Tahlehelo eo ho Leng Thata ho e Mamella
Nicolle e ne e le ngoananyana ea phetseng hantle. Empa mantsiboeeng a mang o ile a lla ka hore o tšoeroe ke hlooho eaba batsoali ba hae ba mo isa sepetlele. Ka le hlahlamang mantsiboea ha baoki ba ntse ba emetse ho bona hore na Nicolle o ea joang, o ile a hlaseloa ke lefu la pelo. Ha ho etsoa liteko tse eketsehileng, ho ile ha fumaneha hore o na le tšoaetso e sa tloaelehang ea baktheria ’me e nametse matšoafong, liphieong le pelong. Nicolle o ile a hlokahala le pele ho feta lihora tse 48. O ne a le lilemo li tharo feela.
HO SHOELOA ke motho eo u mo ratang ke e ’ngoe ea lintho tse bohloko ka ho fetisisa tseo u ka tobanang le tsona. Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka u ke ke ua khona ho mamella tahlehelo eo. ’Mè oa Nicolle, e leng Isabelle o re: “Ke hloloheloa Nicolle haholo. Ke hloloheloa tsela eo a neng a nhaka ka eona, monko oa hae le kamoo a neng a le mosa kateng. Ke hopola kamoo a neng a mpha palesa kateng letsatsi le leng le le leng. Ke lula ke nahana ka Nicolle.”
Na le uena u hlokahaletsoe ke motho eo u mo ratang—ebang ke ngoana, molekane, ngoan’eno, motsoali kapa motsoalle ea haufi? Haeba ho joalo, u ka etsa’ng boemong boo?