Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 leq. 30
  • “Tlatsetso ea Bohlokoa Tsebong ea Bongaka”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tlatsetso ea Bohlokoa Tsebong ea Bongaka”
  • Tsoha!—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U se U Loketse ho Tobana le Boemo ba Phekolo ea Meriana bo Lekang Tumelo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Koala Lekhalo Pakeng tsa Lingaka le Bakuli ba Lipaki
    Tsoha!—1990
  • Ho Pholosoa Makhatheng a Lefu ka Phekolo e Etsoang ka Ntle ho Mali
    Tsoha!—1992
  • Tlhokahalo e Hōlang ea ho Phekola le ho Buoa Ntle ho Mali
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 9/07 leq. 30

“Tlatsetso ea Bohlokoa Tsebong ea Bongaka”

KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO

Lipaki Tsa Jehova li tsebahala lefatšeng ka bophara ka ho khetha hore li phekoloe ntle ho mali ha li kula. Batho ba bang ba nyatsa boemo bona ba tsona bo thehiloeng Bibeleng. Empa joalokaha ho tlalehiloe koranteng ea Mexico City e ajoang haholo ea Reforma, Dr. Ángel Herrera, eo e leng ngaka e buoang e okametseng Setsi sa Sechaba sa Thuto ea Saense ea Hlahala, o ile a re: “Lipaki Tsa Jehova hase maoatla. Hape hase batho ba chesehang ka ho feteletseng. . . . [Li] fane ka tlatsetso ea bohlokoa tsebong ea bongaka ka ho etsa hore lingaka li nahane ka tlhokahalo ea ho thiba mali hore a se ke a tsoa ka bongata.”

Lilemo tse 15 tse fetileng, Dr. Herrera o ile a hlophisa sehlopha sa lingaka tse robatsang ka lithethefatsi le tse buoang hore li sebetse batho li sa ba tšele mali. Dr. Isidro Martínez, eo e leng ngaka e robatsang ka lithethefatsi sehlopheng seo, o ile a re: “Mokhoa o nepahetseng oa ho robatsa motho ka sethethefatsi ha ho moo o hananang teng le mekhoa ea ho thibela mali hore a se ke a tsoa ka bongata. Ka hona, ruri re ka thusa Lipaki Tsa Jehova, empa re hlompha tumelo ea tsona.”

Ho na le mekhoa e fetang 30 e ka sebelisoang ho e-na le ho tšela motho mali, ho ea ka tlaleho ea Reforma ka October 2006. E akarelletsa ho thibela mali ho tsoa ka bongata ka ho chesa methapo ea mali, ho tlamisa ka masela a khethehileng a nang le lik’hemik’hale tse thibelang mali ho tsoa, le ho sebelisa metsoako e eketsang mali.a

Dr. Moisés Calderón, eo e leng hlooho ea lingaka tse buoang pelo Sepetleleng sa ’Muso sa La Raza, Mexico City, nako le nako o sebetsa bakuli ntle le ho ba tšela mali. Koranteng ea Reforma, o ile a re: “Ho tšela mali ho na le likotsi tse itseng. Ho na le kotsi ea ho fetisa livaerase, libaktheria kapa likokoana-hloko tse ling. Hape, mokuli a ka ’na a hanana le mali ao a a tšeloang ’me seo sa mo bakela mathata a liphio kapa a matšoafo.” Ka lebaka la likotsi tseo, Dr. Calderón o ile a re: “Re sebetsa bakuli bohle joalokaha eka ke Lipaki Tsa Jehova. Re leka ho thiba mali ho tsoa ka hohle kamoo re ka khonang, a tsoileng a khutlisetsoa ’meleng ’me re sebelisa meriana e thusang mokuli hore mali a se tsoe ka bongata.”

Koranta eo e ne e qotsitse Liketso 15:28, 29, e leng lengolo le ka sehloohong leo Lipaki Tsa Jehova li itšetlehileng ka lona tabeng ena. Lengolong lena, baapostola ba ile ba fana ka taelo e latelang: “Moea o halalelang le rōna re bone ho le molemo hore re se ke ra le ekeletsa moroalo o eketsehileng, haese lintho tsena tse hlokahalang, hore le ’ne le ile lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le mali le lintho tse fenethiloeng le bohlola.”

Lefapha la Boitsebiso ba Lipetlele le ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Mexico le tlaleha hore ho na le Likomiti Tsa Bohokahanyi le Lipetlele tse 75 naheng eo, tse nang le baithaopi ba 950 ba etelang lingaka ho li fa boitsebiso ba mekhoa e ka sebelisoang ntle le ho tšela batho mali. Lingaka tse ka bang 2 000 Mexico li ikemiselitse ho phekola Lipaki Tsa Jehova ntle ho mali. Lipaki li ananela haholo tšebelisano-’moho ea lingaka tsena, tseo le tsona li seng li hlomeletsoe hantle hore li thuse le bakuli bao e seng Lipaki.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsoha! ha e buelle mokhoa o itseng oa ho phekoloa ntle ho mali, kaha ena ke qeto eo motho a lokelang ho iketsetsa eona.

[ Setšoantšo se leqepheng la 30]

Dr. Ángel Herrera

[ Setšoantšo se leqepheng la 30]

Dr. Isidro Martínez

[ Setšoantšo se leqepheng la 30]

Dr. Moisés Calderón

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela