Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/10 leq. 22
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerata le Litseleng Tse Khōlō le Etsa Hore Batho ba Lebale
  • Kamoo Litlelabore li Amang Matšoafo Kateng
  • Libentamene li Bolaea Bo-’mankhane
  • Lihoai Tse Fofang Tsa Merung e Mongobo
    Tsoha!—2014
  • Ho Fumana Boroko Boo U bo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Lerata Seo U ka se Etsang ka Lona
    Tsoha!—1997
  • Bacha ba Lulang ba Otsela—Na See Sea Tšoenya?
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 7/10 leq. 22

Tsa Mona le Mane

“Ke ntlha e hlollang hore ebe selemo le selemo, Bibele ke eona buka e rekoang ka ho fetisisa Amerika—le hoja malapa a etsang karolo ea 90 lekholong a se a ntse a e-na le bonyane Bibele e le ’ngoe. . . . Ho hakanngoa hore ho rekisoa Libibele tse limilione tse 25 selemo le selemo.”—THE WALL STREET JOURNAL, UNITED STATES.

“Lefatšeng ka bophara, linoha li loma batho ba ka bang limilione tse 4,5 selemo le selemo, ’me ho hakanngoa hore li bolaea bonyane batho ba 100 000 le ho holofatsa ba bang ba 250 000.”—UNIVERSITY OF MELBOURNE, AUSTRALIA.

“Ka 2008, ho ne ho romeloa melaetsa ea e-mail e [ka bang] libilione tse 210 ka letsatsi.”—NEW SCIENTIST, BRITHANI.

Lerata le Litseleng Tse Khōlō le Etsa Hore Batho ba Lebale

“Batho bao likamore tsa bona li leng pel’a tsela e khōlō, seporo sa terene, kapa boema-fofane ba ka ’na ba thatafalloa ho hopola boitsebiso ba khale le ho ithuta lintho tse ncha, esita le haeba ba robala ho ntse ho le lerata joalo.” Mantsoe ana a builoe ke Ysbrand van der Werf oa Mokhatlo oa Netherlands oa Tšebetso ea Methapo-kutlo. Koranta ea Sedache e bitsoang de Volkskrant e re matla a motho a ho hopola lintho le a ho ithuta aa ameha ha a sa robale ka ho lekaneng, ’me hoa tšoana le tabeng ea motho ea “khalehileng ka har’a molumo, le hoja . . . o sa mo tsose.” E le hore hippocampus, e leng karolo ea boko e sebetsanang le mohopolo e sebetse hantle, ho hlokahala hore motho a robale boroko bo tebileng, bo se nang “litšitiso tse tsoang ka ntle, tse kang lerata le khanya.”

Kamoo Litlelabore li Amang Matšoafo Kateng

Litlelabore li ka ’na tsa hlahisa litlhase tse hlollang, empa likaroloana tse tsoelang moeeng li ka ’na tsa u kulisa. E le hore li hlahise mebala e sa tšoaneng, litlelabore tse ngata li na le matsoai a tsoang tšepeng—ka mohlala, letsoai la strontium le hlahisa ’mala o mofubelu ’me la barium le hlahisa o motala. Bafuputsi ba Austria ba hlahlobileng lisampole tsa lehloa pele ho qhomisoa litlelabore tsa Selemo se Secha le ka mor’a teng, ba fumane hore letsoai la barium le eketsehile ka makhetlo a ka bang 500. Kaha chefo ea barium e koala tselana ea moea, bafuputsi ba re ho hema mosi oa litlelabore ho ka totisa maloetse a matšoafo, a kang asma.

Libentamene li Bolaea Bo-’mankhane

Makasine ea Scientific American e tlaleha hore bo-’mankhane ba fumanoe ba shoele pel’a libentamene, Alberta, Canada. Sena se ile sa makatsa bafuputsi ha ba nahana kamoo bo-’mankhane ba nang le bokhoni bo hlollang kateng ba ho lemoha lintho tse patehileng le ba ho fofa. Leha ho le joalo, ha bafuputsi ba hlahloba bo-’mankhane bao, ba fumane hore ba etsang karolo ea 92 lekholong ba tsoetse mali a mangata ka hare, e leng se ba lebisitseng qetong ea hore matšoafo a fokolang a bo-’mankhane a sitoa ho sebetsa hantle ha khatello ea moea e theoha ka lebaka la mahare a mechine ena. Mahare ana a ka bilika ka lebelo la lik’hilomithara tse 200 ka hora. Bo-’mankhane ba jang likokoanyana ba bileng ba fallang ke bona ba amehang haholo, ’me ho tšajoa hore libentamene tsena li ka ’na tsa bolaea bo-’mankhane ba bangata hoo tikoloho e ka ’nang ea ameha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela