Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/09 maq. 19-22
  • Motho ea Entseng ’Mapa oa Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Motho ea Entseng ’Mapa oa Lefatše
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Joale o Ithuta Jeokrafi
  • O Qala ho Hlahella
  • O Qosetsoa Bokhelohi
  • Atlelase ea Pele
  • “Setsebi se Seholo sa Jeokrafi sa Mehleng ea Rōna”
  • “Insight on the Scriptures”—Buka e Ncha ea Boitsebiso ba Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Aristotle
    Tsoha!—2016
  • “Pholletsa le Naha”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 4/09 maq. 19-22

Motho ea Entseng ’Mapa oa Lefatše

KA MONGOLI OA TSOHA! BELGIUM

Mathoasong a 1544, Gerardus Mercator o ne a koaletsoe ka seleng e batang, e lefifi. O ne a nahana hore o tl’o shoa. Ke hobane’ng ha setsebi see se seholo sa limmapa sa lekholong la bo16 la lilemo se ile sa etsahalloa ke see? Hore re fumane karabo, a re qaleng ka ho hlahlobisisa bophelo ba hae le se neng se etsahala mehleng ea hae.

MERCATOR o hlahile ka 1512, a hlahela motsaneng oa Rupelmonde, o koung e haufi le Antwerp, Belgium. O ile a ea univesithing ea Louvain. Ha a qeta, o ile a ithuta lithuto tsa Aristotle, ’me ka mor’a nakoana, a qala ho tšoenngoa ke hore ebe o sitoa ho lumellanya likhopolo tsa Aristotle le lithuto tsa Bibele. Mercator o ile a ngola, a re: “Ha ke bona hore tsela eo Moshe a hlalosang qaleho ea lefatše ka eona ho Genese ha e lumellane le eo Aristotle le bo-rafilosofi ba bang ba e hlalosang ka eona lintlheng tse ngata, ke ile ka qala ho belaella bonnete ba seo bo-rafilosofi ba se bolelang ’me ka qala ho batlisisa ka lintho tsa tlhaho.”

Kaha Mercator o ne a sa batle ho ba rafilosofi, o ile a khaotsa ho tsoela pele ka lithuto tsa univesithi. Leha ho le joalo, o ile a qeta bophelo bohle ba hae a batla ho fumana bopaki bo tšehetsang tlaleho ea Bibele e buang ka pōpo.

Joale o Ithuta Jeokrafi

Ka 1534, Mercator o ile a qala ho ithuta thuto ea lipalo, bolepi ba linaleli le jeokrafi a rutoa ke setsebi sa thuto ea lipalo e leng Gemma Frisius. Ho feta moo, e ka ’na eaba Gaspar Van der Heyden ea neng a etsa litšoantšo tse fatiloeng a bile a etsa ’mapa oa lefatše, o ile a ruta Mercator ho etsa litšoantšo tse fatiloeng. Mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo, batho ba etsang limmapa ba ne ba sebelisa mongolo o motenya o motšo, o neng o ja sebaka se sengata limmapeng. Leha ho le joalo, Mercator o ile a sebelisa mongolo o mocha o tšekaletseng oa Italy o kopantseng litlhaku, o ileng oa thusa ha ho etsoa limmapa tsa lefatše.

Ka 1536, Mercator o ile a sebetsa le Frisius le Van der Heyden a fata setšoantšo ha ba etsa ’mapa o chitja oa lefatše. E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa atlehisa morero oo, ke ho sebelisoa ha mongolo o motle o tšekaletseng o kopantseng litlhaku oa Mercator. Nicholas Crane, e leng mongoli oa pale ea bophelo ba Mercator oa mehleng ea kajeno, o hlalosa hore le hoja moetsi e mong oa limmapa “a ile a khona ho ngola libaka tse mashome a mahlano tsa Amerika ’mapeng o neng o fanyehiloe leboteng o bophara bo ka lekanang le ha motho a eme, Mercator eena o ile a khona ho ngola tse mashome a tšeletseng ’mapeng o bophara bo lekanang le ba liatla tse peli”!

O Qala ho Hlahella

Ka 1537, Mercator o ile a etsa ’mapa ka lekhetlo la pele “a le mong”—e leng oa Naha e Halalelang, oo a ileng a o etsa ho thusa batho hore “ba be le kutloisiso e molemo ea litestamente tse peli.” Lekholong la bo16 la lilemo, limmapa tsa Naha e Halalelang li ne li fosahetse, tse ling tsa tsona li na le mabitso a ka tlaase ho 30 a libaka—’me a mangata a ’ona a ngotsoe libakeng tse fosahetseng. Leha ho le joalo, ’mapa oa Mercator o ne o bontša libaka tse fetang 400! Ho phaella moo, o ne o bontša tsela eo Baiseraele ba ileng ba tsamaea ka eona lefeelleng ha ba tloha Egepeta. Kaha ’mapa oo o ne o nepahetse, o ile oa khahla batho ba bangata ba mehleng ea Mercator.

A khothalitsoe ke katleho eo a e finyeletseng, Mercator o ile a phatlalatsa ’mapa oa lefatše ka 1538. Pele ho moo, baetsi ba limmapa ba ne ba sa tsebe Amerika Leboea hakaalo, ba e bitsa Naha e Hōle e sa Tsejoeng. Le hoja lebitso “Amerika” le ne le se le ntse le le teng, Mercator ke eena motho oa pele oa hore a le sebelisetse Amerika Leboea le Boroa.

Mercator o phetse nakong eo ka eona batho ba neng ba hlahloba libaka tse maoatleng ’me ba ntse ba fumana tse ngata. Bo-ralikepe ba ne ba fana ka boitsebiso bo hanyetsanang, e leng se neng se thatafatsa mosebetsi oa ho etsa limmapa kaha baetsi ba limmapa ba ne ba lokela ho inahanela boitsebiso bo sieo. Leha ho le joalo, ka 1541, Mercator o ile a finyella pakane ea hae ea ho etsa “’mapa o chitja oa lefatše o ntlafetseng ho feta [e neng e] se e entsoe ho fihlela nakong eo.”

O Qosetsoa Bokhelohi

Ho ne ho e-na le Malutere a mangata Louvain, moo Mercator a neng a lula teng. Ka 1536, Mercator o ile a lumellana le lithuto tsa Malutere ’me ho bonahala eka hamorao mosali oa hae e ile ea e-ba Molutere. Ka February 1544, Mercator hammoho le baahi ba bang ba 42 ba Louvain ba ile ba tšoaroa, ba qosetsoa hore ba ngotse “mangolo a belaetsang.” Leha ho le joalo, e ka ’na eaba hape ’mapa oo a neng a o phatlalalitse oa Naha e Halalelang o ile oa belaetsa litsebi tse peli tsa thuto ea bolumeli tsa univesithing ea Louvain, e leng Tapper le Latomus. Banna bao ka bobeli ke bona ba neng ba okametse nyeoe ea mofetoleli oa Bibele ea bitsoang William Tyndale, ea ileng a bolaeloa Antwerp ka 1536. E ka ’na eaba Tapper le Latomus ba ne ba tšoenyehile ka hore ’mapa oa Mercator oa Naha e Halalelang o khothalletsa batho ho bala Bibele joaloka phetolelo ea Tyndale ea Bibele. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, Mercator o ile a koalloa qhobosheaneng ea motse oa habo oa Rupelmonde.

Antoinette Van Roesmaels, e mong oa batho ba neng ba qosoa nyeoeng eo, o ile a paka hore Mercator o ne a e-s’o ka a ea litlelaseng tsa sekhukhu tsa Maprostanta tse rutang Bibele. Empa kaha Antoinette eena o ne a ile a ea litlelaseng tseo, o ile a epeloa a ntse a phela ’me a shoa butle ke ho bipetsana. Mercator o ile a lokolloa litlamong ka mor’a likhoeli tse supileng, empa thepa eohle ea hae ea hapuoa. Ka 1552, Mercator o ile a fallela Duisburg, Jeremane, moo batho ba teng ba neng ba se na khethollo e kaalo ea bolumeli.

Atlelase ea Pele

Mercator o ile a tsoela pele ho sireletsa seo Bibele e se buang ka pōpo. O re o ile a qeta nako e ngata a ntse a lekola, kapa a hlahloba pōpo eohle “e leholimong le e lefatšeng, ho tloha tšimolohong ho fihlela hona joale.” Buka ena e ne e hlalosa tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona ebile e bua ka jeokrafi.

Ka 1569, Mercator o ile a hatisa letoto la liketsahalo tsa bohlokoa historing, ho tloha tšimolohong ho ea pele—e leng karolo ea pele ea buka ea hae e bitsoang Chronologia, e tšohlang likhopolo tse sa tšoaneng. Sepheo sa hae e ne e le ho thusa babali ho utloisisa hore na lintho tse etsahetseng nakong e fetileng li ba ama joang. Leha ho le joalo, kaha Mercator o ne a kenyelelitse le boipelaetso ba Luther ba 1517 bo khahlanong le ho sebelisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe, Chronologia e ile ea kenngoa lethathamong la libuka tse thibetsoeng ke Kereke e K’hatholike.

Lilemong tse latelang, Mercator o ile a qeta nako e ngata a toroea a bile a etsa lipoleiti tsa limmapa tse ncha tseo a li entseng. Ka 1590, Mercator o ile a otloa ke stroke se ileng sa mo siea a sa khone ho bua a bile a shoele lehlakore le letšehali, e leng ho ileng ha mo thatafalletsa haholo hore a tsoele pele ka mosebetsi oa hae. Leha ho le joalo, o ne a ikemiselitse ho phetha seo a se qalileng, kahoo o ile a tsoela pele ho fihlela ha a e-shoa ka 1594, a le lilemo li 82. Mora oa Mercator ea bitsoang Rumold o ile a qetela limmapa tse hlano tseo a neng a sa li qeta. Pokello e feletseng ea limmapa tsa Mercator e ile ea phatlalatsoa ka 1595. Ke tsona limmapa tsa pele tse ileng tsa bitsoa atlelase.

Atlelase ea Mercator e ne e tšohla khaolo ea pele ea Genese, ’me e tiisa hore Lentsoe la Molimo ke ’nete, e leng seo bo-rafilosofi ba neng ba se hanyetsa. Mercator o ile a re phuputso ena eo a e entseng ke “pakane ea mosebetsi oohle oa hae.”

“Setsebi se Seholo sa Jeokrafi sa Mehleng ea Rōna”

Ka 1606, Jodocus Hondius o ile a phatlalatsa khatiso e hōlisitsoeng ea Atlelase ka lipuo tse ngata ’me ea rekoa haholo. Moetsi e mong oa limmapa oa lekholong la bo16 la lilemo, ea bitsoang Abraham Ortelius, o ile a thoholetsa Mercator ka hore ke “setsebi se seholo sa jeokrafi sa mehleng ea rōna.” Morao tjena, mongoli ea bitsoang Nicholas Crane o hlalositse hore Mercator ke “motho ea entseng ’mapa oa lefatše.”

Letsatsi le letsatsi re ntse re phela ka lefa leo Mercator a re sietseng lona. Ka mohlala, neng le neng ha re sheba atlelase kapa re sebelisa Sathalaete, re rua molemo mosebetsing oa Mercator, e leng monna ea ikhethang ea qetileng bophelo bohle ba hae a batla ho tseba hore na o kenella joang pōpong ea Molimo.

[Lebokose le leqepheng la 21]

MERCATOR—SEITHUTI SE KHOTHETSENG SA BIBELE

Mercator o ne a lumela hore lefatše e tla ba sebaka se nang le ho loka, khotso le boiketlo. O ile a ngola tokomane e sa kang ea hatisoa e neng e bua ka Baroma khaolo ea 1-11, eo ho eona a neng a hanyetsa thuto ea Calvin ea hore lintho li reretsoe qetello esale pele. Ho thahasellisang ke hore o ile a boela a hanyetsa Martin Luther ’me a bontša hore ho phaella tumelong, ho hlokahala mesebetsi e le hore motho a bolokehe. Mercator o ile a ngola lengolo le bolelang hore sebe “ha se tsoe lipolaneteng [bonoheng ba linaleli] kapa linthong tseo Molimo a li bōpileng, empa se ba teng ka lebaka la bolokolohi ba ho ikhethela boo batho ba nang le bona.” Litokomaneng tsa hae o ile a nyatsa thuto ea Roma e K’hatholike ea hore bohobe le veine tsa Sakramente ha e le hantle ke ’mele le mali a Jesu Kreste, a bolela hore mantsoe a Jesu a reng “hona ke ’mele oa ka” ha aa lokela ho utloisisoa ka tsela ea sebele, empa ho e-na le hoo a lokela ho nkoa ka tsela ea tšoantšetso.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

BOQAPI BA MERCATOR

Na u kile ua leka ho batalatsa lekhapetla la lamunu? Ke ’nete hore motho a ke ke a khona ho etsa seo ntle le hore a fetole sebōpeho sa lamunu. Mohlala oo o re bontša bothata boo baetsi ba limmapa ba ileng ba tobana le bona—ha ba ne ba etsa ’mapa o bataletseng oa lefatše. Mercator o ile a rarolla bothata boo ka ho qapa mokhoa oo hona joale o reheletsoeng ka eena. Ka mokhoa ona, mela e tlohang equator ho ea lintlheng tsa lefatše e aroloa ka ho lekana. Le hoja mokhoa ona o fetola bohōle ba libaka le boholo ba tsona (haholo-holo tse ka leboea le tse ka boroa), e bile khatelo-pele e khōlō tabeng ea ho tataisa baetsi ba limmapa. ’Mapa oa lefatše o fanyehoang leboteng oo Mercator a o entseng ka 1569 e bile mosebetsi o tsoileng matsoho, ’me ke e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse entseng hore a tume e le moetsi oa limmapa. Ha e le hantle, boqapi ba hae bo ntse bo sebelisoa le kajeno ha ho etsoa limmapa tsa maoatle le Lisathalaete.

[Setšoantšo]

Boqapi ba Mercator bo ka bapisoa le cylindara e sehiloeng ka lehare ’me lefatše le batalatsoa ho eona

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

’Mapa oa Mercator oa Naha e Halalelang, oa 1537, o ne o bontša libaka tse fetang 400

[Setšoantšo se leqepheng la 20, 21]

’Mapa oa lefatše oa Mercator, oa 1538

Hlokomela hore “AMERI CAE” e hlaha lik’honthinenteng tse peli tsa Amerika

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]

Antwerpen, Stedelijk Prentenkabinet

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 20]

Both maps: From the American Geographical Society Library, University of Wisconsin-Milwaukee Libraries

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela