Tsa Mona le Mane
◼ Phuputsong e entsoeng ho batho ba ka bang 2 000 ba Jeremane, hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea bacha ba lilemo li 14 ho isa ho 19 ba ne ba lumela hore ho loketse ho hlala motho ka ho mo romela molaetsa oa elektronike. Karolo e fetang 80 lekholong ea ba lilemo li 50 ho ea holimo e ne e nka hore mokhoa oo o fosahetse ka ho feletseng.—FRANKFURTER NEUE PRESSE, JEREMANE.
◼ Ho hakanngoa hore selemong sa 2008, batho ba romellane melaetsa ea elektronike e ka bang litrilione tse 2,3 lefatšeng ka bophara.—HITU NEWS, TAHITI.
◼ “Ho tsuba ho khutsufatsa bophelo ba motho ka lilemo tse kae? Ka karolelano ho bo khutsufatsa ka lilemo tse hlano ho isa ho tse leshome.”—UC BERKELEY WELLNESS LETTER, U.S.A.
◼ Ho hakanngoa hore hoo e ka bang karolo ea 60 lekholong ea lik’homphieutha tse sebelisoang liofising, United States, li siuoa li sa tingoa bosiu. Ka lebaka leo, liteishene tse fehlang motlakase li ntša lithane tse ka bang limilione tse 14,4 tsa carbon dioxide ho sa hlokahale, selemo le selemo.—WORLD WATCH, U.S.A.
Libese li Khothalletsa Batho ho Latola Hore Molimo o Teng
“Mohlomong Molimo ha a eo. Kahoo tlohella ho tšoenyeha ’me u thabele bophelo.” Koranta e ’ngoe e bitsoang The Guardian e tlaleha hore lepetjo lena le manehiloe libeseng tse 200 tsa London, Engelane; le libeseng tse ling tse 600 tse libakeng tse ling; le mamatjaneng a mabeli a maholo Seterateng sa Oxford, London. Baetsi ba lepetjo lena ba re ba entse letšolo lena ho hanyetsa liphatlalatso tsa bolumeli tse reng batho ba sa lumeleng ba ea mollong oa lihele. Ba sebelisitse lentsoe “mohlomong” e le hore ba latele melao ea Brithani ea Tsamaiso ea Phatlalatso, kaha ha ho motho ea ka pakang hore Molimo ha a eo. Sepheo sa letšolo lena ke ho khothalletsa batho ba eketsehileng ba latolang boteng ba Molimo hore “ba itlhahise,” ba ntše maikutlo a bona.
Mathata a ho Rera ho Pepa Pele ho Nako
United States lenane la masea a hlahang pele ho nako le ntse le eketseha—ho sebelisoa meriana e potlakisang nako ea ho pepa kapa ho etsoa opereishene—ho sa hlokahale. Leha ho le joalo, koranta ea The Wall Street Journal e re: “Libeke tse qetellang tsa boimana ke tsa bohlokoa ho feta kamoo ho neng ho nahanoa kateng.” Phuputso e ’ngoe e entsoeng ho masea a ka bang 15 000 e bontšitse hore beke e ’ngoe le e ’ngoe eo lesea le e qetang le le ka pōpelong ho tloha bekeng ea bo32 ho ea ho ea bo39, e etsa hore menyetla ea lona ea hore le hlaseloe ke sethoathoa, le be le lefu la nyooko, le be le bothata ba ho hema le hore le tsoe mali a mangata bokong e theohe ka karolo ea 23 lekholong. Masea a hlahileng ka mor’a hore a qete libeke tse 32 ho ea ho tse 36 a le ka pōpelong a na le menyetla e phahameng ea hore a be le mathata a boitšoaro le a ho utloisisa lintho. Koranta eo e bontšitse hore K’holeje ea Amerika ea Lingaka Tse Pepisang le Tsa Mafu a Basali e buella hore baimana ba se ke ba pepisoa “pele ba qeta libeke tse 39 ntle le ha ho e-na le mabaka a tsa bongaka a tlamang hore ba pepe.”
Ho Hloa Litepisi ho Ntlafatsa Bophelo
Koranta e ’ngoe ea Brithani e buang ka tsa bongaka e bitsoang The Lancet e re, “Ho hloa litepisi kamehla ke mokhoa o bonolo le o atlehang oa ho ntlafatsa bophelo.” Bafuputsi ba ile ba kōpa batho ba 69 ba sebetsang ba lutse hore ba se ke ba sebelisa lilifti ha ba le mosebetsing empa ba tsamaee ka litepisi. Ka mor’a libeke tse 12, oksijene eo basebetsi bao ba e sebelisang ha ba ikoetlisa ka matla e ne e eketsehile ka karolo ea 8,6 lekholong, ’me “lintho tsohle tse kotsi tse ka bolaeang motho li fokotsehile ka karolo ea 15 lekholong.” Basebetsi bao ba ile ba boela ba fokotsa haholo “khatello ea mali, k’holeseterole, boima ba ’mele, mafura le limpa.”