Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/11 leq. 27
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Histori e sa Jeseng Litheohelang”
  • Ho na le Metsi Khoeling
  • Mochine o Rekisang Litene Tsa Khauta
  • Na Letlotlo la Morena Solomone Lea Fetelletsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Batla ho Hong ho Molemo ho Feta Khauta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Lipono tse Fosahetseng tse Tloaelehileng
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 4/11 leq. 27

Tsa Mona le Mane

“Baahi ba fetang halofo ba Russia ba nahana hore ho fa ba boholong tjotjo ke tsela e molemohali ea ‘ho rarolla mathata.’”—REUTERS NEWS SERVICE, RUSSIA.

“Phuputso e bontšitse hore batho ba baholo ba Machaena ba etsang karolo ea 17, 5 lekholong ba na le maloetse a amang kelello . . . Ho ka etsahala hore basali e be bona ba bang le mathata a ho feto-fetoha ha maikutlo le ho tšoenyeha ho feta banna.”—CHINA DAILY, CHAENA.

“Ho latela likhakanyo tse ncha tse entsoeng ke Lekhotla la Polokeho ea Sechaba, bonyane karolo ea 28 lekholong ea likotsi tsohle tsa ’mileng tse etsahalang United States—kapa tse limilione tse 1,6 selemo le selemo—li bakoa ke bakhanni ba sebelisang liselefouno kapa ba romelang/balang melaetsa ea fono.”—UC BERKELEY WELLNESS LETTER, U.S.A.

“Histori e sa Jeseng Litheohelang”

Koranta ea The Irish Times e re: “Tlaleho ea Moifo o Batlisisang ka ho Hlekefetsoa ha Bana e senotse histori e sa jeseng litheohelang ea Ireland.” Ho latela koranta eo, tlaleho ena e senola histori e hlabisang lihlong ea ho hlekefetsoa ha bana kamehla litsing tsa K’hatholike, ho kopanyelletsang “ho otla bana hobane ho thoe ba molato oa ho ba le linta hloohong” le ho ba hlekefetsa kamehla ka thobalano. Koranta ena e re tlhekefetso eo ha ea ka ea nkeloa bohato hobane ba amehang ba e-na le boikutlo bo fosahetseng ba ho tšepahala “ka hohle-hohle ho ba boholong Kerekeng e K’hatholike.” Sehlooho se seng koranteng ea Times se ile sa qotsa motho e mong ea neng a utloela batho ba hlekefelitsoeng bohloko, ha a ne a re: “Kereke le ’Muso Lia Soabisa.”

Ho na le Metsi Khoeling

Bo-rasaense ba ileng ba romela rokete khoeling ba re ba fumane metsi lerōleng le ileng la qōba ha e fihla moo. Ba ile ba lekola lerōle leo ka mechine e hlahlobang likaroloana tsa lona ka ho lekanyetsa hore na li amohela khanya e kae kapa hore na li ntša e kae. Michael Wargo, e leng rasaense ea ka sehloohong ea ithutang ka khoeli, ntlo-khōlō ea NASA e Washington, D.C., o re: “Re ntse re ithuta lintho tse ngata ka khoeli ’me sena se re thusa ho ithuta ho eketsehileng ka setsi sa potoloho ea lipolanete.” Phuputso e entsoeng khoeling morao tjena, e bontšitse hore ho na le metsi a lithane tse limilione ntlheng e ka leboea ea khoeli.

Mochine o Rekisang Litene Tsa Khauta

Libakeng tse ’maloa lefatšeng ho pota, litene tsa khauta li se li le har’a lihlahisoa tse ngata tse rekoang mechineng. Ka mohlala, hoteleng e ’ngoe e motseng oa Abu Dhabi, United Arab Emirates, ho kentsoe mochine o rekisang lihlahisoa tse 320, tse akarelletsang litene tsa khauta tse boima ba ligrama tse ka bang leshome le lichelete tsa khauta tse khethehileng. Theko ea khauta ea fetoha ka mor’a metsotso e meng le e meng e leshome, ho sebelisoa lik’homphieutha tse hokeletsoeng lik’homphieutheng tsa limmaraka tsa machaba. Qalong, mochine oo o ne o sebetsa ka chelete ea moo feela, empa morero ke hore o tle o sebetse le ka karate ea ho reka ka mokitlane. Tlaleho ea Reuters e re mochine oo o ile oa kenngoa sebakeng seo “hobane batho ba bangata ba moo ba batla khauta.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela