Ntoa ea Ain Jalut—E Fetotse Histori ea Lefatše
BAHLABANI ba mabifi ba ile ba tsoa motseng oa Mongolia ba palame lipere ’me ba tlatlapa motse o mong le o mong o neng o sa batle ho inehela. Ka February 1258, bahlabani bao ba ile ba ntšetsa bohale ba bona bo tšosang motseng oa Baghdad ’me ba heletsa marako a eona. Ba ile ba qeta beke ba bolaea batho le ho tlatlapa motse oo. Linaha tsohle tsa Maislamo li ne li tlakasela ke tšabo ka lebaka la Mamongolia.a
Ka January 1260, Mamongolia a ile a hlasela a lebile bophirimela, eaba metse ea Aleppo le Syria e etsahalloa ke ntho e tšoanang le e etsahalletseng Baghdad. Athe ka March teng, motse oa Damaseka o ile oa bulela Mamongolia liheke tsa oona eaba oa inehela. Nakoana ka mor’a moo, Mamongolia a ile a hapa metse ea Mapalestina ea Nablus (e haufi le moo Shikeme ea boholo-holo e neng e le teng) le Gaza.
Molaoli oa lebotho la Mamongolia e leng Hülegü, o ile a laela Morena oa Mamosleme e leng al-Muzaffar Sayf al-Din Qutuz oa Egepeta hore le eena a inehele. Hülegü o ile a tšosa ka hore haeba a sa inehele, Egepeta e ne e tla kopana le lipela li falla. Mabotho a Hülegü a ne a feta lebotho la Baegepeta la masole a 20 000 ka makhetlo a 15. Moprofesa Nazeer Ahmed, eo e leng rahistori oa Boislamo o re: “Linaha tsa Mamosleme li ne li tobane le ho felisoa ka ho feletseng.” Morena Qutuz o ne a tla etsa joang?
Qutuz le Mamamluk
Qutuz e ne e le Momamluk, lekhoba la Moturkey. Mamamluk e ne e le masole a makhoba, a ne a sebeletsa marena a Maayyubid a Cairo, Egepeta. Leha ho le joalo ka 1250, makhoba ao a ile a loantša beng ba ’ona ’me a ba hlōla, eaba a qala ho busa Egepeta. Ka mor’a moo Qutuz, eo e neng e le lesole la lekhoba, o ile a nka puso ’me ea e-ba morena ka 1259. E ne e le mohlabani ea ipabolang ea neng a sa ikemisetsa ho inehela feela a sa loana. Leha ho le joalo, ho ne ho bonahala eka a ke ke a o besa oa tuka ho Mamongolia. Eaba joale ho qaleha letoto la liketsahalo tse neng li tla fetola histori ea lefatše.
Hülegü o ile a tsebisoa hore moeta-pele ea ka sehloohong oa Mamongolia, e leng Möngke o shoeletse Mongolia e hōle. Ha Hülegü a lemoha hore ’muso oa naha ea habo o ka ’na oa oa, o ile a khutlela morao le masole a mangata a lebotho la hae. O ile a siea masole a pakeng tsa 10 000 le 20 000—ao a neng a nahana hore a lekane hore a ka hlōla Egepeta. Qutuz o ne a nahana hore o se a ntse a hlōtse ntoa. O ile a nahana hore haeba a batla ho hlōla lira tsa hae, oo e ne e le oona feela monyetla oa ho etsa joalo.
Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le lira tse ling tsa Mamosleme pakeng tsa Egepeta le Mongolia—e leng mabotho a sesole a bolumeli a neng a tlile Palestina ho tla hapa “Naha e Halalelang” hore e be ea Bokreste-’mōtoana. Qutuz o ile a leka ho feta ho lira tsena a sireletsehile a ba a batla tokelo ea ho reka lintho tseo a neng a li hloka e le hore a ka loantša Mamongolia, a le Palestina. Mabotho ana a bolumeli a ile a lumela. Etsoe mabotho ao a ne a tšepile hore Qutuz ke eena feela ea ka felisang Mamongolia ao, a neng a ba tšoenya haholo feela joalokaha a ne a tšoenya Mamosleme.
Ka lebaka leo, sena se ile sa etsa hore ho kupe ntoa ea makhaola-khang pakeng tsa Mamamluk le Mamongolia.
Ntoa ea Ain Jalut e Loanela Palestina
Mabotho a Mamamluk le Mamongolia a ile a kopana Ain Jalut ka September 1260 Thoteng ea Esdraelon. Ho lumeloa hore Ain Jalut e haufi le motse oa boholo-holo oa Megido.b
Rahistori Rashid al-Din o re Mamamluk a ile a hulela Mamongolia Megido, eaba a a hlasela a sa lebella. Qutuz o ile a pata a mang a masole a hae a palameng lipere mahaheng a pota-potileng thota eo ’me a laela lebotho la hae le lenyenyane hore le ee pele e le hore le ka qholotsa Mamongolia hore a le hlasele. Mamongolia a ne a nahana hore lebotho leo a neng a tobane le lona la Mamamluk le felletse, kahoo a hlasela. Eaba Qutuz o cheholla leraba la hae. A laela mabotho a neng a setse hore a tsoe moo a neng a ipatile teng ’me a hlasele Mamongolia ka mahlakoreng. Lira tseo li ile tsa hlōloa.
Lena e ne e le lekhetlo la pele Mamongolia a hlōloa ka mor’a hore a qale ho hlasela linaha tse ka bophirimela ho Mongolia, lilemong tse 43 pele ho moo. Le hoja palo ea mabotho a neng a loana e ne e fokola, ntoa ea Ain Jalut e nkoa e le e ’ngoe ea lintoa tsa bohlokoa ka ho fetisisa historing. E ile ea etsa hore Mamosleme a se ke a timetsoa ka ho feletseng, ea shanofatsa taba ea hore Mamongolia a ke ke a hlōloa le ka mohla, eaba ea etsa hore Mamamluk a boele a hape libaka tse neng li tlatlapuoe.
Liphello Tsa Ntoa ea Ain Jalut
Mamongolia a ile a khutlela libakeng tsa Syria le Palestina ka makhetlo a mangata empa a ne a ke ke a hlola a khona ho sokela Baegepeta. Litloholo tsa Hülegü li ile tsa qetella li lula Persia, tsa ba tsa sokolohela Boislamong ’me ka mor’a nako tsa tšehetsa setso sa Boislamo. Libaka tsa tsona li ile tsa qetella li tsejoa e le ilkhanate ea Mapersia, e leng “libaka tse busoang ke khan.”
Qutuz ha aa ka a phela nako e telele ka mor’a tlhōlo eo. Lira tsa hae li ile tsa mo bolaea kapele ka mor’a moo. E mong oa lira tseo e ne e le Baybars I, e leng morena oa pele oa mebuso e ileng ea boela ea kopana ea Egepeta le Syria. Batho ba bangata ba ne ba mo nka e le mothehi oa ’muso oa Mamamluk. ’Muso oa hae o mocha—o neng o ruile o bile o hlophisehile hantle—o bile teng ka lilemo tse makholo a mabeli le halofo ho fihlela ka 1517.
Nakong eo ea lilemo tse ka bang 250, Mamamluk a ile a leleka mabotho a bolumeli Naheng e Halalelang, a khothalletsa khoebo le indasteri le ho tšehetsa mosebetsi oa bonono hammoho le ho haha lipetlele, matlo a thapelo a Mamosleme le likolo. Pusong ea Mamamluk, Egepeta e ile ea fetoha setsi sa Mamosleme seo ho neng ho se na ’muso o ka qothisanang lehlokoa le sona.
Ntoa ea Ain Jalut ha ea ka ea ama Bochabela bo Hare feela. E ile ea boela ea etsa hore ho be le tsoelo-pele linaheng tse ka Bophirimela. Makasine oa Saudi Aramco World e re: “Hoja Mamongolia a ile a atleha ho hlōla Egepeta ka mor’a hore Hülegü a khutlele Mongolia, a ka be a ile a khona le ho fetela pele Afrika Leboea a ba a fetela Mochophorong oa leoatle la Gibraltar.” Ka nako e tšoanang, hoja Mamongolia a ile a fihla Poland, a ka be a ile a tšosa Europe ka mahlakoreng ’ohle.
Makasine eona eo e ile ea re: “Maemong a joalo, na ho ka be ho bile le Tsosoloso Linaheng Tsa Europe? Mohlomong lefatše e ka be e bile sebaka se fapaneng le seo le leng sona kajeno.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le Mamongolia le tlhōlo ea ’ona, sheba Tsoha! ea May 2008.
b Kaha lintoa tse ngata tsa makhaola-khang li loanetsoe sebakeng seo, lentsoe “Megido” le ile la amahanngoa le ntoa e tsebahalang haholo e bitsoang Armagedone—eo ka Seheberu e bitsoang Har–Magedone. Bibele e amahanya Armagedone le “ntoa ea letsatsi leo le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.”—Tšenolo 16:14, 16, Authorized Version.
[’Mapa o leqepheng la 12]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Damaseka
SYRIA
Thaba ea Tabore
Thota ea Esdraelon
Ain Jalut (haufi le Megido)
Nablus (Shikeme)
Jerusalema
Gaza
EGEPETA
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Setšoantšo sa motse oa boholo-holo oa Megido
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Mabotho a Mamamluk le a Mamongolia a ile a kopana Ain Jalut, ka September 1260 Thoteng ea Esdraelon
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Lithako tsa motse oa boholo-holo oa Shikeme, hammoho le karolo e itseng ea motse oa Nablus, o hlaheletseng ka morao