998. O ile a tlameha ho jaroa ha a isoa letamong la kolobetso empa o ne a ikemiselitse ho sebeletsa Molimo ka pelo eohle. Re ile ra hira motho ea mo sililang, ’me Liza a ikoetlisa. Ha nako e ntse e ea, litho tsa hae tse neng li shoele li ile tsa boela tsa sebetsa. Hona joale o ba teng libokeng kaofela ebile o kopanela bopaking ba ntlo le ntlo ’me o ea masimong a hōle ho ea paka ho ’ona.
Nako le nako ha ke ea boboleling, ke rapella sebete. Ha ke qeta ho rapela, ke nka lere, ke tsoa ka monyako ke leba setopong sa libese tse tsamaeang ka motlakase, ke tsamaea ka tsela eo ke e tloaetseng. Ha ke utloa motho a atamela, ke qala ho bua le eena ka Bibele. Ha ke le ka beseng, ke lulella bohareng, ’me ke buisana le batho ka Bibele le ho ba fa lingoliloeng. Haeba motho a thahasella, ke nka linomoro tsa hae tsa fono ke mo fe tsa ka.
Nakong e sa tsoa feta, ke ile ka ba le monyetla oa ho buisana le mosuoe ea rutang ’mino setsing se hlokomelang bakuli ba nako e telele. O ile a tsota bohlale bo ka Bibeleng. Monna eo o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ha a khutlela hae. Hona setsing seo, ke ile ka kopana le motsamaisi oa fektheri e ’ngoe ea moo, eo mora oa hae a foufetseng. Ke ile ka buisana le eena ka tšepo eo ke nang le eona, ’me a thabela linnete tsa Bibele tseo a li utloang ’me a li ananela.
Ka mor’a hore ke kolobetsoe, ke se ke thusitse batho ba robeli hore le bona e be baboleli ba ’Muso ’me ke ithutile Bibele le ba bang ba bangata. Jehova o tsoela pele ho sebelisa bara le barali babo rōna ba Bakreste ho re tšehetsa, ’na le mosali oa ka. Baa re balla ebe re buisana hammoho ka lintlha tse ngotsoeng likhatisong tse thehiloeng Bibeleng. Hape ba re rekotela lipuo tse fanoang kopanong le phuthehong. Sena sohle se thusa ho hatisa linnete tsa Bibele ka ho teba lipelong tsa rōna le hore re buisane le ba bang ka linnete tsena. Ka tsela eo, phutheho e fetohile “thuso e matlafatsang” ho rōna.—Bakolose 4:11.
Ke qetile lilemo tse ngata ke bina, hona joale ke bina lipina tsa ’Muso ka thabo. Ke tseba lipina tsohle ka hlooho tse bukeng ea lipina ea Serussia ea Binelang Jehova Lithoriso. Ke lumela hore Jehova o mphumane lefatšeng lena le khopo ’me a nthusa hore ke fumane tsela ea ho tsoa lefifing la moea. Ke kahoo ke lumelang ka tieo hore ka le leng o tla ntokolla lefifing lena la sebele leo ke leng ho lona.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ke letsa phala e ntšang bese e tebileng haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ke letsa koriana, ka 1960
[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]
Sehlopha sa ’mino oa liphala
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
’Na le Liza kajeno