Bophelo ba Matatare—Ba Nakong e Fetileng, ba Joale le ba Nakong e Tlang
HO TLOHA bongoaneng ke ne ke ee ke utloe ho thoe: “U ka nahana hore motho ke Lerussia athe ke Letartare [Letatare].” Kamehla ke ne ke inka hore ke Lerussia, empa beng ka ’na ba sa tsoa mpolella hore Ntate-moholo e ne e le Letatare.a Ha ke bolella metsoalle ea ka sena, e meng e re le eona ke Matatare.
E bile ho thahasellisang haholo ho ithuta ka Matatare a tummeng le seo a se finyeletseng ho tsa bonono, lipapali le tse ling. Ka mohlala, tichere ea ballet e bitsoang Rudolf Nureyev, e bileng le tšusumetso e khōlō litabeng tsa tantši, e ne e hlahetse lelapeng la Matatare naheng ea Russia. Matatare a ka bang limilione tse supileng a lula linaheng tseo pele e neng e le Soviet Union. E-re ke u lome tsebe ka seo ke ithutileng sona ka Matatare.
Bophelo ba ’Ona ba Nakong e Fetileng
Ka lilemo tse makholo, Matatare a ’nile a amahanngoa le Mamongolia le Maturkey. Lekholong la bo13 la lilemo, a ile a kopanela matšolong a sesole a neng a qaliloe ke Genghis Khan, e leng moeta-pele oa Mongolia.b ’Muso oa hae o ile oa namela karolong e khōlōhali, e ka bapisoang le Soviet Union ea mehleng. Ka 1236, bahlabani ba hae ba ka bang 150 000 ba ile ba leba Europe, e qalang ka bophirimela ho Lithaba Tsa Ural. Ha ba fihla moo, ba ile ba hlasela metse ea Russia.
Ha Mamongolia a qeta ho hapa Russia, a ile a kopanela puso le Maturkey, karolong e ka bophirimela eo ba bang ba e bitsang Golden Horde. Motse-moholo oa eona o bitsoang Sarai Batu, o ne o le karolong e ka tlaase ho Nōka ea Volga. Naha ena e ne e akarelletsa karolo e ’ngoe ea Siberia le Lithaba tsa eona tsa Ural, haesita le mokoloko oa lithaba tse hōlenyana tsa Carpathia le Caucasus tse Ukraine le Georgia. Metse ea Russia e neng e busoa ke likhosana e ile ea laeloa hore ba ntše sethabathaba ho bo-hloma-u-hlomole. Lekholong la bo15 la lilemo, bo-hloma-u-hlomole bao ba ile ba arohana ba hlahisa libaka tse ipusang, tse kang Crimea, Astrakhan le Kazan’.
Tatarstan le Motse-Moholo oa Eona, Kazan’
Kajeno batho ba merabe e fapaneng ba ka bang limilione tse ’nè ba lula Rephabliking ea Tatarstan e Russia e bochabela bo hōle, Europe. Naha ena e boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse ka bang 68 000, ’me ho lumeloa hore ke ea tse ling tsa linaha tse “tsoetseng pele ka ho fetisisa moruong tse laoloang ke ’Muso oa Russia.” Tatarstan e itlhomme pele tlhahisong ea oli le khase Russia. E na le liindasteri tse hlahisang lifofane le likoloi, hape e na le libaka tse ’maloa tsa boema-fofane.
Kazan’ ke motse o tsoetseng pele o nang le baahi ba milione, o mateanong a Nōka ea Volga le ea Kazanka. Ke o mong oa metse e mengata ea Russia e nang le liporo tse ntle tse tsamaeang ka tlas’a lefatše.c Seteishene ka seng se hahiloe ka tsela e ikhethang. Tse ling li hahiloe ka tsela ea sejoale-joale, ha tse ling li hahiloe ka tsela ea linaheng tsa bochabela kapa ea boholo-holo. Seteisheneng se seng sa Kazan’ ho pentiloe litšoantšo tse 22 tse bontšang lipale tsa boholo-holo tsa Matatare.
Univesithi ea ’Muso ea Kazan e thehiloe ka 1804 ke Morena oa Lerussia, e leng Alexandere I ’me e na le laebrari eo e leng e ’ngoe ea tse khōlōhali naheng ea Russia. Ke setsi sa bohlokoa thutong le litabeng tsa setso ’me ke pula-maliboho ho li univesithi tse ling tsa Tatarstan. Har’a lingoliloeng tse 5 000 000 tse fumanehang laebraring ena, tse 30 000 ke libuka tsa boholo-holo tse ngotsoeng ka letsoho, tseo tse ling tsa tsona e leng tsa ho tloha lekholong la borobong la lilemo C.E.
Hoa thabisa ho tsamaea Seterateng sa Bauman se khubung ea motse. Sebaka sena se na le mabenkele a matle le lireschorente. Haufinyane tjena ha ke ne ke etetse moo le mosali oa ka, re ile ra thabela leeto le khathollang ka sekepe Nōkeng ea Volga ka mor’a hore re hahlaule motseng oo.
Tse ling tsa libaka tse sa lebaleheng tsa Kazan’ ke qhobosheane ea eona e tummeng. Qhobosheane ena ea khale, e hahiloeng lekholong la bo16 la lilemo, ke eona feela qhobosheane ea Matatare e ntseng e le teng Russia ho tla fihlela kajeno. Ka har’a marako a lejoe a Qhobosheane eo ea Kazan’, ho na le Tora ea Syuyumbeki, mehaho ea ’muso oa Tatarstan, kereke ea Mamosleme le ea Orthodox.
Selemong sa 2000, Qhobosheane ea Kazan’ e ile ea fetoha sebaka sa Bohlokoahali Lefatšeng sa UNESCO. Mohaho oa qhobosheane eo o shebahala o le motle, haholo-holo bosiu. Seo se bakoa ke mabone ao khanya ea ’ona e bonahalang ka nōkeng.
Batho ba Moo le Puo ea Bona
Matatare ke morabe o moholo ka ho fetisisa oa Maturkey a lulang Russia ’me ho boleloa hore a ka ba 5 500 000. Empa ha ho tsebahale hantle hore na a makae ho pholletsa le naha ena e khōlō.
Puo ea Matatare ke e ’ngoe ea lipuo tse buuoang Asia bophirimela le bohareng. Lipuo tsena li akarelletsa Seazerbaijani, Sebashkire, Sekazakh, Sekirghiz, Senogai, Seturkey, Seturkomane, Setuvinia, Seuzbeke le Seyakute. Lipuo tsena li batla li tšoana hoo batho ba li buang ba ka khonang ho utloana linthong tse ling.
Ho na le batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba buang lipuo tse buuoang Asia bophirimela le bohareng. Literateng tsa metse ho phatlalla le Tatarstan batho ba bua Setatare le Serussia, ’me lipuo tseo li sebelisoa likoranteng, libukeng, seea-le-moeeng haesita le thelevisheneng. Libakeng tseo ho shebelloang litšoantšiso le lifilimi ho tsona, Tatarstan, ho bapaloa lifilimi tsa Setatare, tse bontšang histori ea Matatare, setso le bophelo ba ’ona ba letsatsi ka leng.
Mabitso a mabenkele le matšoao a literata tsa Kazan’ le metse e meng a ngotsoe ka Serussia le Setatare. Serussia se na le mantsoe a mangata a tsoang ho Setatare. Naheng ea Soviet Union, mongolo oa Setatare o ile oa fetoloa oa tlosoa alfabeteng ea Searabia ’me oa isoa ho ea Selatine ka 1928. Ho tloha ka 1939, Setatare se ’nile sa ngoloa ka alfabeta ea Secyril e tšoanang le Secyril sa Russia.
Litloaelo Tsa Batho ba Moo
Matatare e kile ea e-ba litsomi le barui ba mehlape. Esita le kajeno, a sebelisa nama haholo ha a pheha lijo tsa setso. Sejo se seng se ratoang haholo malapeng a mangata a Matatare ke belesh. Hangata e etsoa joaloka pie, ebe ka hare e kenngoa litapole, nama, eiee le linōko. E kenngoa ka ontong ka lihora tse ka bang tse peli. Joale ebe “pie” ena e seheloa tafoleng ka pel’a batho bohle e sa ntse e kubella.
Le leng la matsatsi a phomolo a Matatare, leo mohlomong e leng la khale ka ho fetisisa le le tsebahalang ke la Sabantui. Le thehiloe moetlong oa bohetene oo ho oona batho ba neng ba rapela hammoho ba bile ba etsetsa molimo oa letsatsi le balimo mahlabelo. Ba le ketekang ba ne ba lumela hore mahlabelo ao a tla etsa hore leloko la bona le se ke la timela, liphoofolo tsa bona li ate le hore naha ea bona e behe haholo.
Matatare a rata lipere. Li phetha karolo ea bohlokoa setsong sa ’ona ebile li amahanngoa le hore nakong e fetileng Matatare e ne e le bo-hloma-u-hlomole. Lebala la mojaho oa lipere la Kazan’ ke le leng la a matle ka ho fetisisa lefatšeng, le na le litala tse 12 le setsi sa ho alafa liphoofolo. Lipere tsena li bile li etselitsoe letangoana la ho sesa!
Seo Bokamoso bo se Fupereng
Koran e re: “Ka sebele Re ngotse Lipesalemeng, ka mor’a Tora hore: ‘Ruri bahlanka ba Ka ba lokileng ba tla rua lefatše.’” (Sura 21, Al-Anbiyā [Baprofeta], temana ea 105). Ho totobetse hore mantsoe ana a nkiloe lipesalemeng tsa Davida tse ileng tsa ngoloa ka Bibeleng lilemo tse ka holimo ho 1 500 pele ho moo. Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”
Batho baa ba thabileng le ba lokileng ba tla tsoa sechabeng sefe le morabeng ofe? Boprofeta bo ngotsoeng ho Injil (Likosepele Tsa Bokreste Tsa Testamente e Ncha) bo re: “Bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” (Tšenolo 7:9) E tla ba bophelo bo thabisang hakaakang nakong e tlang ho lula har’a lichaba le merabe e fapa-fapaneng ea bara ba motho ba tlang ho tlala lefatše!d
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Matatare ke morabe o moholo oa Maturkey o fumanehang haholo-holo Russia.
b Sheba sehlooho se reng, “Bo-hloma-u-hlomole ba Asia ba Ileng ba Theha ’Muso o Moholo,” Tsoheng! ea May 2008.
c Metse e meng ea Russia e nang le liporo tse tsamaeang ka tlas’a lefatše ke Yekaterinburg, Moscow, Nizhniy Novgorod, Novosibirsk, St. Petersburg le Samara.
d Boitsebiso bo eketsehileng mabapi le morero oa Molimo bo fumaneha bukaneng e reng, The Guidance of God—Our Way to Paradise, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 25]
LEBITSO LA MOLIMO KA SETATARE
Buka ea Dinnər Tarixb (Malumeli a Lefatše) e ngotsoeng ke sengoli sa Letatare se bitsoang M. Khuzhayev, e hlalosa hore Adama o ne a bōpiloe ke Yakhve Allah, kapa Jehova Molimo. Hape, khatiso ea Matatare ea Pentateuch—e leng libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele ea mehleng ea kajeno—e na le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Genese 2:4, o reng mabapi le lebitso la Molimo: “Ho ka etsahala hore ha Baheberu ba boholo-holo ba ne ba bitsa lebitso lena ba ne ba re Yahveh.”
[Lebokose le leqepheng la 26]
LIPAKI TSA JEHOVA TSA TATARSTAN
Lipaki Tsa Jehova tse lulang Russia li ruta batho Setatare hobane li lakatsa ka tieo hore batho ba tsebe litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Mosali e mong oa Tatarstan o ile a re: “Ho ithuta ka Molimo ka puo ea heso ho ile ha nkama maikutlo hoo ke ileng ka ntša meokho.”
Ka 1973, sehlopha se senyenyane sa Lipaki Tsa Jehova tsa Matatare se ile sa qala ho tšoara liboka tsa ho ithuta Bibele ka Setatare. Lilemong tsa bo-1990, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa qala ho hatisa lingoliloeng tsa Bibele ka Setatare.e Eaba ka 2003, ho thehoa phutheho ea pele ea Lipaki Tsa Jehova ea Setatare Naberezhnye Chelny, Rephabliking ea Tatarstan. Kajeno, ho na le liphutheho tse 8 le lihlopha tse 20 tsa Setatare, Russia.
Ka 2008, batho ba tsoang Astrakhan, Tikolohong ea Volga, Lithabeng Tsa Ural, Siberia Bophirimela le ba tsoang leboea le hōle ba ile ba ea kopanong ea setereke e neng e tšoeroe ka Setatare. Hona joale Tatarstan, ho na le liphutheho tse 36 tsa Setatare, Serussia le Puo ea Matsoho ea Russia, moo batho ba ka holimo ho 2 300 ba phathahaneng ka ho ruta batho ’nete ka Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
e Mokhatlo oa Watch Tower Bible and Tract Society o hatisitse Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 560.
[Lebokose le leqepheng la 27]
SEBAPALI SE HLOAHLOA SE FETOHA MOLISA
Pyotr Markov o hlahetse motsaneng o mong oa Tatarstan ka 1948. Ka lilemo tse 30, o ne a tumme sebakeng sa habo ka bokhoni ba hae ba ho kampana le ho phahamisa litšepe. Ka nako e ’ngoe o kile a phahamisa litšepe tse boima ba lik’hilograma tse 32 ka makhetlo a 130. Kaha e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, hona joale o tsebahala ka ho buisana le batho ka Molimo ka Setatare le Serussia ’me o thusa batho hore ba atlehe ho sebetsana le mathata a bophelo.
Ka ho etsa joalo, Pyotr o etsisa ’Mōpi ea tsotellang, eo ho Esaia 40:11 ho thoeng ka eena: “O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa. O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng. Tse anyesang o tla li tsamaisa ka tlhokomelo.”
[Setšoantšo]
Hona joale Pyotr ke molisa oa moea
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
RUSSIA
LITHABA TSA URAL
MOSCOW
St. Petersburg
REPHABLIKI EA TATARSTAN
Kazan’
Nōka ea Volga
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Qhobosheane ea Kazan’ e pel’a Nōka ea Kazanka
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Michel Setboun/CORBIS
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“Belesh” ke sejo se ratoang haholo malapeng a mangata a Matatare