Tsela ea ho Utloisisa Bibele
“U tseba joang hore tsela eo u hlalosang Bibele ka eona e nepahetse? Bibele e ka hlalosoa ka litsela tse ngata!”
Na u kile ua utloa batho ba bua joalo? Empa na u ne u tseba hore u ka khona ho hlahloba Bibele ’me ea itlhalosa? Sena se etsahala tjena: Haeba litemana tse potolohileng taba li sa hlakise moelelo oa polelo e itseng, bapisa polelo eo le litemana tse ling ka Bibeleng tse buang ka taba eona eo. Ka tsela ena, re lumella Bibele hore e be eona e re tataisang, eseng hore re tataisoe ke maikutlo a rōna.
Ka mohlala, nahana ka seo Bibele e se rutang ka boemo ba bafu. Ka tlaase mona ho na le lipolelo tse tšeletseng tse nkiloeng likarolong tse sa tšoaneng tsa Bibele. Hlokomela kamoo li lumellanang kateng.
‘Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nģalong e khutsitseng.’—Pesaleme ea 115:17.a
“Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho! Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.”—Pesaleme ea 146:3, 4.
“Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”—Moeklesia 9:5.
“Nģalo ea bafu e ke ke ea u boka, lefu le ke ke la u rorisa . . . ba phelang, ba phelang, ke bona ba u bokang, joalo ka ha ke etsa kajeno.”—Esaia 38:18, 19.
“Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4.
Mabapi le motsoalle oa hae Lazaro ea neng a sa tsoa shoa, Jesu Kreste o ile a re: “Lasaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong. Barutuoa ba hae ba re ho eena: Morena, ha a robetse, o tla fola. . . . Joale, Jesu a ba bolella phatlalatsa, a re: Lasaro o shoele.”—Johanne 11:11-14.
Na u bona kamoo litemana tsee li lumellanang kateng? Ha ho pelaelo hore ho fapana le litumelo tse tloaelehileng, Bibele e ruta hore bafu ba hlile ba shoele. Ha ba phele leholimong kapa sebakeng leha e le sefe, ha e le hantle, ba robetse boroko bo tebileng, ha ba utloe letho. Kahoo, ba ke ke ba rorisa Molimo ebile ba ke ke ba nahana.b
Taba ea bohlokoa ke hore: Ha re ithuta Bibele ka ho hlahloba sehlooho se le seng ka nako, lithuto tsa eona lia hlaka. Ha e le hantle, mokhoa ona o sebelisoang ke Lipaki Tsa Jehova, o hloka boiteko. (Liproverbia 2:1-5) Empa ho joalo le ka lintho tse ngata tseo e leng tsa bohlokoa e le kannete.
a Litemana tsa Bibele li nkiloe Bibeleng ea Sesotho.
b Bibele e ruta hore nakong e tlang, bafu ba khopolong ea Molimo ba tla ‘tsosoa,’ kapa ba khutlisetsoe bophelong, ka nako e behiloeng ke Molimo.—Sheba Jobo 14:14, 15; Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.