Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/09 maq. 3-4
  • Na re Felloa ke Metsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na re Felloa ke Metsi?
  • Tsoha!—2009
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lefatše le Felloa ke Metsi?
    Tsoha!—2001
  • Moo Maqakabetsi a Jeleng Setsi
    Tsoha!—1997
  • Hantle-ntle Metsi ’Ohle a Ile Kae?
    Tsoha!—2001
  • Ho Batla Metsi a Bophelo
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 1/09 maq. 3-4

Na re Felloa ke Metsi?

Batho ba Uzbekistan ba na le maele a reng, “ha u felloa ke metsi, u felloa ke bophelo.” Litsebi tse ling li re mantsoe ao hase maele feela tjee, empa a bontšitse esale pele se etsahalang hona joale. Selemo ka seng ho shoa batho ba ka bang limilione tse peli ka lebaka la tsamaiso e mpe ea likhoerekhoere le metsi a silafetseng, ’me ho bona, ba etsang karolo ea 90 lekholong ke bana.

U FUMANA metsi hokae? Na ha u bulela pompo feela, metsi aa tsoa? Kapa na joalokaha ho tloaelehile linaheng tse ling, u tlameha ho tsamaea sebaka se selelele, u eme moleng ebe joale u roala nkho e boima ea metsi, u khutlela lapeng? Na letsatsi ka leng u qeta lihora tse ngata u kha metsi e le hore feela u fumane a lekaneng a ho hlatsoa le ho pheha? Linaheng tse ngata metsi aa haella ’me ha a fumanehe habonolo! Bukeng ea Diane Raines Ward e bitsoang Water Wars—Drought, Flood, Folly, and the Politics of Thirst, o hlalosa hore karolo ea 40 lekholong ea baahi ba lefatše “e fumana metsi lilibeng, linōkeng, matamong kapa liqanthaneng tse haufi le libaka tseo ba lulang ho tsona.” Linaheng tse ling, basali ba ka ’na ba qeta lihora tse tšeletseng ba khella malapa a bona metsi, ba a roala ka linkho tseo ha li tletse, li ka bang boima ba lik’hilograma tse fetang 20.

’Nete ke hore baahi ba lefatše ba fetang karolo ea boraro ba bothateng bo boholo ba ho fumana metsi ’me ha ba na tsamaiso ea likhoerekhoere. Ho ea ka tlaleho ea Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, bothata bona bo bobe haholo-holo Afrika, moo batho ba 6 ho ba 10 ba se nang matloana a loketseng—e leng se etsang hore “libaktheria, livaerase le likokoana-hloko tse mantleng a batho li fetele mehloling ea metsi, mobung haesita le lijong ebe lia li silafatsa.” Tlaleho eo e bontša hore tšilafalo “ke sesosa se ka sehloohong sa letšollo, e leng bona boloetse ba bobeli bo bolaeang bana ka ho fetisisa linaheng tse ntseng li tsoela pele, ’me e baka seoa sa k’holera, sa manyooa le sa lefu la mahlo le bitsoang trachoma.”

Metsi a ’nile a bitsoa mokelikeli oa khauta, oli ea lekholong lena la bo21 la lilemo. Leha ho le joalo, lichaba li senya sesebelisoa sena sa bohlokoa hoo linōka tsa tsona tse khōlō li salang li se na letho leo li le tšollelang leoatleng. Ha ho ntse ho sebelisoa metsi ho nosetsa ’me a mang a fetoha mouoane, linōka tse khōlō lia psha, tse akarelletsang Nōka ea Colorado e karolong e ka bophirimela ea United States, Nōka ea Yangtze e Chaena, Nōka ea Indus e Pakistan, Nōka ea Ganges e India le Nōka ea Nile e Egepeta. Batho ba entse’ng ho rarolla bothata boo? Tharollo ea sebele e tla ba efe?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]

MEHLOLI EA METSI E KOTSING

◼ “Ka 1960, Leoatle la Aral le Asia Bohareng e ne e le lona letša la bone le leholo ka ho fetisisa lefatšeng. Ka 2007, ho ne ho se ho setse karolo ea 10 lekholong ea lona.”—Scientific American.

◼ Matša a mahlano a Maholo a United States le Canada—e leng la Erie, Huron, Michigan, Ontario le Superior a fokotseha “ka sekhahla se tšosang.”—The Globe and Mail.

◼ Ka nako e ’ngoe, leloala la Deniliquin la Australia le ne le sila lijo-thollo tse lekaneng ho fepa batho ba limilione tse 20. Leha ho le joalo, hona joale kotulo ea raese e fokotsehile ka karolo ea 98 lekholong ’me leloala leo le ile la koaloa ka December 2007. Lebaka? “Komello e bileng teng ka lilemo tse tšeletseng.”—The New York Times.

[Setšoantšo]

Sekepe se siiloeng moo ho ommeng Leoatleng la Aral

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Marcus Rose/Insight/Panos Pictures

[Lebokose/Limmapa tse leqepheng la 4]

“HO PSHA HA LINŌKA LE MELAPO”

“Letša la Chad le Afrika, leo ka nako e ’ngoe e neng e le letšoao le ikhethang leo bo-rasepakapaka ba neng ba tšoaea ka lona, hona joale ho se ho le thata ho bona hore na le hokae. Letša lena le potolohiloeng ke [Cameroon,] Chad, Niger le Nigeria . . . , le se le fokotsehile ka karolo ea 95 lekholong ho tloha lilemong tsa bo-1960. Metsi a mangata a sebelisetsoang ho noesetsa sebakeng seo a entse hore linōka le melapo e fepelang letša leo e pshe. Ka lebaka leo, haufinyane Letša la Chad le ka ’na la nyamela ka ho feletseng ’me meloko e tlang ea se ke ea tseba hore na le ne le le hokae.”—Plan B 2.0—Rescuing a Planet Under Stress and a Civilization in Trouble, ea Lester R. Brown.

[Limmapa]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

■ Metsi

☒ Limela

□ Moo ho ommeng

Ka 1963

NIGER

CHAD

Letša la Chad

NIGERIA

CAMEROON

Ka 2007

NIGER

CHAD

Letša la Chad

NIGERIA

CAMEROON

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA/U.S. Geological Survey

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela