Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 4 leq. 6
  • 3 U se ke ua Tela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 3 U se ke ua Tela
  • Tsoha!—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khona ho Finyella Lintho Tseo u Rerileng ho li Etsetsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Ho Thibela ho Khutlela Mekhoeng e Mebe
    Tsoha!—1991
  • Lumella Tloaelo Hore e U Tsoele Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • U ka Itloaetsa ho Etsa Lintho Tse Molemo Joang?
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 4 leq. 6
Mosali o tšoaea k’halendara

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA ITLOAETSA HO ETSA LINTHO TSE MOLEMO JOANG?

3 U se ke ua Tela

K’halendara e tšoailoeng

Batho ba bangata ba re ’mele oa motho o tloaela ho etsa ntho e itseng ka mor’a matsatsi a 21. Empa lipatlisiso li re batho ba bang ba nka nako e khutšoanyane ho feta moo ha ba bang ba nka e telele. Na see sea u nyahamisa?

Nahana ka mohlala o latelang: A re re u batla ho lula u ikoetlisa hararo ka beke.

  • Bekeng ea pele, ua ikoetlisa.

  • Bekeng ea bobeli, u khona ho ikoetlisa ka matsatsi a mabeli feela.

  • Bekeng ea boraro, u ikoetlisa ka matsatsi a mararo hape.

  • Bekeng ea bone, u sitoa le ho ikoetlisa hanngoe feela.

  • Bekeng ea bohlano, u ikoetlisa ka matsatsi a mararo ’me ho tloha bekeng eo u khona ho ikoetlisa beke e ’ngoe le e ’ngoe.

U nkile libeke tse hlano hore u tloaele ho ikoetlisa. Le hoja ho ka bonahala u nkile nako e telele, u tla thaba ha u hlokomela hore u entse ntho e molemo.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Ea lokileng a ka ’na a oa esita le ka makhetlo a supileng, ’me ka sebele o tla ema.”—Liproverbia 24:16.

Bibele e re khothalletsa hore re se ke ra tela. Ntlha ea bohlokoa ke hore u tsoele pele ho etsa lintho tse molemo ho sa tsotellehe hore na u hlōleha ka makhetlo a mangata hakae.

Ntlha ea bohlokoa ke hore u tsoele pele ho etsa lintho tse molemo ho sa tsotellehe hore na u hlōleha ka makhetlo a mangata hakae

SEO U KA SE ETSANG

  • U se ke ua nahana hore ho thatafalloa ho etsa ntho e itseng ho bolela hore u ke ke ua khona ho e etsa. Ho ke ke ha e-ba bonolo ha u ntse u leka ho phetha merero ea hao.

  • Nahana ka lintho tse ntle tseo u ileng ua li etsa. Ho etsa mohlala, haeba u batla ho ntlafatsa tsela eo u buisanang le bana ba hao ka eona, u ka ’na ua ipotsa: ‘Ke neng ke neng ke batla ho halefela bana ba ka empa ka ithiba? Ke ile ka etsa’ng ho fapana le ho ba halefela? Nka etsa seo joang hape?’ Lipotso tseo li ka u thusa hore u bone katleho ea hao ho e-na le liphoso.

Na u ka rata ho tseba hore na melao-motheo ea Bibele e ka u thusa joang ha u tšoenyehile, ha u batla hore lelapa la hao le lule le thabile le ha u batla ho thaba e le kannete bophelong? Buisana le Lipaki Tsa Jehova kapa o kene websaeteng ea rōna ea jw.org/st.

MELAO-MOTHEO EA BIBELE

“Talimisisa ka ho toba ka pel’a hao.”—Liproverbia 4:25.

“Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng.”—Bafilipi 3:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela