Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/08 leq. 30
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lifate Tsa Siberia li “Rafa” Liminerale Tsa Bohlokoa
  • Thuso ea Pele Mapatong
  • Liphello Tse Mpe Tsa Tlhalo Tikolohong
  • Bibele e Feletse ka Har’a Ntho e Bonyenyane ba Hloohoana ea Nale
  • Matlotlo a Ntseng a Fokotseha a Lefatše
    Tsoha!—2005
  • Ho Ata ha Tlhalo
    Tsoha!—1992
  • Tlhalo E Hlile e na le Bao e ba Hlaselang
    Tsoha!—1991
  • Na Tlhalo e Lokela ho Lumelloa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 10/08 leq. 30

Tsa Mona le Mane

◼ Ka 2007, Chaena e ne e e-na le “batho ba 106 ba nang le libilione tsa lidolara tsa United States, athe [ka 2006] ba ne ba le 15 feela, ha ka 2002 teng ho ne ho se le ea mong.”—CHINA DAILY, CHAENA.

◼ “Ho ea ka molao o mocha, Maindia a hlokomolohang batsoali ba hōlileng a ka ’na a ahloleloa ho ea chankaneng, ’me molao ona [o] bontša hore batho ba se ba amehile ka tsoelo-pele e kenang ka potlako sechabeng, . . . e felisang mekhoa e bileng teng ka lilemo ea hore malapa a momahane.”—REUTERS, INDIA.

◼ “Kajeno, e ka ’na eaba Engelane palo ea Mamosleme e lekana le ea Machache.”—THE ECONOMIST, BRITHANI.

Lifate Tsa Siberia li “Rafa” Liminerale Tsa Bohlokoa

Makasine ea Russia e bitsoang Vokrug Sveta e tlaleha hore merung ea Siberia, “ho ka fumanoa khauta e sa tsoakoang likutung tsa lifate tse bolileng.” Bo-rasaense ba Ulan-Ude, Irkutsk, le Novosibirsk, ba fumane hore lifate tse lulang li le tala tse melang Siberia libakeng tse nang le liminerale, li monya liminerale tse qhibilihileng mobung. Ha lifate tseo li shoa ’me li bola, liminerale tseo li sala mobung o ka holimo. Bo-rasaense ba Siberia ba fumane ligrama tse hlano tsa plathinamo thaneng e le ’ngoe feela ea lehong le bolileng la lifate, ba fumana limiligrama tse 200 tsa khauta le lik’hilograma tse tharo tsa silevera.

Thuso ea Pele Mapatong

Mochine o sebelisoang ho thusa pelo hore e otle o ile oa fuoa batho ba chekang mabitla Australia. Lebaka? Sun-Herald ea Sydney e re, e le hore ba thuse batho ba shoetsoeng haeba ba ka hlaseloa ke pelo. Sisenanda Santos eo e leng ’muelli oa mokhatlo oa tšebeletso ea Liambulense oa St. John, o laolang lenaneo lena, o re: “Mapatong ho na le kotsi ea hore motho a hlaseloe ke pelo. Batho ba khobokane ba le bangata, ba saretsoe ’me hangata ba apere haholo empa ho chesa.” Mochine ona o bolella motho ea o sebelisang hore na a etse’ng, ’me o chouka motho ea saretsoeng e le ho mo thusa hore pelo ea hae e pompe hape haeba mochine oo o ka lemoha hore o na le matšoao a ikhethang a bontšang hore o hlasetsoe ke pelo.

Liphello Tse Mpe Tsa Tlhalo Tikolohong

Palo e eketsehang lefatšeng ka bophara ea batho ba hlalanang e ba le liphello tse mpe tikolohong, kaha e etsa hore lirafshoa tse seng li fokotsehile li sebelisoe haholo. Phuputso e hatisitsoeng ho Proceedings of the National Academy of Sciences e re tlhalo e etsa hore ho be le mahae a mangata, ho be le mahae ao ho lulang batho ba seng bakae ho ’ona ’me motho ka mong a sebelise lirafshoa tse ngata. “Hoja e ne e se ka lebaka la malapa a batho ba hlalaneng [United States], ka 2005 feela ho ka be ho sa sebelisoa likamore tse eketsehileng tse limilione tse 38, ho ka be ho sa sebelisoa li-kilowatt-hour tse libilione tse 73 tsa motlakase le lilithara tse libilione tse 2,4 tsa metsi, haeba ba ne ba baballa lirafshoa tseo joaloka malapeng a batho ba sa hlalanang.” Ka selemo sa 2000, ho bile le malapa a limilione tse 6,1 a “sa kang a baballa lirafshoa” ka tsela ena United States.

Bibele e Feletse ka Har’a Ntho e Bonyenyane ba Hloohoana ea Nale

Mohloli oa litaba Inthaneteng, e leng Science Daily, o tlaleha hore bo-rasaense ba Iseraele ba theknoloji ea lintho tse nyenyane ka ho fetisisa ba atlehile ho hatisa “Testamente ea Khale” e feletse ka Seheberu nthong e “nyenyane ho feta hloohoana ea nale.” Sena se finyeletsoe ka hore mahlaseli a manyenyane a bitsoang gallium ions, a nang le boitsebiso, a kenngoe hloohoaneng e koahetsoeng ka khauta. Moprofesa Uri Sivan oa Technion-Israel Institute of Technology o re: “Mosebetsi ona oa ho kenya Bibele ka har’a ntho e nyenyane hakana o bontša hore re se re ka khona ho etsa hore lintho li be nyenyane haholo.” Hape o butse khoro ea hore boitsebiso “bo bolokoe linthong tse nyenyane ka ho fetisisa.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]

AP Photo/​Ariel Schalit

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela