PONO EA BIBELE
Bofelo Ba Lefatše
1 Johanne 2:17 e re: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona.” “Lefatše” leo ke eng? Le tla feta neng hona le tla feta joang?
Ke “lefatše” lefe le tla feta?
SEO BIBELE E SE BUANG
Kaha lefatše leo ho buuoang ka lōna mona le na le ‘litakatso’ tse sa khahliseng Molimo, ho hlakile hore ha se lefatše la sebele. Ho e-na le hoo, ke lefatše la batho ba sa mameleng Molimo, ba iketsang lira tsa hae. (Jakobo 4:4) Bibele e re batho bao “ba tla feta kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng.” (2 Bathesalonika 1:7-9) Ka lehlakoreng le leng, batho ba mamelang Jesu Kreste ka hore ba ipoloke e se “karolo ea lefatše” ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Johanne 15:19.
1 Johanne 2:17 e qetella ka ho re: “Ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” Ka sebele, motho ea joalo o na le tšepo ea bophelo bo sa feleng mona lefatšeng, joalokaha Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”
“Le se ke la rata lefatše kapa lintho tse lefatšeng. Haeba leha e le mang a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.”—1 Johanne 2:15.
Lefatše le tla fela joang?
SEO BIBELE E SE BUANG
Bofelo ba lefatše bo tla tla ka mekhahlelo e ’meli. Oa pele, Molimo o tla timetsa bolumeli ba bohata, boo hape bo tšoantšoang le seotsoa e leng “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 17:1-5; 18:8) Le hoja se bontša eka se tšepahala ho Molimo, se boetse se entse setsoalle le baeta-pele ba lipolotiki. Leha ho le joalo, baeta-pele bao ba tla se fetohela. ‘Ba tla hloea seotsoa ’me ba tla se ripitla le ho se hlobolisa, ba tla ja linama tsa sona ’me ba tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.’—Tšenolo 17:16.
Oa bobeli, Molimo o tla timetsa baeta-pele bao ba lipolotiki e leng “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona.” Ba tla timetsoa hammoho le batho bohle ba khopo, “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,” e bitsoang “Har–Magedone.”—Tšenolo 16:14, 16.
“Le batle Jehova, lōna bohle ba bonolo ba lefatše, ba sebelisitseng qeto ea Hae ea boahloli. Batlang ho loka, le batle bonolo. Mohlomong le ka patoa letsatsing la bohale ba Jehova.”—Sofonia 2:3.
Lefatše le tla fela neng?
SEO BIBELE E SE BUANG
Bofelo bo tla tla ha batho bohle ba se ba boleletsoe ka ’Muso oa Molimo, e leng puso e tla nkela puso ea batho sebaka. (Daniele 7:13, 14) Jesu Kreste o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Mosebetsi ona oa ho bolela o bontša toka ea Molimo le mohau oa hae, kaha ke e ’ngoe ea ‘lipontšo’ tsa hore bofelo bo atametse. Lipontšo tseo li akarelletsa lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, litlala le mafu a seoa.—Matheu 24:3; Luka 21:10, 11.
Bibele ha ea bua feela ka liketsahalo tsa lefatše empa e ile ea boela ea bua ka hore na “matsatsing a ho qetela” batho e ne e tla ba ba mofuta ofe. Bibele e re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba sa mameleng batsoali, . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, . . . ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”a—2 Timothea 3:1-5.
Haufinyane lefatše lena le khopo ‘le tla feta.’—1 Johanne 2:17
Liketsahalo tseo li ile tsa qala ho etsahala ka sekhahla ho tloha ka 1914 nakong ea Ntoa ea Pele ea Lefatše. Ho feta moo, ho tloha ka selemo seo, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa bolela ka ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle ’me haesale li tsebahala ka ho etsa mosebetsi oo oa ho bolela. Ha e le hantle, makasine ea bona e ka sehloohong e bitsoa Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.
“Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—Matheu 25:13.
a Bakeng sa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 9 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E boetse e fumaneha ho www.jw.org/st.