Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/07 maq. 24-27
  • Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain Leeto le ileng la Fella ka Tlokotsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain Leeto le ileng la Fella ka Tlokotsi
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng a Ile a Batla ho Hlasela?
  • Lebotho le Leholohali la Likepe le sa Laoleheng
  • Lintoa Tse Loannoeng English Channel
  • Lifefo le Likepe Tse Robehang
  • Bohlokoa ba Tlhōlo Eo
  • Kamoo Boemo ba Leholimo bo ka Fetolang Histori Kateng
    Tsoha!—2011
  • Mehla ea Nala ea Mofumahali Elizabetha I—Na ke ’Nete Kapa ke Tšōmo?
    Tsoha!—2010
  • Bibele ea Sepanishe e Loanela ho ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Part 7—’Muso oa ho Qetela o Moholo oa Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 8/07 maq. 24-27

Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain Leeto le ileng la Fella ka Tlokotsi

KA MONGOLI OA TSOHA! SPAIN

LILEMONG tse fetang 400 tse fetileng, mabotho a mabeli a ile a e hlanaka a le ka likepeng tsa ntoa mochophorong oa English Channel. Maprostanta a ne a loantšana le Mak’hatholike ’me ntoa eo ke e ’ngoe ea lintoa tse neng li kupa lekholong la bo16 la lilemo pakeng tsa lebotho la Maprostanta la Mofumahali Elizabeth I oa Engelane le lebotho la Roma e K’hatholike la Morena Philip II oa Spain. Buka e bitsoang The Defeat of the Spanish Armada, e re: “Ho batho ba mehleng eo, ntoa e neng e loaneloa English Channel ka likepe pakeng tsa Manyesemane le Masepanishe, e ne e le ntoa ea makhaola-khang pakeng tsa mabotho a leseli le a lefifi.”

Batho ba neng ba lula Engelane ka nako eo ba ile ba hlalosa lebotho la Spain la Likepe Tsa Ntoa, e le “lebotho le leholo ka ho fetisisa leo ba kileng ba le bona.” Empa leeto la lebotho leo, e bile phoso e ileng ea fella ka tlokotsi—haholo-holo kaha ho ile ha shoa batho ba likete moo. Morero oa leeto leo e ne e le ofe, hona ke hobane’ng ha o ile oa hlōleha?

Ke Hobane’ng a Ile a Batla ho Hlasela?

Masholu a Manyesemane a ne a ’nile a utsoa thepa likepeng tsa Spain ka lilemo, ’me Mofumahali Elizabeth oa Engelane o ne a tšehetsa marabele a Madache a neng a loantša puso ea Spain. Ho feta moo, Philip II eo e neng e le Mok’hatholike o ne a ikutloa a tlamehile ho thusa Manyesemane ao e leng Mak’hatholike ho felisa “bokhelohi” bo ntseng bo ata ba Maprostanta naheng ea ’ona. Kahoo likepeng tsa ntoa tsa Spain, ho ne ho e-na le baruti le baeletsi litabeng tsa bolumeli ba ka bang 180. Masole a neng a le likepeng tsa ntoa tsa Spain a ne a ipolela libe ho moruti a bile a amohela Sakramente ha a phuthehile hammoho.

Tsela eo batho ba Spain le morena oa bona ba neng ba ikutloa ka eona ka bolumeli e hlakisoa ke mantsoe a builoeng ke Mojesuite oa Mosepanishe ea bitsoang Pedro de Ribadeneyra, ea ileng a re: “Molimo Morena oa rōna, eo re loanelang puso ea hae le tumelo e halalelang ka ho fetisisa, o tla re etella pele—’me ha ho hlokahale hore re tšohe letho ha re e-na le motsamaisi ea joalo.” Athe Manyesemane ’ona a ne a tšepile hore tlhōlo e ne e tla betla tsela ea hore likhopolo tsa Maprostanta li ate ka potlako Europe.

Ho ne ho bonahala eka tsela eo morena oa Spain a rerileng ho hlasela ka eona e bonolo. O ne a laetse hore likepe tsa ntoa tsa Spain li nyolohe le English Channel ’me li kopane le ’Musisi oa Parma le lebotho la hae la masole a 30 000 ao e leng khale a li bona a neng a emisitse Flanders.a Mabotho ao a kopaneng a ne a lokela ho tšela English Channel, a tšelele lebōpong la Leoatle la Essex, a ntan’o leba London. Philip o ne a nahanne hore Manyesemane a Mak’hatholike a tla siea mofumahali oa ’ona oa Moprostanta kherehloa ebe a tšolohela ka bongata lebothong la hae.

Leha ho le joalo, leano la Philip le ne le fokola haholo. Le hoja a ne a tšepile hore Molimo o tla mo tataisa le ho mo thusa, o ile a hlokomoloha litšitiso tse peli tse khōlō—e leng matla a lebotho la Manyesemane la metsing le kamoo ho neng ho tla ba thata kateng ho palamisa masole a ’Musisi oa Parma ka likepeng koung e metsing a sa tebang.

Lebotho le Leholohali la Likepe le sa Laoleheng

Philip o ile a khetha ’Musisi oa Medina-Sidonia ho laola lebotho la Spain la Likepe Tsa Ntoa. Le hoja ’musisi eo a ne a se na phihlelo e kaalo ea ho tsamaisa lebotho la metsing, e ne e le mohlophisi ea hloahloa eo ka mor’a nakoana feela batsamaisi ba bang bao e leng khale ba li bona ba ileng ba lumela ho sebelisana le eena. Ba ile ba khobokanya lebotho le matla la ntoa le ho etsa sohle se matleng a bona ho lokisetsa hore lebotho le leholohali le ka likepeng le be le lijo le metsi. Ba ile ba beha matšoao ka hloko, ba fana ka litaelo tse tobileng tsa ho sesisa likepe le ho etsa lihlopha tse neng li tla momahanya lebotho la bona le nang le masole a tsoang lichabeng tse sa tšoaneng.

Qetellong likepe tse 130, tse nang le masole a ka bang 20 000 le basesisi ba 8 000 ba likepe tseo tsa ntoa tsa Spain ba ile ba tloha koung ea likepe e Lisbon ka la 29 May, 1588. Empa meea e matla le lifefo li ile tsa ba qobella hore ba emise motseng oa La Coruña, o karolong e ka leboea-bophirimela ea Spain, ho lokisa likepe tse senyehileng le ho batla lijo le metsi. ’Musisi oa Medina-Sidonia o ile a ngolla morena a amehile ka hore masole ha a na lijo le metsi a lekaneng le hore aa kula ’me a mo bolella ka ho hlaka hore o tšoenyehile ka leeto leo ba le nkang. Empa Philip o ile a tsitlella hore molaoli eo a latele moralo joalokaha o fanoe. Kahoo likepe tseo li ile tsa tsoela pele leetong la tsona le thata ’me qetellong tsa fihla English Channel ka mor’a likhoeli tse peli li tlohile Lisbon.

Lintoa Tse Loannoeng English Channel

Ha likepe tsa Spain li fihla lebōpong la leoatle Plymouth, ka boroa-bophirimela ho Engelane, li ile tsa fumana Manyesemane a li emetse moo. Mahlakore ka bobeli a ne a e-na le likepe tse lekanang ka palo, empa li sa tšoane ka moetso. Likepe tsa Masepanishe li ne li hlaheletse haholo ka holim’a metsi, ’me li hlometse ka likanono tse thunyetsang haufi. Kaha li ne li kentsoe libonela-hōle tse khōlō karolong e ka pele le e ka morao ea sekepe, e ne eka ke liqhobosheane tse phaphametseng ka holim’a metsi. Leano la Masepanishe la ntoa le ne le hloka hore masole a hlasele ba lireng a le haufi le likepe tsa ba lireng ’me a ba hlōle. Likepe tsa Manyesemane li ne li le khutšoanyane, li le lebelo li bile li hlometse ka likanono tse thunyetsang hōle. Batsamaisi ba tsona ba ne ba rerile ho qoba ho ba haufi le ba lireng le ho senya likepe tsa Masepanishe li sa le hōle.

Ho thibela likepe tsa Manyesemane ho tsamaea ka lebelo le ho thunya, molaoli oa Masepanishe o ile a loha leano la tšireletso la hore ba etse lebili le sekheqe joaloka halofo ea ngoeli. Ka mahlakoreng, ho ne ho sirelelitse likepe tse matla ka ho fetisisa tse nang le likanono tse thunyetsang hōle. Ho sa tsotellehe hore na sera se hlaha le hokae, likepe tsa ntoa tsa Spain li ne li tla fetola maoa li hlasele joaloka nare e batlang ho hlaba tau e ntseng e atamela.

Mabotho ao ka bobeli a tsamaeang ka likepe a ile a isana holimo le tlaase English Channel ’me a loana lintoa tse peli tse nyenyane moo. Leano la Masepanishe la tšireletso le ile la atleha, ’me likanono tsa Manyesemane tse thunyetsang hōle li ile tsa hlōleha ho tebisa leha e le sekepe se le seng feela sa Masepanishe. Batsamaisi ba likepe ba Manyesemane ba ile ba etsa qeto ea hore ba lokela ho qhala motheo oo oa tšireletso ’me ba atamele. Ba ile ba fumana monyetla ka la 7 August.

’Musisi oa Medina-Sidonia o ne a latetse litaelo tseo a li filoeng ’me a isitse likepe tsa ntoa tsa Spain ho ea kopana le ’Musisi oa Parma le mabotho a hae. ’Musisi oa Medina-Sidonia o ile a laela hore likepe li emise lebōpong le haufi le Calais, Fora, ha a ntse a emetse molaetsa o tsoang ho ’Musisi oa Parma. Ha likepe tsa Masepanishe li ntse li emisitse moo ’me ho le bonolo ho li hlasela, Manyesemane a ile a romela likepe tse robeli, tse neng li e-na le lintho tse tšoarang mollo ’me a li hotetsa. Batsamaisi ba bangata ba Masepanishe ba ile ba baleha boemong boo bo kotsi ba phasalla le leoatle. Moea o matla le metsi a phallang ka matla a ile a ba lebisa nģ’a leboea.

Mesong ea le hlahlamang, ho ile ha loanoa ntoa ea makhaola-khang. Likepe tsa Manyesemane li ile tsa thunya tsa Masepanishe li le haufi, tsa soahlamanya bonyane likepe tse tharo le ho senya tse ling tse ngata. Kaha Masepanishe a ne a se na libetsa tse ngata hakaalo, a ile a tlameha ho phutha matsoho tlhaselong eo e sehlōhō.

Sefefo se matla se ile sa etsa hore Manyesemane a emise ho hlasela ho fihlela ka le hlahlamang. Hoseng hoo, likepe tsa ntoa tsa Spain li ile tsa boela tsa itlhophisa bocha ka sebōpeho sa ngoeli e sekheqe, ’me tsa leba ho ba lireng li itokiselitse ho loana ka libetsa tse seng kae tse setseng. Empa le pele Manyesemane a qala ho thunya, likepe tsa Masepanishe li ile tsa khanneloa lebōpong ke moea le metsi a phallang ka matla hoo li neng li ka ’na tsa qaoa lehlabatheng le Zeeland, lebōpong la leoatle la Netherlands.

Moo ho neng ho se ho bonahala eka ha ho sa na tšepo ea letho, moea o ile oa qala ho fokela hosele ’me oa lebisa likepe tsa ntoa tsa Masepanishe nģ’a leboea leoatleng le bulehileng moo li sireletsehileng. Empa likepe tsa Manyesemane li ne li koetse tsela e khutlelang Calais, ’me moea o ne o ntse o sutumelletsa likepe tsa Masepanishe a imetsoeng ke ntoa nģ’a leboea. ’Musisi oa Medina-Sidonia o ile a etsa qeto ea hore ha a na boikhethelo haese hore a tlohele ho hlasela Engelane ’me a pholose likepe tse ngata le masole a mangata ka hohle kamoo ho neng ho ka khoneha kateng. O ile a etsa qeto ea ho khutlela Spain ka tsela e potang Scotland le Ireland ka morao.

Lifefo le Likepe Tse Robehang

Likepe tsa ntoa tsa Spain tse neng li senyehile li ile tsa hula ka thata ho khutlela hae. Ho ne ho e-na le leqeme la lijo, metsi le ’ona a ne a haella ka lebaka la litanka tse lutlang. Litlhaselo tsa Manyesemane li ne li sentse likepe tse ngata, ’me e le tse seng kae feela tse boemong ba ho sesa leoatleng. Likepe tsa ntoa tsa Spain li ile tsa thulana le moea o matla oa lifefo o ileng oa qeta libeke tse peli o puputla lebōpong le ka leboea-bophirimela ho Ireland. Likepe tse ling li ile tsa nyamela hoo li sa kang tsa hlola li fumanoa! Tse ling li ile tsa soahlamana lebōpong la Ireland.

Qetellong, likepe tsa pele tsa ntoa tsa Spain li ile tsa tsamaea butle ho ea fihla Santander, e ka leboea ho Spain, ka la 23 September. Ke halofo feela ea masole a neng a tlohile Lisbon a ileng a honyella hae ka likepe tse ka bang 60. A likete a ile a khangoa ke metsi leoatleng. A mang a mangata a ile a bolaoa ke maqeba kapa ho kula ha a le tseleng e khutlelang hae. Esita le a ileng a fihla lebōpong la leoatle Spain a ntse a phela, a ile a ’na a kopana le mathata.

Buka e bitsoang The Defeat of the Spanish Armada, e re: “[Likepeng] tse ’maloa ho ne ho se na lijo ho hang ’me masole a ile a bolaoa ke tlala,” le hoja a ne a emisitse koung ea Spain. Buka eo e re sekepe se seng se ile sa qaoa koung ea likepe e Laredo, Spain, “hobane ho ne ho se na masole a lekaneng ho theola liseile le ho theola ankora.”

Bohlokoa ba Tlhōlo Eo

Ho hlōloa ha lebotho la Spain la metsing ho ile ha fa Maprostanta a Europe Leboea tšepo, le hoja lintoa tsa bolumeli li ile tsa tsoela pele li sa khaotse. Ho bontša hore Maprostanta a ne a lumela hore ho hlōla ha ’ona ke bopaki ba hore Molimo oa a tšehetsa, ho pakoa ke mentlele ea Manyesemane e tlotlang ketsahalo eo. Ho eona ho ngotsoe mantsoe a reng, Flavit יהוה et dissipati sunt 1588, ke hore, “Ka 1588, Jehova o ile a bulula ’me ba qhalana.”

Ha nako e ntse e ea, Great Britain e ile ea fetoha ’muso oa lefatše, joalokaha buka e bitsoang Modern Europe to 1870 e hlalosa: “Great Britain e ile ea hlahella ka 1763 e le ’muso oa lefatše o itlhommeng pele moruong le pusong ea bokolone.” Ha e le hantle, buka ea Navy and Empire, e re: “Ka 1763 ’Muso oa Brithani o ile oa busa lefatše joalokaha eka ke Roma e tsosolositsoeng le e atolositsoeng.” Hamorao, Great Britain e ile ea ikopanya le United States of America eo e neng e le kolone ea eona pele ’me tsa etsa ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika.

Liithuti tsa Bibele li thahasella taba ena ea ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše ea lipolotiki. Li e thahasella hobane Mangolo a Halalelang a bua haholo ka mebuso e hlahlamanang ea lefatše, e leng Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia, Greece, Roma, ’me qetellong ’muso oa lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Ha e le hantle, Bibele e boletse esale pele hore mebuso e ’maloa ho ena e matla e ne e tla phahama le ho oa.—Daniele 8:3-8, 20-22; Tšenolo 17:1-6, 9-11.

Ha re nahana ka liketsahalo tsa nakong e fetileng, hoa hlaka hore se etsahetseng lehlabuleng la 1588, ha lebotho la Spain la Likepe Tsa Ntoa le hlōloa, ke sa bohlokoa haholo. Lilemo tse ka bang 200 ka mor’a hore lebotho leo la Spain le hlōloe, Great Britain e ile ea hlahella e le ’muso o busang lefatše, ’me qetellong oa ba le karolo ea bohlokoa ho phethahatseng boprofeta ba Bibele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sebaka sena e ne e le karolo ea Netherlands, e neng e busoa ke Spain lekholong la bo16 la lilemo. E ne e akarelletsa libaka tse lebōpong la leoatle karolong e ka leboea ea Fora, Belgium le Holland.

[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 26, 27]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Leeto la Likepe Tsa Ntoa Tsa Spain

​——​ Tsela eo li tsamaileng ka eona

–– Tsela eo li khutlileng ka eona

X Lintoa

SPAIN

Lisbon

La Coruña

Santander

FLANDERS

Calais

NETHERLANDS E NENG E BUSOA KE SPAIN

UNITED NETHERLANDS

ENGELANE

Plymouth

London

IRELAND

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Morena Philip II

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Biblioteca Nacional, Madrid

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Mofumahali Elizabeth I

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

’Musisi oa Medina-Sidonia e ne e le molaoli oa lebotho la Spain la Likepe Tsa Ntoa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Cortesía de Fundación Casa de Medina Sidonia

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

Museo Naval, Madrid

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela