Mohlolo oa Litšoene Lefikeng
HA U nahana ka litšoene, u ka ’na ua nahana ka libaka tse chesang le tse mongobo. Mefuta e meng ea litšoene e phela libakeng tse batlang li futhumetse. Leha ho le joalo, ho na le mefuta e seng mekae e ikhethang.
Holimo Lithabeng Tsa Atlas Tsa Afrika Leboea, moo lehloa le atisang ho khetheha mariha, ho na le lihlotšoana tsa litšoene tse se nang mehatla tse itsamaelang ka bolokolohi merung ea lifate tsa kedare le tsa eike. Se seng sa lihlopha tsa litšoene tsena tse ikarotseng ho tse ling se ka fumanoa lik’hilomithara tse 300 ho elella ka leboea, Hloahloeng ea Gibraltar, karolong e ka boroa ka ho fetisisa Europe.
Litsebi tsa lintho tsa tlhaho li hlalosa mohlolo oo oa litšoene tse lulang Hloahloeng ea Gibraltar joang? Tse ling li lumela hore khale-khale litšoene tsena li ne li le ngata Europe le hore tse Gibraltar ke tsona feela tse setseng. Tse ling li nahana hore bo-ralikolone ba Maarabo kapa ba Manyesemane ba ile ba tla le tsona Hloahloeng ena. Athe tšōmo ea sebakeng seo eona e re litšoene tsena li ile tsa tsamaea le likotopong tse tšesaane tse ka tlas’a lefatše tse neng li arotse Europe le Afrika, tseo hona joale li seng li le sieo. Ho sa tsotellehe hore na ha e le hantle li tsoa hokae, litšoene tsena hona joale ke tsona feela tse itsamaelang ka bolokolohi Europe.
Litšoene tsena li lula merung ea lifate tsa phaena e holimo Hloahloeng. Le hoja li ka ba lekholo feela ka palo, ho ea ka Mokhatlo oa Machaba oa Tšireletso ea Litšoene, litšoene tsena ke tsona “liphoofolo tse tummeng ka ho fetisisa hloahloeng ena.”a
Kaha selemo le selemo bahahlauli ba ka bang limilione tse supileng ba etela Gibraltar, litšoene tsena tse ratang ho bapala li fumana lijo tse ngata. Le hoja li e-ja limela tsa naha, li se li itloaelitse ho qela lijo ho bahahlauli—ka linako tse ling li bile lia ba utsoetsa. Ba boholong le bona ba tlisetsa litšoene tsena litholoana le meroho.
Ha litšoene tsena li sa je, li qeta lihora tse ka bang hlano ka letsatsi li hloekisana. Tse tona le tse tšehali li hlokomela malinyane le ho bapala le ’ona. Kaha li phela ’moho nako ena kaofela, ka linako tse ling lia qabana. Litšoene tse khōlō li leleka tse nyenyane ka ho li tšosa kapa ho etsa lerata, hape li na le mokhoa o sa tloaelehang oa ho otlanya meno, oo ho bonahalang eka o etsa hore li khobe matšoafo.
E ntse e le mohlolo hore na li fihlile joang Gibraltar; empa litšoene tsena tse botsoalle li eketsa botle ba majoe a mokoetla a haufi le Leoatle la Mediterranean. Haeba li ne li le sieo, Gibraltar e ne e ke ke ea e-ba kamoo e leng kateng kajeno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litšoene tse ling tse tšoanang le tsona tsa Japane, tse bitsoang li-macaque, tseo bahahlauli ba li ratang haholo, mariha li khobokana lilibeng tsa metsi a chesang Japane.