Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/07 maq. 10-11
  • Na ho Rapela Molimo e ka ba ho Thabisang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Rapela Molimo e ka ba ho Thabisang?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la ho Thaba
  • Tsela ea Bophelo
  • Lebaka le Leng la ho Thaba
  • Sebeletsa Jehova ka Pelo e Thabileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Molimo o re Thusa Hore re Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Rōna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Fumana Thabo Lefatšeng le Tletseng Likhathatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 8/07 maq. 10-11

Pono ea Bibele

Na ho Rapela Molimo e ka ba ho Thabisang?

MOTHO e mong ea ipitsang Mokreste o ile a ngola a re: “Kea lumela hore Molimo o teng ebile kea mo rata. Empa . . . ho ea kerekeng hona hoa ntsoafisa.” Na le uena ke kamoo u ikutloang kateng? ’Nete ke hore ba bang, ka lebaka la ho jeoa ke bolutu, ho se khotsofale le ho tsieleha, ba iqapetse litsela tseo ba rapelang Molimo ka tsona.

Koranta e ’ngoe e bitsa tloaelo ena ea hore batho ba iqapele litsela tseo ba rapelang ka tsona, “bolumeli boo motho a ikhethelang seo a batlang ho se lumela.” Empa ho ba lakatsang ho rapela Molimo ka tsela e thabisang, borapeli ba mofuta ona ha bo ba khotsofatse. Hobane’ng? Hobane lintho tse neng li sa ba khotsofatse tse entseng hore ba tsoe likerekeng tseo ba neng ba li kena, li ka ’na tsa boela tsa se ke tsa ba khotsofatsa.

Sena se hlahisa potso, Na ho phela ka lithuto tsa Bibele ho tepelletsa motho ho bile ho mo amoha thabo? Che! Ka mohlala ela hloko mantsoe a builoeng ke mopesaleme e mong oa Bibele: “Tloong re hoeletseng ka thabo ho Jehova! . . . Kenang, re rapele ’me re iname; a re khumameng ka pel’a Jehova Moetsi oa rōna.”—Pesaleme ea 95:1, 6.

Mopesaleme e mong oa Bibele o ile a binela Jehova ka kananelo, a re: “Uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Ka Mangolong, Jehova o bitsoa “Molimo ea thabileng,” ’me barapeli ba hae ba nakong e fetileng le ba kajeno ba ’nile ba bontša ka makhetlo hore ba thabile.—Pesaleme ea 83:18; 1 Timothea 1:11.

Lebaka la ho Thaba

Ho lemoha seo Jehova a se entseng ho bontša hore o hlile oa re rata, ke hona ho re thabisang e le kannete borapeling ba rōna. O entse’ng? “Molimo o ratile lefatše [moloko oa batho] haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši [Jesu Kreste], e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

Ke kahoo Bibele e reng thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) Seo hase bolele ho tseba feela seo litemana tse itseng tsa Bibele li se buang. Ho e-na le hoo, re lokela ‘ho utloisisa’ seo re se balang, ’me seo se akarelletsa ho ithuta ka hloko le ka tieo. (Matheu 15:10) Moputso oa seo ke hore: “U tla fumana tsebo ea Molimo.” Ka sebele eo e ka ba ntho e thabisang!—Liproverbia 2:1-5.

Batho ba lekholong la pele la lilemo ba motseng oa Berea o Macedonia ba ile ba latsoa thabo e joalo. Ha moapostola Pauluse a ne a ba ruta lentsoe la Molimo, “ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.” Ba ne ba ke ke ba e-ba le tabatabelo e joalo haeba ho ithuta Mangolo ho ne ho ba tepelletsa kapa ho sa ba thabise.—Liketso 17:11.

Jesu o ile a re: “Ho thaba ba lapelang le ho nyoreloa ho loka, kaha ba tla khorisoa.” (Matheu 5:6) Ho tšoana le batho ba kollang ntsi hanong ba seng ba khona ho ja lijo kamehla le mehla, ba bangata kajeno ba ’nile ba thabela ho feptjoa lijo tsa moea tse felisang tlala ea moea. Ka hona, joaloka batho ba Berea, “ba bangata ba bona [e bile] balumeli.”—Liketso 17:12.

Tsela ea Bophelo

Barapeli ba ’nete ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba latela “Tsela,” e leng lentsoe le sebelisitsoeng ho Liketso 9:2 ho hlalosa tsela e ncha ea bophelo eo Bakreste bao ba pele ba ileng ba e latela. Kajeno, ba batlang ho fumana thabo ha ba rapela Molimo ba lokela ho etsa se tšoanang. Ba lokela ho lumella linnete tsa Bibele ho laola tsela eo ba nahanang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona bophelong.

Ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a phehella batho ba Efese, a re: “Le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro.” Leha ho le joalo, ba ne ba lokela ho etsa ho fetang hoo, kaha Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Le apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”—Baefese 4:22-24.a

Ha re latela keletso eo, ’me re fetola tsela eo re phelang ka eona hore e lumellane le thato ea Molimo, re tla fumana mohloli oa khotsofalo le thabo e khaphatsehang. Mohloli oo ke ofe? Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Kolose hore ba ne ba lokela ho fetoha bophelong ba bona ‘e le hore ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore ba mo khahlise ka botlalo.’ (Bakolose 1:10) Ruri ke ho thabisang ho tseba hore Molimo oa ’nete o khahlisoa ke tsela eo re phelang ka eona! Ho feta moo, Molimo o re nolofalletsa ho mo khahlisa “ka botlalo.” Joang? Ka ho re tšoarela.

Kaofela ha rōna re etsa libe; ’me kaofela ha rōna re hloka hore Molimo a re tšoarele. Pauluse o ile a re ho 1 Timothea 1:15: “Kreste Jesu o ile a tla lefatšeng ho pholosa baetsalibe.” Jesu o ile a re nolofalletsa hore re tšoareloe libe ha a ne a re tella bophelo ba hae. Kahoo, morapeli oa ’nete o ikutloa a imolohile, kaha moroalo o boima oa boikutlo ba ho ba molato o tlositsoe pelong ea hae. A ka ba le letsoalo le khutsitseng a ba a thabisoa ke ho tseba hore hafeela a ntse a leka ka matla ho etsa thato ea Molimo, o tla mo tšoarela libe.

Lebaka le Leng la ho Thaba

Ha motho a qala ho rapela Molimo oa ’nete, o kopana le ba bang. Davida, ea ngotseng lipesaleme tsa Bibele, o ile a ngola a re: “Ka thaba ha ba re ho ’na: ‘A re eeng ntlong ea Jehova.’” (Pesaleme ea 122:1) Ha e le hantle, ho kopana le barapeli ba bang ba ’nete kamehla ho eketsa thabo ea rōna haholo.

Ka mor’a hore monna e mong a ee sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova, o ile a ngola a re: “Taba ea hore re ile ra amoheloa ka mosa ke batho ba ratang ho thusa e ile ea bontša hore ‘ba bonngoeng.’ Tsela e ntle eo bacha ba bangata moo ba neng ba itšoere ka eona e tlameha e thabisa bacha bao le batsoali ba bona. Ke lakatsa ho leboha hore ebe ke ile ka memeloa sebokeng seo se susumetsang le se thabisang.”

Le uena u ka ’na ua thabisoa ke menyetla ea ho rapela Jehova, ’me ua thaba joaloka Davida oa boholo-holo. O ile a khothatsa ba bang, a re: “Sebeletsang Jehova ka thabo. Kenang ka pel’a hae ka mohoo oa nyakallo.” (Pesaleme ea 100:2) Bohle ba sebeletsang Molimo oa ’nete ka sepheo se nepahetseng ba ka lebella ho thaba borapeling ba bona.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha u bala Baefese khaolo ea 4 le Bakolose khaolo ea 3, u tla hlakeloa hantle ke seo ho hlobola botho bona ba khale le ho apara bo bocha ho se bolelang.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Motheo oa borapeli ba ’nete ke ofe?—1 Timothea 2:3-6.

◼ Sehlabelo sa Kreste sa thekollo se phetha karolo efe tabeng ea ho re tlisetsa thabo?—1 Timothea 1:15.

◼ Liboka tsa Bokreste li ka tlatsetsa joang tabeng ea hore re thabele borapeli ba rōna?—Pesaleme ea 100:1-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ho ithuta Bibele le ba bang e ka ba ho thabisang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela