Tsela e Hlollang eo Tlhapi ea Salmon e Sesang ka Eona
Na e Entsoe?
● E le hore mefuta e mengata ea litlhapi tsa salmon e il’o behela, e sesa e nyolosa nōkeng, e tobane le metsi a phallelang tlaase ka matla. Li thusoa ke eng ho mamella leetong le boima joalo empa li sa khathale? Ho e-na le hore li hlōloe ke metsi ana a phallang ka matla, ha e le hantle litlhapi tsena li a sebelisa molemong oa tsona. Joang?
Ak’u nahane: Litlhapi tsa salmon ha li sese ka boima metsing ao a loebehlanang. Ho e-na le hoo, ha li sesa li nyolosa, li baballa matla ka hore li sebelise maqhubu, a hlahang ha metsi a phallang a otla majoe, makala a lifate, kapa lintho tse ling. Ha maqhubu a ntse a hlaha ka mahlakoreng a ntho eo a e otlang, litlhapi tseo li tsoelipana pakeng tsa metsi a loebehlanang. (Sheba setšoantšo.) Litlhapi tse ling li atleha ho tsoelipana pakeng tsa maqhubu a bakiloeng ke litlhapi tse ling tse sesang ka pel’a tsona. Litlhapi tsena li ka ba tsa sebelisa hamolemo maqhubu ao li a hlahisang ka botsona!
Bafuputsi ba nahana hore ba ka etsisa tsela eo tlhapi ea salmon e atlehang ho sesa ka eona e le hore ba fehle motlakase metsing a phallang butle. Hangata mechine e tloaelehileng e fehlang motlakase e sebetsa hantle moo metsi a phallang ka lebelo la lik’hilomithara tse ka bang 9,3 ka hora kapa ho feta. Joale mochine o sebelisang maqhubu a bakoang ke ho loebehlana ha metsi o ka hlahisa motlakase metsing a phallang ka lebelo la lik’hilomithara tse ka bang 3,7 feela ka hora.a Leha ho le joalo, theknoloji ena hase letho ha e bapisoa le tsela e rarahaneng eo tlhapi ea salmon e sesang ka eona. Moprofesa Michael Bernitsas oa Univesithi ea Michigan, U.S.A., oa lumela: “Bohlale ba rōna ha bo lekane le ba litlhapi hajoale.”
U nahana’ng ka see? Na tsela eo tlhapi ea salmon e sebelisang matla a metsing a loebehlanang ka eona e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho bonahala sena se fana ka tšepo, kaha linōka tse ngata tsa lefatše li phalla ka lebelo le ka tlaase ho lik’hilomithara tse ka bang 5,6 ka hora.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]
Top: © photolibrary. All rights reserved.