Re Fumane Seo re Neng re se Batla
Joalokaha ho boletse Bert Tallman
Kea thaba ha ke hopola tsela eo ke hōtseng ka eona ha ke sa le moshanyana sebakeng se khethetsoeng morabe oa Ma-“Blood,” e leng Matsoalloa a Amerika Leboea, ao e leng karolo ea Sechaba sa Ma-“Blackfoot” se lulang Alberta, Canada. Re ne re lula haufi le Lithaba Tsa Rocky tse Canada le Letša le letle la Louise.
HESO re ne re le bashanyana ba supileng le banana ba babeli. ’Na le banab’eso re ne re atisa ho chakela Nkhono. O ne a sebetsa ka thata a bile a re ruta mekhoa eo meloko e mengata ea Ma-Blackfoot e neng e phela ka eona mehleng ea pele. Re ile ra ithuta ho kha likhunoane, ho pheha lijo tsa setso le ho lema. Ntate le Ntate-moholo ba ne ba atisa ho tsamaea le ’na ha ba il’o tsoma le ho tšoasa litlhapi. Re ne re tsoma likhama hore re je nama ea tsona ’me re sebelisa matlalo a tsona. Batsoali ba rōna ba ne ba sebetsa ka thata ’me ba leka ka matla ho re lokisetsa lehae le letle. Ke ne ke phela hamonate moo.
Leha ho le joalo, ka 1963 ha Nkhono a hlokahala, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea fetoha. Kaha ke ne ke le lilemo li hlano, ketsahalo eo e ile ea mpherekanya. Ha ho letho leo ke ileng ka le utloa le ileng la hla la ntšelisa. Le hoja ke ne ke le monyenyane hakaalo, ke ile ka ipotsa hore, ‘Haeba ’Mōpi o teng, o hokae? Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa?’ Ka linako tse ling ke ne ke ee ke lle, ke ferekane. Ha batsoali ba ka ba ne ba mpotsa hore na molato ke’ng, ke ne ke re feela ho bohloko kae-kae.
Ke Kopana le Batho ba Basoeu
Pele Nkhono a hlokahala, re ne re sa atise ho kopana le batho ba basoeu. Neng le neng ha re ne re ba bona, ke ne ke utloa ba bang ba bua lipolelo tse kang: “Le ntse le tšoana le makhooa a mang a habo lona, a khopo, a meharo a bileng a se nang kutloelo-bohloko. Ehlile hase batho.” Ke ne ke lemositsoe hore makhooa a mangata ke baikaketsi le hore motho ha aa lokela ho a tšepa. Le hoja ke ne ke labalabela ho kopana le ’ona, ke ne ke le hlokolosi kaha makhooa a neng a lula sebakeng sa heso a ne a re soma a bile a re nyenyefatsa.
Nakoana ka mor’a hore Nkhono a hlokahale, batsoali ba ka ba ile ba qala ho noa haholo, e leng se ileng sa ntšulafalletsa bophelo haholo lilemong tseo. Ha ke le lilemo li robeli, Mamomone a mabeli a ile a etela lapeng. A ne a bonahala eka ke batho ba molemo. Batsoali ba ka ba ile ba lumellana le ’ona hore ke kenngoe lenaneong la ntlafatso. Kamoo ke neng ke utloisisa kateng, lenaneo leo le ne le reretsoe ho fetola bana ba Maindia ka hore ba kopane le makhooa. Ka lebaka la boemo ba lelapa leso, batsoali ba ka ba ile ba nahana hore ho ka ba molemo hore ke il’o lula le lelapa le leng. Ke ile ka makala ka ba ka soetseha, kaha batsoali ba ka ba ne ba mpoleletse hore ha kea lokela ho tšepa makhooa. Ke ne ke sa batle ho ea moo, ’me ke ile ka leka ho qoba seo. Ke ile ka qeteletse ke lumetse ha batsoali ba ka ba ntiisetsa hore ke tla tsamaea le moholoane oa ka.
Leha ho le joalo, ’na le moholoane re ile ra arohanngoa ha re fihla Vancouver, British Columbia, ’me ka isoa sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 100! Ke ne ke ferekane. Le hoja lelapa le ileng la nkamohela e ne e le la batho ba molemo, ke ne ke sithabetse maikutlo ’me ke tšohile. Hoo e ka bang likhoeli tse leshome hamorao, ke ile ka khutlela lapeng.
Ha ke se ke Khutletse Lapeng
Le hoja lintho li ne li sa fetoha hakaalo lapeng, ke ne ke thabetse ho khutlela hae. Ha ke le lilemo li ka bang 12, batsoali ba ka ba ile ba khaotsa ho noa. Seo se ile sa thusa, empa ke ne ke se ke qalile ho etsa lintho tse tsoileng tseleng, kaha ke ne ke qalile ho sebelisa lithethefatsi le joala. Batsoali ba ka ba ile ba nkhothalletsa hore ke etse lintho tse ling ho e-na le ho phela ka tsela eo, tse kang ho kalla lipere le lipoho tse hlaha, e leng ntho eo ke neng ke hlile ke e rata. Ho kalla lipere le lipoho tse hlaha ho ne ho batla hore motho a be sebete. Ke ile ka ithuta ho kalla lipoho tse hlaha tse penyang, bonyane ka metsotsoana e robeli li sa ntihe, ke itšoarelelitse ka letsoho le le leng feela ropong e tlameletsoeng mpeng ea poho.
Ha le ke lilemo tse ka bang 15, baeta-pele ba morabe oa heso ba ile ba nthuta bolumeli ba setso. Ke ile ka bo nkela holimo, kaha ke ne ke sa rate malumeli ao ho thoeng ke a makhooa. Ke ne ke nka hore meetlo ea Ma-Blackfoot e khothalletsa batho hore ba be mosa ’me ba be le toka, e leng lintho tse neng li le sieo malumeling a mangata a “Bokreste.” Ke ne ke phela hamonate le Matsoalloa a heso, ke rata mesoaso ea ’ona ’me ke thabela bonngoe bo teng pakeng tsa litho tsa lelapa le metsoalle.
Hoo e batlang e le nakong ena, ke ile ka utloela ka tsela e se nang toka eo Maindia a heso a ’nileng a tšoaroa ka eona ho theosa le lilemo. Ke ile ka bolelloa hore makhooa a ne a re tšoaelitse maloetse a bile a qetile linare tseo re iphelisang ka tsona. Ha e le hantle, ho tlalehoa hore Mokoronele R. I. Dodge, oa Lebotho la United States, o ile a re: “Le bolaee nare e ’ngoe le e ’ngoe eo le e bonang. Ha le bolaile nare e le ’ngoe, le tla be le bolaile Moindia a le mong.” Ke ile ka hlokomela hore sena se ile sa nyahamisa Ma-Blackfoot ’me sa etsa hore a ikutloe eka ha ho letho leo a neng a ka le etsa.
Ho feta moo, babusi ba bang hammoho le bo-mphato ba bona ba bolumeli, ba ne ba lekile ka matla ho fetola Maindia a moo, ao ba neng ba nka hore ha a tsoela pele. Ba ne ba lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le Maindia e lokela ho fetoloa—ho akarelletsa setso sa ’ona, litumelo tsa ’ona, boitšoaro ba ’ona le puo ea ’ona—e le hore a phele joaloka makhooa. Canada, bana ba bang ba Maindia ba neng ba kena likolong tsa likereke ba bile ba lula ho tsona, ba ne ba hlekefetsoa. Ba bang ba ile ba qala ho sebelisa lithethefatsi le ho noa joala, ba ba mabifi ’me ba ipolaea—e leng mathata a ntseng a tsoela pele le kajeno libakeng tseo Maindia a lulang ho tsona.
E le hore a qobe mathata ana, Maindia a mang a ile a etsa qeto ea ho lahla setso sa Ma-Blackfoot. A ile a khetha ho buisa bana ba ’ona Senyesemane ho e-na le ho sebelisa puo ea ’ona, ’me a leka ho etsisa batho ba basoeu. Empa ho e-na le hore Maindia a mangata a amoheloe ke makhooa, a ile a a soma ’me a songoa le ke Maindia a mang a neng a a bitsa ‘liapole’—a re ka ntle a mafubelu empa ka hare a masoeu.
Ho ne ho utloisa bohloko ho bona Maindia a hula ka thata joalo. Ke ne ke labalabela ho bona batho ba lulang sebakeng sa heso le libakeng tse ling tsa Canada le United States ba phela maemong a ntlafetseng.
Ke ne ke Labalabela ho Fumana Likarabo
Ha ke sa le mocha, ke ne ke nahana hore ha ho mohla batho ba bang ba tla nkamohela. Hangata maikutlo a ho ikhalala ao ke neng ke e-na le ’ona a ne a etsa hore ke hloname. Ke ile ka ba ka hloea batho ba basoeu. Leha ho le joalo, batsoali ba ka le rakhali ba ile ba nkeletsa hore ke se ke ka koetla lehloeo le ho tlala moea oa boiphetetso; ho e-na le hoo ba nkhothalletsa hore ke be ea tšoarelang le ea bontšang lerato ’me ke se ke ka nkela hloohong batho ba nang le khethollo. Hamorao ke ile ka hlokomela hore keletso eo e ne e tsamaisana le melao-motheo ea Bibele. Ho phaella moo, ke ne ke ntse ke labalabela ho fumana likarabo tsa lipotso tse neng li ntšoenya ha ke sa le ngoana. Ke ile ka ba ka qala ho ipotsa hore na lebaka leo re leng teng ka lona lefatšeng ke lefe le hore na ke hobane’ng ha ho hloka toka ho ntse ho tsoela pele. Ke ne ke sa utloisise taba ea hore ebe re phela nakoana feela re ntan’o shoa. Ke ne ke ferekane.
Nako le nako ha Lipaki Tsa Jehova li etetse lapeng, ho ne ho thoe ke bue le tsona. Ke ne ke li hlompha kaha li ne li bonahala li se na khethollo. Le hoja ke ne ke thatafalloa ho beha lipotso ka tsela e hlakileng, kamehla ke ne ke qoqa hamonate le tsona. Ke hopola ka le leng ke etetsoe ke John Brewster le Harry Callihoo, eo e leng Paki ea Le-Blackfoot. Re ile ra buisana nako e telele ha re ntse re tsamaea makhulong. Ke ile ka fumana buka e ’ngoe ’me ka e bala ho fihla bohareng eaba ka mor’a moo ea lahleha.
Ke ne ke Kalla Lipoho Tse Hlaha
Ke ile ka kōpa keletso ho batho ba baholo ba lulang sebakeng sa heso. Le hoja ke ne ke ananela keletso ea bona e utloahalang, ha ho mohla ke ileng ka fumana likarabo tse khotsofatsang lipotsong tseo ke neng ke e-na le tsona mabapi le bophelo. Ha ke le lilemo li ka bang 16, ke ile ka tloha lapeng ’me ka ikakhela ka setotsoana litlhōlisanong tsa ho kalla lipere le lipoho tse hlaha. Liphathing tseo ke neng ke ea ho tsona ka mor’a litlhōlisano tseo, hangata batho ba ne ba e-noa ho feta tekano ba bile ba sebelisa lithethefatsi. Letsoalo le ne le nkhathatsa etsoe ke ne ke tseba hore boitšoaro bo joalo bo fosahetse ke bile ke tseba hore Molimo ha a rate tsela eo ke phelang ka eona. Hangata ke ne ke rapela ’Mōpi hore a nthuse ho etsa se nepahetseng le hore ke fumane likarabo tsa lipotso tse neng li ntse li ntšoenya.
Ka 1978, ha ke ntse ke le Calgary, ke ile ka kopana le moroetsana e mong ea bitsoang Rose. E mong oa batsoali ba hae e ne e le Le-Blackfoot ha e mong e le Le-Cree. Re ne re thahasella lintho tse tšoanang, ke bile ke khona ho bua le eena ka bolokolohi. Re ile ra ratana ’me ra nyalana ka 1979. Lelapa la rōna le ile la hōla ha re e-ba le morali ea bitsoang Carma le mora ea bitsoang Jared. Rose o ’nile a ntšehetsa ka botšepehi ’me a bontša hore ke ’mè ea molemo. Ka le leng ha ’na le lelapa la ka re etetse moholoane, ke ile ka fumana buka e bitsoang U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a Ke ile ka khahloa ke seo ke se balileng moo ’me ka utloa se hlile se utloahala. Empa moo joale ke qalang ho utloisisa molaetsa oa Bibele, ke ile ka fihla moo buka eo e neng e tabohile maqephe. ’Na le Rose re ile ra leka ka matla hore re fumane maqephe ao a tsoileng, empa ha rea ka ra atleha. Leha ho le joalo, ke ile ka ’na ka rapella hore ke fumane thuso.
Re Etela Moruti
Nakong ea selemo ka 1984, re ile ra ba le ngoana oa boraro ha Rose a fumana moralinyana oa rōna e motle ea bitsoang Kayla. Leha ho le joalo, likhoeli tse peli ka mor’a moo, Kayla o ile a bolaoa ke bothata ba pelo boo a hlahileng a e-na le bona. Re ne re utloile bohloko haholo ’me ke sa tsebe hore na ke tšelise Rose joang. O ile a mphehella hore ke ee le eena ho moruti e mong oa K’hatholike sebakeng seo re lulang ho sona e le hore a re tšelise a be a arabe lipotso tsa rōna.
Re ile ra mo botsa hore na ke hobane’ng ha moralinyana oa rōna a ile a tlameha ho shoa le hore na o ile hokae. O ile a re bolella hore Molimo o nkile Kayla hobane o ne a batla lengeloi le leng. Ke ile ka ipotsa hore, ‘Haeba Molimo ke ’Mōpi ea Matla ’Ohle, ke hobane’ng ha a nkile morali oa rōna hore e be lengeloi? Ke’ng seo lesea le hlokang tlhokomelo le ka se etsang?’ Ho hang moruti ha aa ka a phetla Bibele. Re ile ra tloha moo re khathetse matla.
Re Ile ra Thusoa ke Thapelo
Hoseng ho hong ka Mantaha ho ella bofelong ba November ka 1984, ke ile ka qeta nako e telele ke rapela, ke kōpa Molimo ka tieo hore a nthuse ho ba motho ea molemo le hore ke utloisise lintho tse etsahalang le ho utloisisa morero oa bophelo. Hoseng hona hoo, Diana Bellemy le Karen Scott, bao e leng Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba nketela. Ba ne ba bonahala ba tšepahala ebile ba le mosa ’me ba bolela molaetsa ka cheseho. Ke ile ka ba mamela, ka nka Bibele le buka ea Ho Pholohela Lefatšeng le Lecha,b ’me ka lumela hore hamorao bekeng eo Diana le monna oa hae Darryl ba khutle.
Ha ba qeta ho tloha, ke hona moo ke ileng ka elelloa hore e tlameha ebe ena e ne e le karabo thapelong ea ka. Ke ne ke thabile hoo ke neng ke bile ke ronta ka tlung, ha ke ntse ke emetse hore ha Rose a khutla mosebetsing ke tl’o mo bolella se etsahetseng. Ke ile ka makala ha Rose a mpolella hore le eena o ne a ntse a rapela Molimo bosiung bo fetileng, a mo kōpa hore a mo thuse ho fumana bolumeli bo nepahetseng. Ka Labohlano la beke eo, re ile ra qala ho ithuta Bibele. Hamorao re ile ra tseba hore, letsatsing leo ka lona Karen le Diana ba neng ba re etetse, ba ne ba sa fumana matlo ao ba neng ba rerile ho ea bolela litaba tse molemo ho ’ona. Leha ho le joalo, eitse ha ba bona ntlo ea rōna, ba ikutloa ba susumelletseha hore ba re etele.
Qetellong—Lipotso Tsa ka Lia Arajoa!
Beng ka rōna le metsoalle ba ile ba makala ’me ha re qala ho ithuta Bibele ba ne ba re hlokela nako. Ba re emella ka hore re itšenyetsa nako ’me ha re sebelise tsebo le bokhoni ba rōna ka botlalo. Leha ho le joalo, re ile ra etsa qeto ea hore re ke ke ra lahla Motsoalle oa rōna e mocha, e leng ’Mōpi oa rōna, Jehova. Etsoe re ne re fumane ntho ea bohlokoa haholo—linnete tse hlollang le sephiri se halalelang tse ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. (Matheu 13:52) ’Na le Rose re ile ra kolobetsoa re le Lipaki Tsa Jehova ka December 1985. Hona joale beng ka rōna ba hlompha Lipaki Tsa Jehova haholo, kaha ba bone liphetoho tse babatsehang tseo re li entseng ho tloha ha re kolobetsoa.
Ka sebele ke fumane seo ke neng ke se batla! Bibele e araba lipotso tsa bohlokoa ka tsela e bonolo le e utloahalang. Ke ile ka khotsofala ha ke ithuta ka morero oa bophelo, lebaka leo re shoang ka lona le ka tšepiso ea Molimo ea hore re tla boela re kopane le moralinyana oa rōna Kayla ’me re bone ha a hōlela maemong a phethahetseng. (Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:4) Ha nako e ntse e feta, ke ile ka boela ka ithuta hore ha rea lokela ho sebelisa ’mele ea rōna hampe, ho bontša ho se hlomphe bophelo kapa hona ho hlohlelletsa litlhōlisano. (Bagalata 5:26) Ho ne ho le thata ho etsa qeto eo, empa ke ile ka khetha ho tlohela ho kalla lipoho tse hlaha e le hore ke khahlise Molimo.
Tsebo e nepahetseng ea Bibele e re lokolotse litumela-khoeleng tse tšoenyang Maindia a mangata a moo, tse kang ea hore ha ho ka ba le sephooko kapa ha ntja e ka hlaba moolo, seo se ka ’na sa etsa hore motho e mong a shoe ka lapeng. Ha re sa tšaba hore meea e sa bonahaleng ea libōpuoa tse phelang kapa ea lintho tse sa pheleng e ka re ntša kotsi. (Pesaleme ea 56:4; Johanne 8:32) Hona joale re ananela pōpo ea Jehova e tsotehang. Ke na le metsoalle ea batho ba tsoang lichabeng tse ngata bao ke ba bitsang bara le barali beso, ’me le bona ba re talima ka tsela e tšoanang re le bahlanka-’moho ba Molimo. (Liketso 10:34, 35) Ba bangata ba bona ba ikitlaelletsa ho ithuta setso le litumelo tsa rōna tsa Maindia hammoho le puo ea Ma-Blackfoot e le hore ba ka atleha ho bolella ba bang molaetsa oa Bibele ka tsela e ipiletsang.
Lelapa la rōna le lula sebakeng se khethetsoeng morabe oa Ma-Blood, karolong e ka boroa ea Alberta, moo re nang le polasi teng. Re ntse re rata lintho tsa setso sa habo rōna—tse kang lijo, ’mino le tantši. Ha re kenelle hakaalo moketeng oa tantši ea setso, oo ka linako tse ling ho thoeng ke oa powwow, empa rea o shebella ha ho loketse. Hape ke lekile ho ruta bana ba rōna ka setso sa habo bona le puo ea Ma-Blackfoot. Maindia a mangata a tsebahala ka litšobotsi tse babatsehang, a mosa, a ikokobelitse ebile a tsotella ba malapa a ’ona le metsoalle. A boetse a tsebahala ka ho amohela baeti ka mofuthu le ho hlompha batho ba bang, ho akarelletsa le ba litso tse ling. Ke ntse ke ananela lintho tsena ebile kea li rata.
Se re thabisang haholo ke ho sebelisa nako ea rōna le matlotlo a rōna ho thusa ba bang ho ithuta ka Jehova le ho mo rata. Mora oa rōna, Jared, ke moithaopi ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e haufi le Toronto. Ke sebeletsa ke le moholo Phuthehong ea habo rōna ea Macleod, ’me ’na le Rose le Carma re bo-pula-maliboho ba kamehla, kapa baevangeli ba nako e tletseng. Re thabela ho bolella ba bang litaba tse molemo ka puo ea habo rōna ea Ma-Blackfoot. Hoa thabisa ho bona ba bang ba amohela ’nete e mabapi le ’Mōpi le merero ea hae.
Bibele e re ka Jehova: “Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane.” (1 Likronike 28:9) Ke leboha hore ebe o phethahalitse tšepiso eo ea hae ka hore a re thuse, ’na le ba lelapa la ka hore re fumane seo re neng re se batla.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Hona joale ha e sa hatisoa.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova. Hona joale ha e sa hatisoa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
‘Haeba ’Mōpi o teng, o hokae? Ke hobane’ng ha batho ba e-shoa?’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 16]
‘Maindia a mangata a tsebahala ka tšobotsi ea ho ba mosa le ea ho ikokobetsa’
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Nkhono o ile a nthuta setso sa Ma-“Blackfoot”
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke ne ke ikakhetse ka setotsoana litlhōlisanong tsa ho kalla lipere le lipoho tse hlaha
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Pampitšana e khethehileng e reng, “U ka Tšepa ’Mōpi,” e fumanehang ka puo ea Ma-“Blackfoot” le tse ling
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Hona joale ke thabela ho thusa ba bang ho ithuta Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
’Na le lelapa la ka, kajeno