Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/12 maq. 12-14
  • “Nko ee e Khōlō Hakaakang!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Nko ee e Khōlō Hakaakang!”
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li na le Limpa Tse Pesohileng
  • Liphoofolo Tse Lulang ka Lihlopha
  • Litšoene Tse Nang le Maoto a Kang a Matata!
  • Liphoofolo Tse Kotsing ea ho Fela
  • Mohlolo oa Litšoene Lefikeng
    Tsoha!—2008
  • Ho Etsa Liphuputso ka Liphoofolo—Tlhohonolofatso kapa Thohako?
    Tsoha!—1990
  • Bohlale ba Tšoene
    Tsoha!—1991
Tsoha!—2012
g 5/12 maq. 12-14

“Nko ee e Khōlō Hakaakang!”

HO TLOALEHILE hore batho ba cho joalo ha ba qala ho bona nkohali e leketlileng ea tšoene e tona e bitsoang proboscis.a Nko ea litšoene tse ling tse tona, e ka hōla hoo e ka bang bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 18—e leng ho ka etsang kotara ea ’mele oa eona. Kaha nko ea tšoene e tona e leketletse ka pel’a molomo le selelu sa eona, e tlameha ho e suthisetsa ka thōko ha e ja! Haeba nko ea hao e ne e lekana le ea tšoene ena, e ne e tla fihla halofong ea sefuba sa hao.

Nko ea tšoene e tona e e tsoela molemo ka tsela efe?b Batho ba fana ka mabaka a sa tšoaneng. Mohlomong nko ena e ntša mocheso o sa hlokahaleng ’meleng oa eona kapa e etsa hore e be le lentsoe le phefa. Kapa mohlomong e etsa hore litšoene tse ling tse tona li khone ho hlokomela hore na e ikutloa joang. Sena ke ’nete hobane ha e koatile kapa e thabile nko ea eona ea ruruha ebe ea retela. Eka ’na eaba nko ena e hohela tse tšehali e etsa hore li shoe li ikepela! Mohlomong tšoene ena ea proboscis e etsa lintho tse ngata tseo re li tsebang kapa tseo re sa li tsebeng ho hang.

Li na le Limpa Tse Pesohileng

Litšoene tsa proboscis—tse tona kapa tse tšehali—li na le limpa tse khōlō tse sa tšoaneng le tsa tse ling. Ha e le hantle mala a tsona a lekana le kotara ea boima ba ’mele oa tsona. Kahoo, sena se etsa hore litšoene tse tona le tse tšehali li bonahale eka li lula li imme! Ke hobane’ng ha limpa tsa tsona li pesohile?

Joaloka limpa tsa likhomo, limpa tsa litšoene tsa proboscis li tletse motsoako o metsi oa meroho hammoho le libaktheria. Baktheria e bolisa lijo ebe e monya tsoekere le lichefo tse ling tsa limela tse ka bolaeang liphoofolo tse ling. Tsela e hlollang eo li silang lijo ka eona e etsa hore li khone ho phela ka makhasi a lifate, litholoana tse se nang tsoekere, peō e kang ea linaoa, lipalema haesita le limela tse ling—e leng lijo tseo litšoene tseo limpa tsa tsona li silang lijo ka tsela e fapaneng li ke keng tsa phela ka tsona.

Le hoja tsela eo mala a li-proboscis a silang lijo ka eona e hlolla, ho na le moo e haelloang teng. Tšoene ena e tlameha ho qoba ho ja litholoana tse nang le tsoekere tse bolang ka potlako. Litholoana tseo tse tsoekere li etsa hore tšoene e tlalellane, mohlomong ho fihlela e shoa habohloko.

Ka lebaka la hore lijo tseo li li jang li na le tsoekere e ngata e tsoang limeleng, hape mala a tsona a sebetsa ka tsela e rarahaneng, litšoene tsena li hloka nako e ngata ea ho sila lijo. Joale ka mor’a ho ja lijo tsa hoseng tse ngata li hloka ho phomola—ka linako tse ling lihora-hora pele li ka ja hape.

Liphoofolo Tse Lulang ka Lihlopha

Hore na li ea ja kapa li phomotse, ke ka seoelo li-proboscis li ka fumanoang li le ling. Litšoene tse tona tse laolang ke tsona tse hlokomelang sehlopha sa litšoene tse tšehali tse ka bang robeli le malinyane a tsona. Ha malinyane a matona a se a hōlile ka ho lekaneng hore a ka itlhokomela, aa lelekoa sehlopheng. Malinyane ana a hōlileng a ikopanya le a mang, ebe a etsa lihlopha tse nang le e le ’ngoe kapa tse peli tse tona tse seng li le kholoanyane. Ho motho ea sa tsebeng, lihlopha tse joalo li ka bonahala eka ke lihlopha tsa tse seng li hōlile.

Litšoene tsena tsa li-proboscis li na le mokhoa o mong o sa tloaelehang—oa ho kopana le lihlopha tse ling, haholo-holo ha li bokane linōkeng mantsiboea. Linakong tse joalo, tšoene e tona e ka bontša hore seeta ho lla sa eona haeba e ’ngoe ea tse tona e bontša thahasello ho tsa eona tse tšehali. Ka tloaelo, tšoene ena e batlang ho sireletsa tsa eona tse tšehali—e ka bang boima ba li k’hilograma tse 20—e ema ka maoto le matsoho e ahlamisitse molomo ebe e sheba sera sa eona. Buka e bitsoang Proboscis Monkeys of Borneo e re: “Haeba leqheka leo le sa sebetse, ka tšohanyetso tse ling li sa lebella e qhomela lifateng e entse lerata le leholo ebe e qhomela makaleng a shoeleng ka makhetlo a ’maloa, ao e reng ha a robeha a etse lerata le ho feta.” Li ee li loane, empa ke ka seoelo.

Buka e qotsitsoeng ka holimo e re: “Litšoene tsa proboscis li shebahala ka tsela e sa tloaelehang, ebile li boetse li etsa lerata le makatsang.” Litšoene tsena li etsa mefuta eohle ea melumo e etsoang ke liphoofolo tse ling, haholo-holo ha li le linōkeng. Har’a lerata lena le thibang litsebe, litšoene tse tšehali tsona li anyesa le ho lokisa malinyane a tsona a nang le lifahleho tse ’mala o moputsoa. Qetellong ha shoalane e tšoara, litšoene tsena li ee be li se li iphumanetse libaka tse ntle lifateng moo li ka robalang teng hamonate—hangata lifateng tse telelele tse ka thōko ho nōka.

Litšoene Tse Nang le Maoto a Kang a Matata!

Ntle ho linko tsa tsona, ntho e ’ngoe e sa tloaelehang ka litšoene tsena tsa li-proboscis—ke maoto a tsona a kang a matata. Maoto ana ha a nolofaletse litšoene tsena ho sesa feela, empa a boetse a li nolofalletsa ho tsamaea seretseng seo ho sona ho metseng lifate tse nang le methapo e tsoetseng kantle. Ke ’nete hore u ka ’na oa nahana ka likoena ha re bua ka lifate tsena. Ho na le likoena tse ngata haholo moo litšoene tsa li-proboscis li lulang teng. Litšoene tsena tse phelang moo ho nang le metsi, li etsa joang e le hore li se ke tsa jeoa ke likoena?

Mokhoa o mong oo li o sebelisang ke ho kena ka metsing li patile mohoasa, ebe li sesa li salane morao li sa tsose libata masene. Leha ho le joalo, haeba nōka e le tšesaane haholo, li sebelisa leqheka le leng le fapaneng. Li hloella holimo sefateng mohlomong limithara tse robong li qhomele ka metsing li ntse li matha ebe li oela ka metsing ka limpa, li ntan’o sesa kapele kamoo li ka khonang e le hore li qetelle sebaka se setseng. Esita le tsa bo-’mè tse pepileng malinyane li etsa se tšoanang. Ka linako tse ling sehlopha sa tsona se ikakhela ka metsing ebe se sesetsa ka lehlakoreng le leng ka pele kamoo se ka khonang! Empa sera sa tsona se seholo hase koena.

Liphoofolo Tse Kotsing ea ho Fela

Litšoene tsa li-proboscis li kentsoe ka molao lethathamong la liphoofolo tse kotsing ea ho fela,e ka ’na eaba ho na le tse likete tse ’maloa feela sebakeng seo li phelang ho sona ’me palo ea tsona e tsoela pele ho qepha—haholo-holo ka lebaka la batho. Pheliso ena e bakoang ke batho e akarelletsa mello, ho rema meru, bahahlauli ba sa behoang leihlo le ho felisoa ha meru e le hore ho lenngoe lifate tsa lipalema tse ntšang oli. Lebaka le leng ke ho tsoma. Batho ba bang ba bolaea litšoene tsena bakeng sa monate feela. Ba bang bona ba li bolaea bakeng sa lijo kapa bakeng sa meriana ea setso. Kaha hangata litšoene tsena li robala lifateng tse haufi le nōka, moo li bonoang ke mang le mang, ho bonolo hore li hlaseloe. Sebakeng se seng seo litsomi tse sebelisang likepe tse lebelo li qetang nako e ngata li le ho sona, palo ea litšoene tsena e ile ea theoha ka liphesente tse 50 nakong ea lilemo tse hlano feela!

Batho ba hlokomelang lintho tsa tlhaho ba leka ho lemosa batho ka maqakabetsi ao litšoene tsena li tobaneng le ’ona, athe Borneo teng, ho na le molao o li sireletsang. Na boiteko boo bo tla sebetsa? Re tla bona ha ’mela o ntse o puta. Haeba litšoene tsena li ne li ka fela, ruri sena se ne se ka utloisa bohloko hobane ho ithuta ka litšoene tsa li-proboscis ke ntho e ikhethang e le kannete! Se bohloko le ho feta ke hore tšoene ena ha e khone ho phela ha e koaletsoe.

Tšoene ea proboscis ke e ’ngoe ea liphoofolo tseo bokamoso ba tsona bo leng lerootho. Mefuta e meng e mengata ea liphoofolo e se e felile. Taba e khothatsang ke hore Molimo o ikemiselitse ho laola lefatše lena ka ho feletseng, a tlose bokhopo ’me a rute batho kamoo ba ka hlokomelang lehae la bona kateng. (Liproverbia 2:21, 22) Jehova Molimo oa tšepisa: “Li ke ke tsa ntša kotsi leha e le efe kapa tsa baka tšenyo leha e le efe thabeng eohle ea ka e halalelang, hobane ka sebele lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.”—Esaia 11:9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litšoene tsena tse bitsoang li-proboscis li fumaneha sehlekehlekeng sa Borneo. Batho ba lulang moo ba li bitsa orang belanda, kapa “Monna oa Modache.”

b Tse tšehali le tsona li ntse li na le linko tse khōlō, empa ha li lekane le tsa tse tona.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Litšoene tsa proboscis li na le linko tse ikhethang le limpa tse khōlō

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Peter Lilja/​age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Nko ea tšoene e tona e leketlela ka pel’a molomo oa eona. E tlameha ho e suthisetsa ka thōko ha e ja

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Juniors Bildarchiv/​Alamy

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Hore na li ea ja kapa li phomotse, ke ka seoelo li-“proboscis” li ka fumanoang li le ling

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Peter Lilja/​age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela