Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/10 maq. 4-6
  • “Le se ke la Tšoenyeha ka Letsatsi le Hlahlamang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le se ke la Tšoenyeha ka Letsatsi le Hlahlamang”
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lemoha Lintho Tseo U li Tšohileng
  • Ithute ho Khotsofalla Seo U Nang le Sona
  • “Mosebetsi o Felile”
    Tsoha!—2010
  • U se ke Ua Phelela Kajeno Feela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Nka Khaotsa ho Tšoenyeha Haholo Joang?
    Tsoha!—2001
  • 2 | Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona
    Tsoha!—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 7/10 maq. 4-6

“Le se ke la Tšoenyeha ka Letsatsi le Hlahlamang”

Renée o ne a selebaletsoe. Monna oa hae, Matthew, o ne a qetile lilemo tse tharo le likhoeli a se na mosebetsi o tsitsitseng. Renée o re: “Ke ne ke bipelane. Ke ne ke nyahamisoa ke hore ha ke tsebe hore na ho tla etsahala’ng.” Matthew o ile a leka ho khoba mosali matšoafo ka ho mo bontša hore kamehla ba ’nile ba fumana lintho tseo ba li hlokang. Renée o ile a re: “Empa u ntse u sa sebetse! Re hloka chelete e kenang!”

HO FELLOA ke mosebetsi ho tlisa matšoenyeho. Motho ea sa sebetseng oa ipotsa: ‘Ke tla lula ke sa sebetse halelele hakae? Re tla phela ka’ng ha ke ntse ke batla mosebetsi?’

Le hoja ho tloaelehile ho ameha ka lintho tse joalo, Jesu Kreste o ile a fana ka keletso e utloahalang e ka kokobetsang ho tšoenyeha. O ile a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang . . . Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”—Matheu 6:34.

Lemoha Lintho Tseo U li Tšohileng

Jesu o ne a sa re re lokela ho etsa eka ha re na mathata. Empa ho tšoenyeha ka se ka ’nang sa etsahala ka le hlahlamang ho tla eketsa matšoenyeho a kajeno. Bonneteng ha re na matla a makaalo a ho laola se ka ’nang sa etsahala ka le hlahlamang, ebang ke se setle kapa se sebe. Empa ho na le seo re ka se etsang ho sebetsana le boemo ba hajoale.

Na ho bonolo ho etsa see? Che! Rebekah eo monna oa hae a ileng a felloa ke mosebetsi oo a o entseng ka lilemo tse 12, o re: “Ha motho a ferekane, ho thata hore a nahane lintho ka tsela e hlakileng. Empa re ile ra tlameha ho etsa seo. Kahoo ke ile ka leka ho ithiba. Ha lintho tseo ke neng ke tšohile hore li tla etsahala li sa etsahale, ke ile ka hlokomela hore ha ho thuse ho tšoenyeha. Ntho e ileng ea re imolla kelellong ke ho ameha ka lintho tse etsahalang hona joale le mathata ao re tobaneng le ’ona.”

Ipotse: ‘Ke ntho efe eo ke e tšohileng ka ho fetisisa? Ho na le monyetla o mokae oa hore ntho ee eo ke e tšohileng e etsahale? Ke iqeta matla hakae ka ho tšoenyeha ka ntho e ka ’nang ea etsahala kapa ea se ke ea etsahala?’

Ithute ho Khotsofalla Seo U Nang le Sona

Tsela eo re talimang lintho ka eona e ka ama maikutlo a rōna. Ke kahoo Bibele e re khothalletsang hore re be le boikutlo bona ba kelello: “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.” (1 Timothea 6:8) Ho khotsofala ho bolela ho fokotsa lintho tseo re li batlang le ho khotsofala ha re fumana tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi. Ho leka ho khotsofatsa takatso ea ho fumana lintho tse ngata ho tla nyopisa boiteko ba hao ba ho phela ka mokhoa o itekanetseng.—Mareka 4:19.

Renée o ile a ithuta ho khotsofalla seo a nang le sona ka mor’a hore a shebe lintho ka tsela ea sebele. O re: “Ha ho mohla re kileng ra hloka motlakase kapa khase, ebile ha re e-s’o robale seterateng. Ntho eo e neng e hlile e le bothata ke hore re ne re sa tloaela ho phela ka tsela ena, ’me takatso ea ka e sa utloahaleng ea ho batla ho phela ka tsela e tšoanang le ea pele e ne e ’nyahamisa le ho feta.”

Ka mor’a nakoana Renée o ile a hlokomela hore tsela eo a talimang lintho ka eona ke eona e mo thatafalletsang bophelo, eseng boemo ba hae. O re: “Ke ile ka tlameha ho amohela boemo kamoo bo leng kateng, ho e-na le ho lula ke nahana ka tsela eo ke batlang hore bo be ka eona. Ha ke se ke ithutile ho khotsofalla lintho tseo Molimo a mphang tsona letsatsi ka leng, ke ile ka thaba haholoanyane.”

Ipotse: ‘Na ke fumane lintho tseo ke li hlokang kajeno? Haeba ho joalo, na nka tšoenyeha ka tsa letsatsi la kajeno, ke kholisehile hore ke tla fumana lintho tseo ke li hlokang ka le hlahlamang?’

Ho talima lintho ka tsela e nepahetseng ke mohato oa pele haeba u tlameha ho phela ka chelete e fokolang.a Empa ke mehato efe e sebetsang eo u ka e nkang ha u e-na le chelete e fokolang ka lebaka la ho se sebetse?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana lintlha tse eketsehileng tabeng ea kamoo u ka fumanang mosebetsi le ho o boloka kateng, sheba Tsoha! ea July 8, 2005, leqepheng la 3-11.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Mamello e Tsoala Katleho!

Ka mor’a hore Fred a qete libeke a batla mosebetsi empa a sa o fumane, o ile a nahana hore menyetla eohle e felile. O re: “Ho ne ho tšoana le ha u emetse motho seemelong sa libese hore a tl’o u lata empa a sa tle.” Fred o ile a etsa qeto ea ho laola ntho e le ’ngoe feela eo a neng a ka khona ho e laola—e leng seo a se etsang. O ile a romela mangolo a kōpo ea mosebetsi esita le lik’hamphaning tseo ho neng ho sa bonahale eka li hloka motho ea nang le litsebo tsa hae hakaalo. O ile a sala morao likarabo tsohle tseo a li fumanang ’me a lokiselletsa tlhahlobo e ’ngoe le e ’ngoe ea mosebetsi hantle, a kholisehile hore “ka sebele merero ea ea khothetseng e tlisa molemo.” (Liproverbia 21:5) Fred o re, “K’hamphaning e ’ngoe, ke ile ka hlahlobeloa mosebetsi ka makhetlo a mabeli ’me baokameli ba mpotsa lipotso tse ngata.” Empa ho mamella ha Fred ho ile ha tsoala katleho. O re: “Ke ile ka hiroa!”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ntho ea Bohlokoa ho Feta Chelete

Hoo e leng habohlokoa ke hofe—na ke botho ba hao kapa ke chelete? Nahana ka maele ana a mabeli a Bibele.

“Ea nang le ho honyenyane ea tsamaeang botšepehing ba hae o molemo ho feta mang kapa mang ea khopameng litseleng tsa hae, le hoja a ruile.”​—Liproverbia 28:6.

“Ho ja meroho ho molemo moo ho nang le lerato ho feta ho ja poho e fepetsoeng sejelong e tsamaeang le lehloeo.”​—Liproverbia 15:17.

Ho hlakile hore ho felloa ke chelete ha ho fetole botho ba hao le hore ua bohlokoa. Kahoo, ha monna a felloa ke mosebetsi, Renée o ile a re ho bana: “Bo-ntate ba bangata ba siile malapa a bona. Empa ntate oa lōna o ntse a le teng. Lea tseba kamoo a le ratang kateng le kamoo a ’nileng a le thusa kateng mathateng ’ohle a lōna. Ka sebele ke ntate ea molemo!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela