Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g90 1/8 leq. 31
  • “Ho Tiea Joaloka Lefika la Gibraltar”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Tiea Joaloka Lefika la Gibraltar”
  • Tsoha!—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Hanela Moea oa Boithati’
    Tsoha!—2010
  • “Khopotso ea Moea oa Tšebelisano-’moho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Mohlolo oa Litšoene Lefikeng
    Tsoha!—2008
  • “Kaha re na le Tšebeletso Ena . . . , Ha re Tele”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1990
g90 1/8 leq. 31

“Ho Tiea Joaloka Lefika la Gibraltar”

Ha u nyoloha metsing a futhumetseng a maputsoa a Mediterranean bophahamo ba limithara tse 426, Lefika la Gibraltar le bonahala le tiile. Mohla le seleng le bohoeng ba ntja, u sa le lik’hilomithara tse ngata ho tloha boroa ba Spain le ho tloha Morocco, ho tšela Mediterranean, motho a ka bona ntlha e nchocho ea Gibraltar.

Histori ea Gibraltar ke ea morao koana linakong tsa boholo-holo ha basesisi ba lumelang hore lefatše le batalletse, ba ne ba nahana hore ho phunyelletsa Mochophoro oa Gibraltar ho tla ba lebisa ntlheng ea lefatše le sekoting sa timetso. E ne e boetse e talingoa e le ’ngoe ea Litšiea tsa Hercules, e ’ngoe e le Jebel Musa Ceuta, mochophorong oa lebōpo la Afrika. Tšōmo e bolela hore mohale oa Bagerike Hercules o ile a phatlola lithaba ka lehare.

Motse oa Gibraltar o bile teng ka lebaka la Maarabe a neng a tsoa Afrika Leboea lekholong la borobeli la lilemo C.E. ’me ha morao a thea motse ka 1160. Lebitso Gibraltar le tsoa lebitsong la Searabe Djabal-Tarik, kapa Thaba ea Tarik. Ṭāriq ibn Ziyād e ne e le moetapele oa Maarabe ea ileng a hlōla morena oa ho qetela oa Magoth ka 711 C.E.

Maspanish a ile a hapa Gibraltar ka 1462 empa ka 1704 Brithane ea ba amoha eona. Ho fihlela kajeno, e setse e le mokolokotoane oa ho qetela oa ’Muso oa Brithane. Empa Lefika la Gibraltar le tsoela pele ho ba letšoao la ntho e ’ngoe e tiileng le ea ka ho sa feleng.

Liphutheho tse peli (ea Senyesemane le Spanish) tsa Lipaki tsa Jehova tse ka bang 120 Gibraltar li nehelana ka tšepiso ea Molimo ea ho busa baahi ba Gibraltar, e leng tšepiso e tiileng ho feta Lefika!—Tite 1:1, 2; Ba-Heberu 6:17-19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela