Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/12 leq. 3
  • Ho Tšoaroa ka Leeme ho Utloisa Bohloko!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tšoaroa ka Leeme ho Utloisa Bohloko!
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mapolesa—Bokamoso ba ’Ona ke Bofe?
    Tsoha!—2002
  • Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • U ka Sebetsana le ho Hloka Toka Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Ho Loanela ho Felisa—Tlōlo ea Molao
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 5/12 leq. 3

Ho Tšoaroa ka Leeme ho Utloisa Bohloko!

SELEMONG sa 2010 Michael o ile a lokolloa chankaneng ea Texas, U.S.A., ka mor’a hore a qete lilemo tse 27 a le teronkong ka lebaka la peto eo a sa kang a e etsa. Liteko tsa bongaka tse ileng tsa etsoa—tse neng li e-s’o be teng ha a ne a koalloa—li ile tsa paka hore o ne a se molato eaba oa lokolloa. Hamorao, ba boholong ba ile ba fumana batho ba neng ba le molato, empa ho ne ho sa khonehe hore ba qosoe kaha molao o ne o re ho se ho fetile nako e ngata haholo ketsahalo eo e etsahetse.

Batlōli ba bangata ba molao ba khona ho baleha kahlolo. Ka mohlala, tlaleho ea The Telegraph e re naheng ea Brithani, “lipolao tseo baetsi ba tsona ba sa qosoeng li imenne habeli lilemong tse leshome tse fetileng, ’me sena se etsa hore batho ba lule ba le matsoalong a hore mapolesa le makhotla a linyeoe a hlōleha ho sebetsana le litlōlo tse mabifi tsa molao.”

Ka August 2011, mapolesa a Brithani a ile a hlōleha ho felisa mofuta o mong oa tlōlo ea molao—ea lihlopha tse neng li baka morusu Birmingham, Liverpool, London haesita le libakeng tse ling. Mekhopi ena ea batho ba mabifi e ne e chesa hohle, e pshatla lifensetere tsa mabenkele, e utsoa thepa, kahoo e ne e sa senye likhoebo, matlo le likoloi feela, empa e ne e boetse e senyetsa batho mesebetsi. Ke hobane’ng ha batho baa ba ne ba etsa see? Ba bangata ba ne ba susumetsoa ke meharo. Athe ba bang bona ho bonahala ba ne ba susumetsoa ke ho tšoaroa ka leeme. Bahlalosi ba bang ba re e ka ’na eaba batho bana ba neng ba baka merusu e ne e le bacha ba nyahamisitsoeng ke ho ikutloa e ka ’muso ha o ba tsotelle le hore ba hōlela makeisheneng a futsanehileng ’me ha ba na bokamoso.

Jobo e leng e mong oa batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng o ile a re: “Ke ntse ke hoeletsa ho kōpa thuso, empa ha ho na toka.” (Jobo 19:7) Ka ho tšoanang le kajeno, batho ba bangata ba batla toka empa ha ho motho ea utloang mehoo ea bona. Na ka sebele ho na le motho ea ka felisang ho hloka toka? Na ke bothoto ho lumela hore ho tla ba le toka lefatšeng? E le hore re fumane karabo e khotsofatsang re lokela ho tseba hore na ho hloka toka ho simolohile hokae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela