Seo Khatello ea Kelello—E re Etsang Sona
Ho etsahala’ng ha u mathela bese kapa terene? Ha ho pelaelo hore u khona ho utloa kamoo khatello ea mali e phahamang ka sekhahla le kamoo pelo e otlang ka matla kateng. Leha e ka ea u siea, hangata tsela eo pelo e otlang ka sona le eo u hemang ka eona e khutlela setloaeling.
EMPA e ka ’na ea e-ba ho fapaneng ha u qeta nako e telele u sebetsana le boemo bo u imelang kelellong. U ka ’na ua tšoenyeha, ua satalla mesifa, khatello ea mali ea phahama, ua ba le bothata ba ho sila lijo ka mpeng ’me lintho li ka ’na tsa nka nako e teletsana hore li khutlele setloaeling. Batho ba ntseng ba eketseha ba fumana hore lintho tse ba tšoenyang ha li fele. Ka mohlala, ba bangata ba ikutloa ba tšoasehile mesebetsing e sa ba khotsofatseng. Ho ba tlas’a khatello ea kelello ho u ama joang ’meleng?
Se Etsahalang ’Meleng ha U le Tlas’a Khatello
Dr. Arien van der Merwe, e leng setsebi tabeng ena o hlalosa se etsahalang ’meleng ha u le tlas’a khatello. O nka khato hang-hang, ebe “hohle ’meleng ho phalla lik’hemik’hale le lihomone tse ngata tse hlomellang litho tsa ’mele ho sebetsana le boemo ba tšohanyetso.”
Ka ho panya ha leihlo u ka etsa ntho eo u sa tloaelang ho e etsa. Litho tsohle tsa hao tsa kutlo—ho akarelletsa tsa pono, tsa ho utloa le tsa ho ama—lia ameha. Kapele-pele boko bo nka khato, ’me litšoelesa tse hlahisang adrenaline li ntša lihomone tse matla, tse hlomellang mesifa hammoho le pelo, matšoafo le litho tse ling ho sebetsana le boemo leha e le bofe bo u bakelang khatello.
Kahoo se etsahalang ’meleng ha u le tlas’a khatello se ka ’na sa u pholosa boemong ba tšohanyetso, joalokaha u qhomela ka thōko ho tsela ha koloi e tla. Empa ke taba e fapaneng ka ho feletseng ha u le tlas’a khatello e sa eeng moriting.
Ha ho ba Tlas’a Khatello ea Kelello ho Fetoha Sera
Ho etsahala’ng ’meleng haeba u lula u le tlas’a khatello ea kelello? Mesifa e lula e sataletse, pelo e otla ka matla, khatello ea mali ea phahama ’me k’holeseterole, mafura, tsoekere le lik’hemik’hale tse ling li lieha ho tsoa maling. Ha lik’hemik’hale tsena tse reretsoeng ho sebetsa ka sekhahla ka nakoana le hona ka seoelo li qeta nako e telele li le boemong bo phahameng, qetellong li senya litho tsa bohlokoa ’meleng. Liphello e-ba life?
U ka ’na ua qala ho opeloa ke mokokotlo, hlooho, ua honyela mesifa ea molala le ho satalla mesifa. Lingaka li re matšoao ana a atisa ho tsamaisana le ho ba tlas’a khatello ea kelello ka nako e telele. Ho ba tlas’a khatello ea kelello ka nako e telele ho ka sitisa motho ho qapa lintho le ho sebetsa hantle ha ba ha mo nyotobetsa ’me ha senya kamano ea hae le batho ba bang. Ho ka boetse ha bakela motho mathata ka maleng, a ba le letšollo le mathata a ’metso. Ho ba tlas’a khatello ea kelello ka nako e telele ho ka ’na ha e-ba le liphello tse kotsi le ho feta. Maloetse a kang setorouku, ho hlaseloa ke lefu la pelo, ho se sebetse ha liphio, boloetse ba pelo le lefu la tsoekere a ka ’na a bakoa ke ho ba tlas’a khatello ea kelello ka nako e telele kapa a mpefatsoa ke hona.
Van der Merwe o re: “Kaha ha motho a le tlas’a khatello ea kelello ka nako e telele, ’mele o ntša cortisol, o atisa ho ba le mafura a mangata mpeng le ka mokokotlong.” Hangata maloetse a letlalo, a kang lekhoekhoe le psoriasis a bakoa ke ho ba tlas’a khatello ea kelello—kapa a totisoa ke hona. Ho ba tlas’a khatello e matla ea kelello ho boetse ho amahanngoa le ho sithabela maikutlo, ho ba mabifi le ho khathala ka ho feteletseng. Motho ea lulang a le tlas’a khatello ea kelello a ka boetse a ba le bothata ba ho lebala le ba ho tsepamisa mohopolo. Ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e fokolisitsoe ke ho ba tlas’a khatello ea kelello ka nako e telele, seo se ka etsa hore motho a tšoaroe ke maloetse a kang sefuba, kankere le hore a kulisoe ke lik’hemik’hale tse ’meleng.
Ho ba tlas’a khatello ea kelello ho ama likarolo tsohle tsa bophelo ba rōna—ho re ama kelellong, ’meleng, maikutlong le moeeng—kahoo re lokela ho tseba kamoo re ka ho laolang kateng. Empa ha re batle ho fetola ka ho feletseng tsela eo ’mele ea rōna e sebetsang ka eona ha re le tlas’a khatello ea kelello. Hobane’ng?
Re ka ’na ra tšoantša khatello ea kelello le pere e phetseng hantle. Re ka natefeloa ke ho e kalla ’me ea re hlasimolla. Empa ha e e-ba hlaha ’me e tsoa taolong, e ka re beha kotsing. Ka ho tšoanang, ho ba tlas’a khatello ea kelello ka tsela e laolehileng ho ka etsa hore re natefeloe ke bophelo le ho re hlasimolla, ha re susumelletsa ho inahanela lintho, ho sebetsa hantle, ho ba mafolofolo le ho phela hantle ’meleng.
Empa re ka etsa’ng ho laola maemo a re bakelang khatello ea kelello e le hore seo se re tsoele molemo bophelong? Sehlooho se latelang se tšohla litsela tseo re ka atlehang ho laola maemo ao ka tsona le seo re ka se etsang.
[Lebokose le leqepheng la 5]
RE “ENTSOE KA MOKHOA O HLOLLANG” KE ’MŌPI EA BOHLALE LE EA LERATO
Ho fapana le maikutlo a tloaelehileng, tsela eo ’mele ea rōna e sebetsang ka eona ha re le tlas’a khatello ea kelello hase mesaletsa ea se neng se etsahala mehleng ea khale ha batho ba ne ba sokeloa ke litlou tsa litonanahali le linkoe tse meno a tšabehang. Ho e-na le hoo, tsela e rarahaneng eo ’mele ea rōna e sebetsang ka eona e entsoe ka bohlale ke ’Mōpi ea hloahloa. Ka mohlala, tsela e rarahaneng eo mali a etsang mahloele—a loantšang tšoaetso le ho folisa maqeba ka eona—le tsela e babatsehang eo ’mele o sebetsanang le maemo a thata ka eona ke bopaki ba hore ho na le Moqapi ea bohlale le ea lerato.
Tsela ena eo ’mele ea rōna e sebetsang ka eona e tiisa hore “ka tsela e tšosang [re] entsoe ka mokhoa o hlollang.” (Pesaleme ea 139:13-16) Litokisetso tsa moea le tsa nama tseo Molimo a li entseng ka lerato, hammoho le tsela e babatsehang eo a bōpileng batho ka eona e le hore ba thabele bophelo, li tiisa hore ha ho letho le tla baka bohloko, ho siama, kapa lefu lefatšeng le tlang la Paradeise.—Tšenolo 21:3-5.
[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 5]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MATHATA A BAKOANG KE HO BA TLAS’A KHATELLO EA KELELLO KA NAKO E TELELE
Ho tšoaroa ke hlooho
Ho tsikitlanya meno
Ho opeloa ke molala
Lefu la pelo
Liso tsa ka maleng
Ho opeloa ke mokokotlo
Ho honyela mesifa