Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/12 maq. 12-14
  • Leeto la ho Bona Likorilla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Leeto la ho Bona Likorilla
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Gabon—Setšabelo sa Liphoofolo le Limela Tsa Naha
    Tsoha!—2008
  • Ha Lelinyane la Korilla le Lla
    Tsoha!—2008
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2012
  • Melemo ea Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 10/12 maq. 12-14

Leeto la ho Bona Likorilla

HARE-HARE merung e metalana ea equator, Central African Republic, ho na le letlotlo leo batho ba bangata ba e-s’o le bone le ka mohla. Re ile ra mamella leeto la koloi la lihora tse 12 litselaneng tse mpe e le hore re e’o fihla sebakeng se hloekileng sa polokelo ea liphoofolo tse hlaha sa Dzanga-Ndoki National Park, se karolong e ka leboea-bophirimela pakeng tsa Cameroon le Republic of the Congo. Sepheo sa rōna e ne e le ho ea bona korilla e bitsoang Makumba e phelang karolong e ka bophirimela le tse ling tsa mofuta oa eona.

Motho ea neng a re bontša sebaka, o ile a re bolella hore re se ke ra arohana le hore re ele hloko litlou, kaha re tla be re tsamaea moo li fulang teng kamehla. Empa re ne re sa lokela ho tšoenyeha ka litlou feela. O ile a boela a re lemosa a re: “Ha korilla e batla ho le hlasela, le eme le sa sisinyehe ʼme le shebe fatše. E ke ke ea le lematsa, e tla tlatsa lerata feela. Le se ke la teanya mahlo le eona. Ha e le hantle, ke fumane hore hoa thusa ha ke tutubala.”

Rōna le motho ea re bontšang sebaka, re ne re etelletsoe pele ke setsebi sa mehlala ea liphoofolo sa MobaAka, e leng batho ba nkoang e le Mapygmy ka lebaka la sebōpeho sa ’mele ea bona le bokhutšoanyane ba bona. Setsebi sena se nang le bokhoni, seo e leng letsoalloa la sebakeng sena, se ka fumana liphoofolo tse tsebang ho ipata ka ho li bona moo batho ba ke keng ba li fumana habonolo, ka molumo oa tsona le monko. Re ile ra bokaneloa ke linotši tse neng li bobola ka tsela e tenang. Re ne re thatafalloa ho sala setsebi seo morao ha se ntse se itsamaela habonolo feela har’a mofero o teteaneng.

Ka mor’a nakoana, setsebi sena se ile sa re tsamaisa morung o teteaneng oo batho ba seng ba kae ba linaha tsa Bophirimela, ba kileng ba tsamaea ho oona. Eaba se ema re sa lebella ʼme sa re supisa sebaka se seholo se neng se le haufi le moo re neng re le teng. Moo, re ile ra bona lihlahla tse hataketsoeng le joang bo robetseng moo malinyane a likorilla a neng a ntse a bapala teng, hape ra bona makala a fohlehileng a bontšang hore likorilla li qeta ho ja lijo tsa hoseng. Tabatabelo ea rōna e ile ea phahama le ho feta ha re ntse re e-ea pele.

Ka mor’a ho tsamaea sebaka se ka etsang lik’hilomithara tse tharo, setsebi sena se ile sa fokotsa lebelo. E le hore se se ke sa tšosa likorilla, se ile sa etsa molumo ka leleme. Haufi le moo, ra utloa molumo o tlaase oa ho rora le makala a robehang. Motho ea re bontšang sebaka o ile a re hoehla butle. A beha monoana molomong, ho re bolella hore re thōle tu! O ile a re re nanye ’me a supa ka har’a lifate. Re ile ra bona Makumba, e le bohōle ba limithara tse ka bang robeli.

Ho ne ho se ho khutsitse morung ona o neng o tletse molumo ʼme re ne re utloa feela ho otla ha lipelo tsa rōna. Ho feta moo, potso eo re neng re ipotsa eona ke hore, Na Makumba e tla re hlasela? Makumba e ile ea retelehela ka ho rōna ka sefahleho sa eona se benyang joaloka letlalo, ea re nyemotsa feela, ʼme ea re amohela ka ho elimola. Kaha re ne re tšohile, ha ho pelaelo hore ho ile ha re kokololo! ha re bona e elimola feela.

Le hoja ka SeAka lebitso Makumba le bolela “Lebelo,” ha re ntse re shebeletse Makumba, ha ho letho leo e ileng ea le etsa haese ho itjella lijo tsa hoseng e khatholohile. Haufi le moo, likorilla tse peli tse nyenyane li ne li kampana li bile li tsikinyetsana. Sopo, e leng korilla e mahlo a maholo e likhoeli li leshome, e ne e bapala le ’m’a eona, Mopambi, ea neng a e hulela morao ka bonolo neng le neng ha e batla ho ea hōle. Likorilla tse ling li ne li ja makhasi le bokahare ba makala kapa li bapala ka lihlopha, li re nyemotsa feela ebe li tsoela pele ho bapala.

Nako ea rōna e ile ea fela ka mor’a hora. Ho ne ho bonahala Makumba le eona e khathetse ke rōna, ʼme e ile ea rora hang, ea phahama eaba e kenella hare morung. Sehlopha seo sohle sa likorilla se ile sa nyamela ka ho panya ha leihlo. Le hoja re ile ra ba le libōpuoa tsena tse hlollang ka nakoana feela, re tla hopola ketsahalo ena ka lilemo tse ngata.

BOPHELO BA LIKORILLA

Motho ea re bontšang sebaka o ile a re hlalosetsa hore le hoja ’mele ea likorilla e le boholo bo tšosang, li phela ka ho ja limela tse nyenyane. Li boetse li ja likokoanyana le litholoana tse bang teng ka linako tse itseng ʼme li ka tsamaea lik’hilomithara tse ka bang ’nè ka letsatsi li batla lijo. Likorilla tsena li ka robala fatše kapa tsa haha lirobe lifateng. Poho e khōlō e bitsoa silverback, hobane boea ba mokokotlo oa eona bo ba thōkoa ha e tsofala. Hangata poho ena e robala fatše e le hore e sireletse lelapa la eona.

E le hore likorilla li tloaele batho, litsebi tsa mehlala ea liphoofolo li li etela letsatsi le leng le le leng bonyane ka lilemo tse hlano. Joale, likorilla tse seng li tloaetse batho, li ka eteloa ke bahahlauli, ʼme chelete eo ba e lefang ha ba kena sebakeng sa polokelo ea liphoofolo, e lefella litšenyehelo tsa liphuputso le paballo ea mefuta ena ea liphoofolo e kotsing ea ho fela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela