Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 1/8 leq. 3
  • Lefatše la Rōna le Sohlokehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše la Rōna le Sohlokehileng
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela e Hlollang eo Tlhapi ea Salmon e Sesang ka Eona
    Tsoha!—2010
  • Maindia a Brazil—Na a Kotsing ea ho Fela?
    Tsoha!—2007
  • Moo Lintsu li Fofelang Teng Bakeng sa Tinare ea Tlhapi
    Tsoha!—1995
  • Matlotlo a Ntseng a Fokotseha a Lefatše
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 1/8 leq. 3

Lefatše la Rōna le Sohlokehileng

KA 1805, Meriwether Lewis le William Clark bao e leng bafuputsi ba tsebahalang ba ile ba fihla Nōkeng ea Columbia e sebakeng seo kajeno se tsejoang e le Washington State, se U.S.A.a Ntho e ileng ea hapa tlhokomelo ea bona e ne e se nōka ka boeona, ho e-na le hoo, e ne e le boieane ba litlhapi tsa salmon tse ho eona. Bukeng ea bona ea litlaleho, ba ile ba ngola: “Ho thata ho hlalosa kamoo litlhapi tsena li leng ngata kateng. Li nyeunya ka bongata nōkeng e phallang ’me li hoholehela lebōpong hoo sohle seo Maindia a lokelang ho se etsa feela e leng ho li bokella, ho li bua le ho li aneha mapolankeng.” Ka sebele, litlhapi tsa salmon li ne li le ngata hoo Maindia a neng a li omisa ebe a besa mollo ka tsona!

Kajeno lintho ha li tšoane ka ho feletseng. Tlaleho ea Newsweek e re: “Ke lilemo tse fetang leshome, litsebi tsa saense li ’nile tsa tseba hore litlhapi li tšoasoa ka bongata maoatleng le pele li ka ikatisa.” Ka mohlala, ho hakanngoa hore Atlantic Leboea, karolo ea 90 lekholong ea li-salmon tse hlaha ha e sa le eo.

Empa hase litlhapi feela tseo palo ea tsona e ntseng e fokotseha. Lihlahisoa tsa tlhaho, tse kang libeso, lirafshoa le lihlahisoa tsa meru, li sebelisoa ka sekhahla se tšabehang. Letlōle la Lefatše la Liphoofolo Tse Hlaha le tlaleha hore karolo ea 30 lekholong ea lihlahisoa tsa tlhaho tsa lefatše e ile ea fela bohareng ba 1970 le 1995. Hangata ho rafa lihlahisoa tsa lefatše ho na le phello e mpe le e ntle, hobane hangata mekhoa e sebelisoang e senya tikoloho ea tlhaho.

Batho ba bang ba re kaha motho ke eena ea bakileng mathata ana, a ka a rarolla. Ho qotsa mohlala o le mong, lilemong tsa morao tjena, tšilafalo ea moea e fokotsehile metseng e mengata e meholo e tsoetseng pele liindastering. Na tšeponyana e joalo e bontša hore batho ba na le taolo ho se etsahalang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lewis le Clark ba ne ba rometsoe ho ea hlahloba le ho etsa ’mapa oa sebaka se neng se sa tsoa rekoa se ka bophirimela ho Nōka ea Mississippi.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

© Kevin Schafer/CORBIS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela