Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 2 maq. 3-7
  • Na Bibele ke Buka Feela Tjee?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele ke Buka Feela Tjee?
  • Tsoha!—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e re Thusa Hore re Itšoare Hantle ’me re be le Kamano e Ntle le Molimo
  • Bibele ea Hlalosa Hore na ke Hobane’ng ha Batho ba Utloa Bohloko
  • Bibele e re fa Tšepo
  • Re ka Tšepa Seo Bibele e se Buang ka se Nepahetseng le se Fosahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2024
  • Bibele e Bua ka Eng?
    Tsoha!—2007
  • Lithuto Tsa ’Nete Tse Khahlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Bibele le Saense Lia Lumellana?
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 2 maq. 3-7
Motho ea balang Bibele

SEHLOOHO SE KA NTLE

Na Bibele ke Buka Feela Tjee?

Bibele e ngotsoe lilemong tse ka bang likete tse peli tse fetileng. Ho tloha ka nako eo, ho ’nile ha ngoloa libuka tse ling empa hona joale ha li sa fumaneha. Leha ho le joalo, Bibele e ntse e le teng le kajeno. Nahana ka mehlala e latelang.

  • Le hoja batho ba hlaheletseng ba ’nile ba leka ho felisa Bibele, e ntse e le teng. Ho etsa mohlala, buka e ’ngoe e re ka selemo sa 401 ho ea ho 1500 linaheng tse ling tsa Bokreste, “ho ne ho nkoa e le bokhelohi ho ba le Bibele le ho e bala ka puo ea habo motho.” Batho ba neng ba fetolella Bibele lipuong tse tloaelehileng hammoho le ba neng ba khothalletsa batho hore ba ithute Bibele, ba ne beha bophelo ba bona kotsing. Ba bang ba ile ba bolaoa.

  • Le hoja batho ba sa rateng Bibele ba ne ba le bangata, Bibele e ntse e le buka e ajoang ka bongata ho feta buka leha e le efe. Ho hatisitsoe Libibele tse ka bang libilione tse hlano ka lipuo tse fetang 2 800. Bibele e fapane le libuka tsa filosofi, saense le tse ling ka hore eona ha e felloe ke nako.

  • Bibele e thusitse lipuo tseo e fetoletsoeng ho tsona ka hore e boloke mantsoe a itseng le hore e li ntlafatse. Bibele ea Sejeremane e fetoletsoeng ke Martin Luther e ile ea ntlafatsa puo eo. Mohlomong phetolelo ea pele ea Bibele ea King James ke “buka e bileng le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea hatisoa” ka Senyesemane.

  • Bibele e “susumelitse tsela eo batho ba linaheng tsa mose ba phelang ka eona. Ha ea susumetsa bolumeli feela empa e susumelitse le botaki, lingoloa, molao, lipolotiki le tse ling tse ngata.”—The Oxford Encyclopedia of the Books of the Bible.

Ena ke mehlala e seng mekae feela ea lintho tse etsang hore Bibele e fapane le libuka tse ling. Empa ke hobane’ng ha Bibele e tsebahala hakaale? Ke hobane’ng ha batho ba ile ba beha bophelo ba bona kotsing ka lebaka la eona? A mang a mabaka ao ke ana: Bibele e ruta batho tsela eo ba lokelang ho phela ka eona le hore ba be le kamano e ntle le Molimo. Bibele e re thusa hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko ba bile ba loantšana. Hape e re tšepisa hore mathata ao a tla fela ’me ea re bolella hore na a tla fela joang.

LINTLHA TSE THAHASELLISANG

Bibele e phetliloeng

Bibele e na le mangolo a 66. Buka ena e halalelang e nkile lilemo tse ka bang 1 600 hore e ngoloe.

Bibele e ngotsoe ke batho ba ka bang 40. Ba bang ba bona e ne e le lihoai, batšoasi ba litlhapi, baahloli, marena le libini.

Bibele e ruta haholo ka ’Muso oa Molimo, e leng ’muso o tla busa lefatše o le leholimong. (Daniele 2:44; 7:13, 14) Kaha lefatše le tla ba tlas’a puso ea ’Mōpi e leng Jehova Molimo, ’Muso oa hae o tla felisa bokhopo, ho utloa bohloko le lefu.—1 Bakorinthe 15:24-26.

Bibele e re Thusa Hore re Itšoare Hantle ’me re be le Kamano e Ntle le Molimo

Thuto ke ntho ea bohlokoa. Koranta e ’ngoe ea naheng ea Canada e re le hoja motho a ka ba le “mangolo a itseng a thuto, . . . a ke ke a mo thusa hore a etse liqeto tse nepahetseng.” Mokhatlo o sebetsanang le likamano tsa batho o bitsoang Edelman o re taba ena ke ’nete hobane batho ba bangata ba rutehileng ba akarelletsang baokameli ba likhoebo le bo-ralipolotiki baa qhekella, ba na le bobolu ebile baa utsoa ’me sena se etsa hore batho ba se ke ba ba tšepa.

Bibele e bua haholo ka hore na re lokela ho phela joang le hore na re lokela ho etsa’ng e le hore re be le kamano e ntle le Molimo. E re thusa hore re ‘utloisise ho loka le kahlolo le bokhabane.’ (Liproverbia 2:9) Ho etsa mohlala, mohlankana e mong ea lilemo li 23 eo re tla mo bitsa Stephen, o ne a le teronkong naheng ea Poland. Ha a ntse a le moo, o ile a qala ho ithuta Bibele eaba o mamela keletso ea eona. O ile a ngola a re: “Joale kea bona hore na Bibele e bolela’ng ha e re ‘hlompha ntat’ao le ’m’ao.’ Hape ke ithutile ho laola maikutlo a ka, haholo-holo ho laola bohale.”—Baefese 4:31; 6:2.

Stephen o ile a mamela mantsoe a hlahang ho Liproverbia 19:11 a reng: “Temohisiso ea motho e liehisa bohale ba hae, ’me ho hlokomoloha tlōlo ke botle ho eena.” Hona joale ha Stephen a lekeha hore a halefe, o leka ho khoba matšoafo ebe o sebelisa keletso ea Bibele. O re: “Ke ithutile hore Bibele ke buka e molemo ka ho fetisisa e fanang ka tataiso.”

Maria ke Paki ea Jehova. Mosali e mong ea nang le khethollo o ile a mo rohaka a mo tlatselitse lerata. Ho e-na le hore Maria a mo tlatsetse lerata, o ile a itsamaela. Mosali eo o ile a ikoahlaela seo a se entseng eaba o batlana le Lipaki. Hoo e ka bang khoeli hamorao, o ile kopana le Maria hape eaba oa mo haka a ba a kōpa tšoarelo. Hape o ile a hlokomela hore Maria ha aa ka a mo rohaka hobane ke Paki ea Jehova. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo? Mosali eo le ba lelapa la hae ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova.

Jesu Kreste o ile a re motho ea bohlale o bonoa ka liketso. (Luka 7:35) Kahoo, ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore likeletso tsa Bibele lia sebetsa. Li etsa hore re be batho ba molemo. Li ‘hlalefisa ea se nang phihlelo,’ li ‘thabisa pelo’ hape li thusa motho hore a itšoare hantle ’me a be le kamano e ntle le Molimo.—Pesaleme ea 19:7, 8.

Bibele ea Hlalosa Hore na ke Hobane’ng ha Batho ba Utloa Bohloko

Ha bafuputsi ba leka ho ithuta ka lefu le itseng la seoa, ba leka ho fumana hore na le bakiloe ke eng. Re etsa ntho e tšoanang ha re batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko. Hape, Bibele e ka re thusa haholo hobane e bua ka lintho tse ileng tsa etsahala mehleng ea Adama le Eva, e leng nako eo mathata a qalileng ka eona.

Lengolo la Genese le re mathata a batho a qalile ha Adama le Eva ba khetha ho se mamele Molimo. Ba ile ba khetha hore ba iketsetse qeto ka se nepahetseng le se fosahetseng; ntho eo e leng Molimo feela ea nang le tokelo ea ho e etsa. (Genese 3:1-7) Ka masoabi, ho tloha ka nako eo, batho ha ba batle ho phela ka melao. Litla-morao e bile life? Ho e-na le hore batho ba thabe ’me ba be le tokoloho, baa loantšana, baa hatellana ebile ha ba lumellane tabeng ea melao ea boitšoaro le borapeli. (Moeklesia 8:9) Ke kahoo Bibele e reng: “Ha ho matleng a motho . . . hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Litaba tse monate ke hore haufinyane mathata a bakiloeng ke batho a tla fela.

Bibele e re fa Tšepo

Bibele e re kaha Molimo o rata batho ba mo mamelang, ha a na ho lumella hore lintho tse mpe li etsahale ho ea ho ile. Batho ba khopo “ba tla ja litholoana tsa tsela ea bona.” (Liproverbia 1:30, 31) Empa “ba bonolo ba tla rua lefatše. Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11.

Bibele e behiloeng pel’a kopi

‘Thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’—1 Timothea 2:3, 4

Molimo o tla phetha morero oa hae oa ho etsa hore lefatše le be le khotso. O tla etsa seo ka ’Muso oa hae. (Luka 4:43) ’Muso oo o tla busa lefatše lohle, ’me ka oona Molimo o tla bontša hore ke eena ea nang le tokelo ea ho busa batho. Jesu o ile a bontša hore ’Muso oo o tla busa lefatšeng ha a re: “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng.”—Matheu 6:10.

Bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla phetha thato ea Molimo. Ba tla mamela eena hobane ke ’Mōpi hape ke eena ea nang le tokelo ea ho busa batho. Molimo o tla felisa bobolu, meharo, bofutsana, khethollo ea ’mala le lintoa. Ho tla ba le ’muso o le mong le melao e tšoanang ea boitšoaro le borapeli lefatšeng lohle.—Tšenolo 11:15.

Re ka phela lefatšeng leo le lecha haeba re ithuta ka Molimo. 1 Timothea 2:3, 4 e re ‘thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’ Tsebo eo e akarelletsa lithuto tsa Bibele tseo re ka reng ke melao ea motheo ea ’Muso, e leng melao le melao-metheo eo ’Muso ona o tla busa ka eona. Mehlala ea eona e fumaneha Thutong ea Jesu Kreste ea Thabeng. (Matheu, khaolo ea 5-7) Ha u bala likhaolo tseo, leka ho iketsetsa setšoantšo sa hore na ho tla ba joang lefatšeng ha motho e mong le e mong a etsisa Jesu.

Ha ho makatse hore ebe Bibele e ajoa ho feta buka leha e le efe. Lithuto tsa eona li bululetsoe ke Molimo. Ho ajoa ha eona ho bontša hore Molimo o batla hore batho ba lipuo tsohle le merabe eohle ba ithute ka eena ’me ba rue melemo e tlisoang ke ’Muso oa hae.—Liketso 10:34, 35.

Linaleli

Bibele e re maholimo a laoloa ke melao ea tlhaho

BIBELE HA E LUMELLANE LE LITUMELA-KHOELA

Buka e ’ngoe e buang ka saense le bolumeli e re mehleng ea khale, batho ba ne ba lumela hore “bokahohle bo laoloa ke melimo e iketsetsang lintho ka hlooho e ntšo.” Leha ho le joalo, Bibele e re bokahohle bo laoloa ke melao ea tlhaho. Ho etsa mohlala, hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Bibele e ile ea bua ka ‘litaelo tse hlomamisitsoeng tsa maholimo le lefatše.’ (Jobo 38:33) Lengolo la Jeremia 31:35 le bua ka “litaelo tse hlomamisitsoeng tsa khoeli le linaleli.” Batho ba ileng ba mamela mantsoe ao, ba ile ba itšireletsa hore ba se ke ba thetsoa ke bolumeli ba bohata le litumela-khoela.—Jobo 31:26-28; Esaia 47:1, 13.

BIBELE E RUTA ’NETE

Ntho e ntle ka ho fetisisa ka bangoli ba Bibele ke hore ba ne ba tšepahala hobane ba ne ba tlaleha esita le liphoso tsa bona. Ho etsa mohlala, ka mor’a hore Morena Davida a etse bofebe le Bathe-sheba, o ile a bua pepenene a re: “Ke entse se sebe mahlong a hao [Molimo].” (Pesaleme ea 51:4) Moapostola Johanne o ile a lumela hore ka makhetlo a mabeli o ile a leka ho rapela lengeloi. Lengeloi leo le ile la re: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo!  . . Rapela Molimo.” (Tšenolo 19:10; 22:8, 9) Botšepehi bo joalo bo tloaelehile har’a bangoli ba Bibele empa bangoli ba mehleng ea khale ba ne ba sa tšepahale.

BIBELE E KHOTHALLETSA BOPHELO BO BOTLE

Bibele e re khothalletsa hore re be le makhabane a ka re thusang hore re lule re thabile, e leng makhabane a kang ho utloela batho bohloko le ho tšoarela. Baefese 4:32 e re: “Le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi.”

Buka e ’ngoe ea bophelo bo botle e re “haeba u sa itloaetse ho tšoarela batho, ke uena ea tla utloa bohloko.” Buka eo e re ho tšoarela ho ka etsa hore “batho ba ratane haholoanyane; ba be le kamano e ntle le Molimo ’me ba be le bophelo bo botle; ho fokotsa ho tšoenyeha, ho imeloa kelellong le lehloeo; ho theola khatello ea mali; hape motho a ke ke a sebelisa joala hampe kapa a sebelisa lithethefatsi.”

BIBELE E ARABA LIPOTSO TSA BOHLOKOA

Lesea le e-s’o hlahe

Lesea le e-s’o hlahe

Saense e na le likarabo tsa lipotso tse ngata. Leha ho le joalo, e na le meeli. Buka e ’ngoe e buang ka saense e re: “Bo-rasaense ba bangata, lingaka le bo-rafilosofi baa lumela hore saense e ke ke ea araba lipotso tse amanang le boitšoaro kapa bolumeli.”

  • SAENSE E KA re thusa ho utloisisa melao ea bokahohle empa e ke ke ea re bolella hore na ke hobane’ng ha bokahohle bo bile teng kapa hore na ke hobane’ng ha bokahohle bo laoloa ke melao.

  • SAENSE E KA re hlalosetsa hore na litho tsa ’mele ho akarelletsa tsa botona le botšehali li sebetsa joang, empa e ke ke ea re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng ka thobalano.

  • SAENSE E KA re hlalosetsa hore na lesea le ka pōpelong le hōla joang empa e ke ke ea re thusa hore re etse liqeto tse nepahetseng ka ho ntšoa ha limpa.

Bibele e bua ka lintlha tsena ’me e arabela lipotso tsa bohlokoa tseo batho ba ipotsang tsona. Ka tsela ena e re thusa ho “utloisisa ho loka le kahlolo le bokhabane, tsela eohle ea se molemo.”—Liproverbia 2:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela