Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 maq. 22-23
  • Na Bibele le Saense Lia Lumellana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bibele le Saense Lia Lumellana?
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moo Saense e Haelloang Teng
  • Bibele e li Boletse Pele ho Saense
  • Saense e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
  • Pōpo
    Tsoha!—2014
  • ’Mōpi a ka Etsa Hore Bophelo ba Hau bo be le Morero
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 2/11 maq. 22-23

Pono ea Bibele

Na Bibele le Saense Lia Lumellana?

“Ntho e nkhahlisang le e nthabisang ha ke ntse ke etsa lipatlisiso tsa saense e ba ha ka linako tse ling ke sibolla ntho e ncha ebe ke ipolella hore, ‘Ke kamoo Molimo a e entseng kateng!’”—HENRY SCHAEFER, MOPROFESA OA K’HEMISTRI.

SAENSE e re thusa haholo ho utloisisa pōpo, e senola tlhophiso ea eona, ho nepahala le ho rarahana ha eona, e leng seo ha batho ba bangata ba se bona, se ba bontšang hore Molimo o na le bohlale le matla a ke keng a lekanngoa. Ho ea ka maikutlo a bona, saense ha e senole feela boitsebiso ka pōpo empa e boetse e senola le tsela eo Molimo a nahanang ka eona.

Bibele e tšehetsa maikutlo ao haholo. Baroma 1:20 e re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng.” Ka ho tšoanang, Pesaleme ea 19:1, 2 e re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae. Letsatsi le leng ka mor’a le leng le etsa hore puo e khaphatsehe, bosiu bo bong ka mor’a bo bong bo bonahatsa tsebo.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na pōpo e hlolla hakae, e senola litšobotsi tse itseng feela tsa ’Mōpi oa rōna.

Moo Saense e Haelloang Teng

Linnete tse ngata mabapi le Molimo li ke ke tsa fihleloa ka saense. Ka mohlala, rasaense a ka khona ho hlalosa molek’hule e ’ngoe le e ’ngoe e kukung ea chokolete, empa na tlhahlobo ea hae e ka senola hore na ke hobane’ng ha kuku eo e entsoe le hore e etselitsoe mang? Hore a fumane likarabo tsa lipotso tse kang tseo—e leng tseo batho ba bangata ba nkang hore ke tsa bohlokoa—ho hlokahala hore a botse motho ea bakileng kuku eo.

Ka ho tšoanang, Erwin Schrödinger, e leng setsebi sa fisiks sa Austria se bileng se hapileng khau ea Nobel, o ngotse hore saense “e fana ka boitsebiso bo nepahetseng, empa ha e senole letho ka lintho . . . tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa ho rōna.” O re lintho tsena li akarelletsa “Molimo le bosafeleng.” Ka mohlala, ke Molimo feela ea ka arabelang lipotso tse kang tsena tse latelang: Ke hobane’ng ha ho e-na le bokahohle? Ke hobane’ng ha polanete ea rōna e e-na le lintho tse ngata tse phelang, ho akarelletsa le libōpuoa tse bohlale? Haeba kannete Molimo o matla ’ohle, ke hobane’ng ha a lumella bobe le mahlomola? Na ho na le tšepo ea hore bafu ba ka boela ba phela?

Na Molimo o arabetse lipotso tsee? E, Bibele ea li araba. (2 Timothea 3:16) U ka ’na ua ipotsa, ‘Empa nka kholiseha joang hore ka sebele Bibele e tsoa ho Molimo?’ Ho ea ka saense, seo Bibele e se buang ka lintho tse bōpiloeng tse re pota-potileng se lokela ho lumellana le ’nete ea saense, kaha Molimo ha a ikhanyetse. Na Bibele e lumellana le saense? Hlokomela mehlala e seng mekae.

Bibele e li Boletse Pele ho Saense

Ha ho ne ho ngoloa Bibele, batho ba bangata ba ne ba lumela hore melimo e fapa-fapaneng e ne e lula mona lefatšeng le hore letsatsi, khoeli, boemo ba leholimo, tsoalo le lintho tse ling li ne li laoloa ke melimo eo, eseng melao ea tlhaho. Empa baprofeta ba Molimo ba Baheberu ba ne ba sa lumele seo. Ho hlakile hore ba ne ba tseba hore Jehova Molimo o ne a ka khona hore ka ho toba a laole pōpo ’me ke seo a ileng a se etsa liketsahalong tse itseng tse ikhethang. (Joshua 10:12-14; 2 Marena 20:9-11) Leha ho le joalo, John Lennox, e leng moprofesa oa lipalo Univesithing ea Oxford, Engelane, o ile a bolela hore baprofeta bao “ho ne ho sa hlokahale hore ba khaotse ho lumela hore melimo eo e ne e laola bokahohle . . . , kaha ho ne ho se mohla ba kileng ba lumela ho melimo eo. Se neng se ba thusitse hore ba se ke ba lumela tumela-khoela eo ke hobane ba ne ba lumela ho Molimo a le Mong Feela oa ’Nete, ’Mōpi oa leholimo le lefatše.”

Tumelo ea bona e ile ea ba sireletsa joang tumela-khoeleng eo? Taba ke hore Molimo o ile a ba senolela hore o laola bokahohle ka litaelo tse hlomamisitsoeng. Ka mohlala, lilemo tse fetang 3 500 tse fetileng, Jehova Molimo o ile a botsa mohlanka oa hae Jobo, a re: “Na u tseba litaelo tse hlomamisitsoeng tsa maholimo?” (Jobo 38:33) Lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., moprofeta Jeremia o ile a ngola ka “litaelo tse hlomamisitsoeng tsa leholimo le lefatše.”—Jeremia 33:25.

Kahoo, batho bohle ba neng ba phela mehleng ea boholo-holo ’me ba e-na le tumelo linthong tse neng li ngotsoe ke baprofeta ba Bibele, ba ne ba tseba hore bokahohle bo ne bo sa laoloe ke melimo e feto-fetohang ea tšōmong, empa bo ne bo laoloa ke melao e bohlale. Ka lebaka leo, batho bao ba tšabang Molimo ba ne ba sa khumamele lintho tseo Molimo a li bōpileng, tse kang letsatsi, khoeli le linaleli, ebile ba ne ba sa susumetsoe ke tumela-khoela mabapi le tsona. (Deuteronoma 4:15-19) Ho e-na le hoo, ba ne ba hlokomela hore ba lokela ho ithuta ka mesebetsi ea Molimo e senolang bohlale ba hae, matla a hae le litšobotsi tse ling tsa hae.—Pesaleme ea 8:3-9; Liproverbia 3:19, 20.

Ho lumellana le maikutlo a bo-rasaense ba bangata kajeno, Baheberu ba boholo-holo le bona ba ne ba lumela hore bokahohle bo bile le qalo. Genese 1:1 e re: “Tšimolohong Molimo o ile a bōpa maholimo le lefatše.” Ho phaella moo, lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, Molimo o ile a senolela mohlanka oa hae Jobo hore lefatše le ‘leketlile holim’a lefeela,’ kapa le leketlile sebakeng. (Jobo 26:7) Ntlha ea ho qetella ke hore lilemong tse fetang 2 500 tse fetileng, moprofeta Esaia o ile a ngola hore lefatše le selikalikoe kapa le chitja.—Esaia 40:22.a

Ka sebele, Bibele e lumellana le linnete tsa saense mabapi le pōpo. Ha e le hantle, Bibele le saense lia lumellana ebile li tlatsana ka bokhabane. Ho hlokomoloha e ’ngoe ea lithuto tsena ke ho koala monyako o isang tsebong ea Molimo.—Pesaleme ea 119:105; Esaia 40:26.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho fumana tlhaloso e batsi ka boteng ba Molimo le ho nepahala ha Bibele, ka kōpo bala bukana ea Na Lintho Tse Phelang li Bōpiloe? le buka ea Is There a Creator Who Cares About You? tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

NA U KILE UA IPOTSA?

● Pōpo e re bolella eng ka Molimo?—Baroma 1:20.

● Ke linnete life mabapi le Molimo tse ke keng tsa fihleloa ka saense?—2 Timothea 3:16.

● Ke hobane’ng ha baprofeta ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba sa susumetsoe ke tumela-khoela e mabapi le pōpo?—Jeremia 33:25.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Bokahohle bo laoloa ke melao e nepahetseng—“litaelo tse hlomamisitsoeng tsa leholimo le lefatše.”—Jeremia 33:25

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela