Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/09 maq. 28-29
  • Na Molimo o Otla Batho ka ho ba Bakela Mathata?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Otla Batho ka ho ba Bakela Mathata?
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barapeli ba Tšepahalang ba Ile ba Thulana le Mathata
  • Se re Bakelang Mathata
  • Litlokotsi Tsohle li Tla Fela Haufinyane
  • Na Litsietsi Tse re Hlahelang ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Jobo—Monna ea Ileng a Mamella a ba a Tšepahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lefatše le Tletseng Bomalimabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Thuto Mabapi le ho Sebetsana le Mathata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 1/09 maq. 28-29

Pono ea Bibele

Na Molimo o Otla Batho ka ho ba Bakela Mathata?

Ka mor’a hore mosali e mong ea ka bang lilemo li 55 a tsebe hore o tšoeroe ke kankere, o ile a re: “Ke utloa eka ke kotlo.” Ha a nahana ka phoso eo a ileng a e etsa nakong e fetileng, o ile a etsa qeto ena, “E tlameha ebe ena ke tsela eo Molimo a mpolellang ka eona hore ke entse sebe.”

HA BATHO ba bangata ba le mahlomoleng, ba nahana hore Molimo o ba otlela liphoso tse itseng tseo ba li entseng nakong e fetileng. Ha ba tsielitsoe ke mathata ao ka tšohanyetso a ba hlahelang ka bongata, ba ka ’na ba lla ka ho re: “Hobane’ng ha ke etsahalloa ke see? Ke entse’ng hore ebe ke hlaheloa ke lintho tsee?” Na re lokela ho etsa qeto ea hore ha re hlaheloa ke mathata, seo se bontša hore Molimo oa re ahlola? Na ha batho ba hlaheloa ke mathata, ehlile Molimo oa ba otla?

Barapeli ba Tšepahalang ba Ile ba Thulana le Mathata

Nahana ka tlaleho ea Bibele e buang ka monna ea bitsoang Jobo. O ile a lahleheloa ke leruo ka ho panya ha leihlo. Ka mor’a moo, bana bohle ba hae ba leshome ba ile ba bolaoa ke sefefo. Kapele ka mor’a moo, o ile a hlaseloa ke boloetse bo mo fokolisang le bo nyonyehang. (Jobo 1:13-19; 2:7, 8) Litlokotsi tseo li ile tsa etsa hore Jobo a hooe, a re: “Letsoho la Molimo ke lona le nkotlileng.” (Jobo 19:21, Bibele ea Sesotho) Ka ho hlakileng, joaloka batho ba bangata kajeno, Jobo o ne a nahana hore Molimo oa mo otla.

Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore pele Jobo a hlaheloa ke litlokotsi tseo, Molimo o ne a ile a hlalosa hore Jobo ke “monna ea sa tšoauoeng phoso le ea lokileng, ea tšabang Molimo le ea khelohang bobe.” (Jobo 1:8) Kaha Molimo o ne a bontšitse hore o amohela Jobo, ho hlakile hore litlokotsi tse ileng tsa mo hlahela li ne li sa bontše hore Molimo oa mo otla.

Ha e le hantle, Bibele e bua ka litlaleho tse ngata tsa batho ba lokileng ba ileng ba thulana le mathata. Le hoja Josefa e ne e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo, o ile a hoehla lilemo tse ngata a koaletsoe teronkong ka leeme. (Genese 39:10-20; 40:15) Mokreste ea tšepahalang ea bitsoang Timothea o ile a feta ‘maemong a bohloko a ho kula khafetsa.’ (1 Timothea 5:23) Esita le Jesu Kreste, eo le ka mohla a sa kang a etsa sebe, o ile a tšoaroa hampe pele a e-shoa lefu le bohloko. (1 Petrose 2:21-24) Kahoo, ke phoso ho etsa qeto ea hore ha motho a hlaheloa ke mahlomola, seo se bontša hore o sitetsoe Molimo. Empa haeba hase Molimo ea bakelang batho mahlomola, joale ke mang ea ba bakelang ’ona?

Se re Bakelang Mathata

Bibele e bontša hore Satane Diabolose ke eena ea neng a bakela Jobo litlokotsi. (Jobo 1:7-12; 2:3-8) Ho feta moo, e bontša hore Satane ke mohloli o ka sehloohong oa mathata a rōna kajeno, ha e re: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12) Kaha Satane ke “’musi oa lefatše lena,” o susumelelitse ba bangata hore ba etse liketso tse mpe, tse feletseng ka mesarelo e tšabehang le masisa-pelo.—Johanne 12:31; Pesaleme ea 37:12, 14.a

Empa ha rea lokela ho potlakela ho beha Diabolose molato ka mahlomola ’ohle ao re bang le ’ona. Ka lebaka la sebe seo re se futsitseng le ho se phethahale, re na le tšekamelo ea ho etsa liqeto tse sa bontšeng bohlale, tse ka re bakelang mathata. (Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Ka mohlala, nahana ka motho ea khethang ho ja lijo tse se nang phepo kapa ea sa ipheng nako e lekaneng ea ho phomola. Haeba qetellong sena se mo kulisa, na o lokela ho beha Diabolose molato? Che, motho eo o mpa a kotula litholoana tse babang tsa qeto e fosahetseng eo a e entseng. (Bagalata 6:7) Boemong boo, litaba li ba joalokaha maele a Bibele a bolela, a re: “Bothoto ba motho bo timetsa bophelo ba hae.”—Liproverbia 19:3, Bibele—Phetolelo e Ncha.

Qetellong, re lokela ho hlokomela hore lintho tse ngata tse bohloko tse re hlahelang e mpa feela e le ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Nahana ka motho eo ka tšohanyetso a tšoaroang ke pula e nang ka sefefo. Hore ebe o tla koloba hanyenyane kapa ka ho feletseng, ho ka ’na ha itšetleha ka hore na o tla be a eme hokae ha e qala ho na. Ka ho tšoanang, ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ kapele feela maemo a mabe a ka fetoha moteoloha oa mathata. (2 Timothea 3:1-5) Taba ea hore na re ameha hakae, hangata e itšetlehile ka nako le maemo, tseo re ka ’nang ra ba le monyetla o fokolang oa ho li laola kapa ra se ke ra ba le oona. Joale, na see se bolela hore re tla lula re ntse re hlaseloa ke litlokotsi?

Litlokotsi Tsohle li Tla Fela Haufinyane

Ho thabisang ke hore haufinyane Jehova Molimo o tla felisa litlokotsi tsohle. (Esaia 25:8; Tšenolo 1:3; 21:3, 4) Pele seo se etsahala, o bontša hore o hlile oa re tsotella ka ho re fa ‘taeo’ le “matšeliso a tsoang Mangolong” e le hore re ka sebetsana ka katleho le liteko ha re ntse re lebeletse bokamoso boo bo hlollang bo seng bo atametse. (Baroma 15:4; 1 Petrose 5:7) Ka nako eo, batho ba lokileng mahlong a Molimo ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha, ho se na tlokotsi leha e le efe.—Pesaleme ea 37:29, 37.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sheba sehlooho se reng, “Pono ea Bibele: Satane ke Mang? Na ke Motho oa Sebele?” se hlahang Tsoheng! ea February 2007.

NA U KILE UA IPOTSA?

◼ Na ke batho ba etsang lintho tse mpe feela ba hlaheloang ke litlokotsi?—Jobo 1:8.

◼ Na re lokela ho beha Diabolose molato ka mathata ’ohle a rōna?—Bagalata 6:7.

◼ Na litlokotsi li tla lula li le teng kamehla?—Tšenolo 21:3, 4.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

“Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela