Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/10 leq. 29
  • ‘Ho Hanela Moea oa Boithati’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Hanela Moea oa Boithati’
  • Tsoha!—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Tiea Joaloka Lefika la Gibraltar”
    Tsoha!—1990
  • “Khopotso ea Moea oa Tšebelisano-’moho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Mohlolo oa Litšoene Lefikeng
    Tsoha!—2008
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 1/10 leq. 29

‘Ho Hanela Moea oa Boithati’

● GIBRALTAR, e karolong e ka boroa qetheng ea Hloahloa ea Iberia, e ’nile ea thibelloa le ho hlaseloa ka makhetlo a mangata nakong ea histori ea eona e tletseng meferefere. Empa ka mafelo-beke a mang ka October 2008, batho ba Spain ba ka bang sekete ba ile ba kena ka khotso motseng oo. Ba ne ba tlil’o haha Holo ea ’Muso eo liphutheho tse peli tsa Lipaki Tsa Jehova tsa motseng oa Gibraltar li neng li tla kopanela ho eona.

Letona le ka sehloohong la ’muso le ile la bolella Tsoha! hore Gibraltar e amohela baeti ba makholo ba tlil’o sebetsa mohahong oo. Le ile la re “ba tlatsetsa ho ntlafatseng sechaba sa moo.” Le ile la bolela hore “Lipaki Tsa Jehova ke tsona feela tse kileng tsa tlisa batho ba bangata hakaalo motseng oa Gibraltar hore ba tl’o haha mohaho o le mong—le hona e le baithaopi.”

Ba boholong ba ile ba tšehetsa mosebetsi ona ho tloha qalong, ka hore ka mosa ba fe Lipaki setša se loketseng hore li hahe sebaka sa tsona sa borapeli. Ke eng se ba susumelitseng hore ba fane ka seatla se bulehileng tjee?

Letona le ka sehloohong le ile la re: “Ke lumela hore batho ba tšabang Molimo ba na le tšusumetso e ntle sechabeng leha e le sefe. Malumeli ’ohle a Gibraltar a na le tokelo ea motheo ea bolokolohi ba borapeli, kahoo ’muso o tlameha hore o se ke oa bontša khethollo litabeng tsa bolumeli. Ho phaella moo, ho fa Lipaki setša se loketseng sa hore li hahe sebaka sa tsona sa borapeli ho tla thusa sechaba.”

Le ile la phaella ka ho re: “Re lokela ho hanela moea oa boithati. Baithaopi ba lōna ba mahlahahlaha ba re bontšitse hore seo se ka khoneha.”

Le hoja sefefo se ile sa liehisa mosebetsi hore o qale, Holo ea ’Muso e ile ea qetoa ka Mantaha, letsatsing la boraro mosebetsi o qalile. Secundino Nogal ea neng a okametse mosebetsi oo, o ile a re: “Baithaopi ba bangata ba ile ba ithaopela ho lula letsatsi le leng Gibraltar e le hore ba qetele mosebetsi. Re tloaetse ho hlōla mathata. Mokhoa oo re hahang ka oona o hloka hore re tenyetsehe. Empa ka holimo ho tsohle, o hloka hore re se ke ra ba baithati ’me leo ke lona lebaka le re khotsofatsang hakana.”a

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Koranta e ’ngoe ea moo e bitsoang Gibraltar Chronicle, e ile ea tlaleha hore: “Ka mafelo-beke ha boemo ba leholimo bo ne bo ntse bo baka tšenyo, Lipaki Tsa Jehova tsa Gibraltar tsona . . . li ile tsa qeta ho haha tempele ea tsona [Holo ea ’Muso] ka matsatsi a mararo, li ithaopile li le ngata.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela