Na o Entsoe?
Mokhoa oo Jellyfish e Sesang ka Oona
● Karolo e etsang 95 lekholong ea ’mele oa jellyfish ke metsi ’me li-jellyfish li fapana ka boholo, tse ling li bophara ba lisenthimithara tse ka tlaase ho tse tharo ha tse ling li le bophara ba limithara tse ka holimo ho tse peli. Li-jellyfish tse ngata li thusoa ke mesifa hore li sese, ha li honyetsa ’mele oa tsona o tšoanang le bele le ha li o bulula joalokaha eka motho o bula sekhele le ho se koala.
Ak’u nahane: Borasaense ba bang ba ithutang tsela eo likhase le mekelikeli e sebetsang ka eona, ba fumane hore li-jellyfish tse ling le hoja li sesa butle, li sesa ka tsela e khahlang. Ha li honyetsa ’mele oa tsona li etsa maqhubu a li sutumelletsang pele. Matla a maqhubung ao a sutumelletsa li-jellyfish pele ka tsela e batlang e tšoana le eo sefofane sa jet se fofang ka eona, empa tsona ha li hloke hore li lule li fehla matla. Makasine ea New Scientist e re: “Ho ka ’na ha utloahala eka ke ntho e bonolo. Empa ho thata haholo ho hlalosa maqhubu a etsoang ke li-jellyfish re sebelisa lipalo.”
Bafuputsi ba ntse ba ithuta tsela eo jellyfish e sesang ka eona e le hore ba ka etsa likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse sebetsang hantle le ho feta. E mong oa bafuputsi bana o se a entse sekepe se tsamaeang ka tlas’a metsi se bolelele ba limithara tse 1,2 se sesang ka tsela eo jellyfish e sesang ka eona. Sekepe sena se sebelisa matla a etsang karolo ea 30 lekholong, e leng matla a manyenyane ho feta a sebelisoang ke likepe tse tloaelehileng. Tsela e ’ngoe eo ba rerang ho sebelisa seo ba ithutileng sona ka jellyfish, e amana le tsela eo pelo ea motho e pompang mali ka eona. Kaha mokhoa oo pelo e pompang mali ka oona o tšoana le oo jellyfish e etsang maqhubu ka oona, ho ka ba bonolo hore litsebi li hlokomele ha motho a se a e-na le matšoao a lefu la pelo.
U nahana’ng ka see? Na mokhoa oo jellyfish e sesang ka oona o bile teng ka tšohanyetso? Kapa na o entsoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Jellyfish e etsa maqhubu ao e a sutumelletsang hōle le eona ebe e ea pele
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 13]
Photo: © JUNIORS BILDARCHIV/age fotostock; graphic: Courtesy of Sean Colin