Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/07 maq. 28-29
  • Ho Etsahala Eng ha Motho a E-shoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etsahala Eng ha Motho a E-shoa?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etsahala’ng ka Matla a Rōna a ho Nahana?
  • Litaba Tse Molemo Mabapi le Lefu
  • Ho Etsahala’ng ha U Shoa?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ho Etsahala Eng ka Baratuoa ba Rōna ba Shoeleng?
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Meea ha ea ka ea Phela Lefatšeng le ho Shoella Teng
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Potso ea 2: Ho Tla Etsahala’ng ka ’na ha ke E-shoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 10/07 maq. 28-29

Pono Ea Bibele

Ho Etsahala Eng ha Motho a E-shoa?

BATHO bao Molimo a ba entseng ba ne ba sa rereloa ho shoa. (Baroma 8:20, 21) Ha e le hantle, ha Jehova a ne a qala ho bua le Adama ka lefu, o ne a sa bue ka lona e le ntho eo ka tlhaho batho ba ka e lebellang, empa o ne a bua ka lona e le kotlo ea ho se mamele Molimo. (Genese 2:17) Adama o ne a utloisisa hore na ho shoa ho bolela eng, kaha o ne a ee a bone ha liphoofolo li e-shoa.

Adama o ile a etsa sebe ’me a kotula liphello tse babang ka hore a shoe a le lilemo li 930. (Genese 5:5; Baroma 6:23) Kaha o ne a se a lelekiloe lelapeng la Molimo ka lebaka la ho se mamele, o ne a se a ke ke a hlōla a nkoa e le mora oa Molimo. (Deuteronoma 32:5) Ha Bibele e bua ka liphello tse bohloko tse ileng tsa hlahela moloko oa batho e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle.”—Baroma 5:12.

Ho Etsahala’ng ka Matla a Rōna a ho Nahana?

Bibele e boetse e re: “Ho na le qetello mabapi le bara ba moloko oa batho le qetello mabapi le phoofolo, ’me ba na le qetello e tšoanang. Joalokaha motho a shoa, phoofolo e shoa ka mokhoa o tšoanang; kaofela ba na le moea o le mong, hoo motho a sa phahamang ho feta phoofolo, kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke lefeela. Bohle ba ea sebakeng se le seng. Bohle ba bile teng ba tsoa lerōleng, ’me bohle ba khutlela lerōleng.” (Moeklesia 3:19, 20) Ho khutlela lerōleng ho bolela eng?

Poleloana ho “khutlela lerōleng” e re hopotsa mantsoe ao Molimo a ileng a a bolella motho oa pele: “U lerōle ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Sena se bolela hore batho ke libōpuoa tsa nama joaloka liphoofolo. Ha re libōpuoa tsa moea tse mpang li e-na le ’mele ea nama feela. Matla a rōna a ho nahana a ke ke a tsoela pele a sebetsa ha ’mele ea rōna e e-shoa. Bibele e bua tjena ka motho ea shoang: “O phefumoloha la ho qetela, o khutlela lerōleng; ’me ka hora eona eo ho nahana hohle ha hae hoa fela.”—Pesaleme ea 146:4, The New English Bible.

Haeba seo ke se hlileng se etsahalang, joale bafu ba boemong bofe? Lentsoe la Molimo le araba potso eo ka ho hlaka, le re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Bibele ha e re lefu ke motsoalle ea re isang bophelong bo molemonyana, ho e-na le hoo e re ke “sera sa ho qetela,” kaha le emisa sohle seo re se etsang. (1 Bakorinthe 15:26; Moeklesia 9:10) Na see se bolela hore ha motho a e-shoa o ba boemong boo ho se nang tšepo ho bona?

Litaba Tse Molemo Mabapi le Lefu

Ho batho ba limilione, lefu le joaloka boroko boo ba tlang ho tsosoa ho bona. Jesu o kile a re ho barutuoa ba hae ka motsoalle oa bona ea neng a shoele: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse, empa ke ea moo ho mo tsosa borokong.” Ha Jesu a le tseleng e eang lebitleng la khopotso, o ile a kopana le letšoele la batho ba mesarelong. Ha a fihla lebitleng, o ile a laela hore le buloe eaba oa hoeletsa, o re: “Lazaro, tsoa!” Monna eo ea neng a qetile matsatsi a mane a shoele o ile a tsoa. (Johanne 11:11-14, 39, 43, 44) Kaha ’mele oa Lazaro o ne o se o qalile ho bola, Jesu o ile a bontša hore Molimo o khona ho hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka batho ba shoeleng—botho ba bona, monahano oa bona le chebahalo ea bona. A ka boela a ba phelisa. Ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [ke hore la Jesu] ’me ba tsoe.”—Johanne 5:28, 29.

Bibele e re bolella litaba tse ling tse thabisang, e re: “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Ha ho sa tla hlokahala hore batho ba mesarelong ba e’o pata baratuoa ba bona mabitleng. Bibele e re: “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Na ha u lumellane le taba ea hore pono ea Bibele ea tšelisa mabapi le se etsahalang ha motho a e-shoa?

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Na bafu baa ikutloa?—Moeklesia 9:5.

◼ Na ho na le tšepo leha e le efe ka bafu?—Johanne 5:28, 29.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 29]

“O phefumoloha la ho qetela, o khutlela lerōleng; ’me ka hora eona eo ho nahana hohle ha hae hoa fela.”—Pesaleme ea 146:4, “The New English Bible.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela